Pela Tshweu Media news

Pela Tshweu Media news News room report for every incident or events or you can advertise what your selling

06/09/2025

Kekopa ho batlisoa khomo e tona etlo hlabuoa
sia price le h**e khomo e hokae
kea leboha🙏

06/09/2025

Molamo o rwaka ngwetsi masianokeng ore ke sefebe hape o qabantse ngwetsi le matsale
Ebile ngwetsi e ile habo yona Ha 'Mali
Bitsong la lijo ba buela lijo
ke eo taba

06/09/2025

Kekopa hobatlisa I'd tse peli tsenang Le cart ea capitac cart engotsoe Albert Dikgale I'd ke ea matseliso Dikgale Le mpho Rantho
Li lahlehile Tiping

06/09/2025

Ho kopuoa Motho mang kapa mang eo ekabang o those litokomane tsa mabitso a Jobo Masuoe le 'Maoamuhi Masuoe li tsamaea 'moho le karete ea banka e putsa ka 'mala kea standard bank ho kenyelletsa le chelete e kalo ka sekete le makholo a mabeli M1200
Li lahlehile lipakeng tsa Konkotia le thoteng ea Ha 'Mamafofo kakapo motho a jwalo a mpa haue hle🙏haholo holo litokomane tseo
Molimo o bokoe haholo retla leboha

06/09/2025

Admin ke kopa ho batlisoa khomo e tona e boemong baho hoabuoa motho a hlahe ka price le ebang ona le picture ea eona ampa ehlahise ketla kena inbox ea hae
kea leboha 🙏

05/09/2025

Oa hopola January o re obatla ho saver zaka for December, ona le bokae now ?🥺

05/09/2025

LEC rea kopa rea lla ka Pela-Ts'oeu ka mona motlakase o balahile
re batla hotlo shebella bolo ka 18:00
Likoena vs Bafana Bafana

05/09/2025

Big shout out to my new rising fans! Thokozile Molefe, Mokete Mokete, Alice Alice Khobai, Snowy Mosounyane, Malome Alex LS, Kampeng Motho Oaka Nokeng, Jub Jub, Semmy Richase, Ntshepuwa Molato Nthoko, Matummie Mafereka, Keitumetse Noko, Liboko Mphana, Thully Ke Nna, Dikhapha Moorosi, Mphoza Tjotjo, Ran Tsa Neh, Keneuwe Matsoejane, Ntt Jethema Mathebula, Sel Ika Lepekola, Zwane K Kenna, Mosa Precious

05/09/2025

Mohla otlo tseba h**e motho le hasa ruteha oa atleha bophelong ke mohla otla ithuta h**e le motho a sokolang oa hlomphua.😊🙏

Morning Forecast (05-09-2025)                   TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMOLeholimo le hlakile boholo ba libaka, ho pho...
05/09/2025

Morning Forecast (05-09-2025)

TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMO
Leholimo le hlakile boholo ba libaka, ho pholile ho isa ho eba mahareng, empa hoa bata libakeng tse ling ka maloting, hoseng hona. Moea o foka o le bobebe ho isa o eba mahareng ho hlaha leboea-bophirima. Ho ka lebelloa le koahele boholo ba libaka, ho be mahareng ho isa ho futhumala, ka moea o fokang o le bobebe ho isa o eba mahareng ho hlaha leboea-bophirima, ‘me o ka eba matla ka linako tse ling, ha letsatsi ntse le phahama. Ho na le monyetla (30%) oa p**a mona le mane e ka khemang le lialuma, le o fokolang haholo oa khonahalo ea ho khethea hoa lehloa libakeng tse phahameng ka maloting, haholo a ka leboea.

04/09/2025

Obatla authi enang le koloi marr Ntatao emohlotse ka 1980 Toyota ele R8

BA AHLOLOA SEKETE KA HO TLOLA MOLAO OA TSELA  - Botha-Bothe Banna ba bane ba hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Botha-Bot...
04/09/2025

BA AHLOLOA SEKETE KA HO TLOLA MOLAO OA TSELA

- Botha-Bothe

Banna ba bane ba hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Botha-Bothe, ka la 28 Phato 2025; ba qosoa ka ho tlola molao oa tsela: Malefane (25) o qosoa ka ho qhoba koloi e se nang lengolo la ho laela baeti le la ho tsamaea tseleng ea sechaba , Lethoba (26) o qosoa ka ho qhoba koloi a le tlaas’a tšusumetso ea tai; ha Mpeake (27) le Setlalebatho (47) ba qosoa ka ho qhoba ba se na mangolo a ba lumellang.

Lekhotla le ba fumane ba le molato joalo ka ha ba qositsoe, la ba ahlola ho hlola Selemo Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa kapa ho itefella M1, 000. 00, motho ka mong, ’me ba atlehile ho itefella.

Puisanong le Woman Police Constable (W/P/C) Tsoakae Chele, ho hlaha Ofising ea Taolo ea Sephethephethe, Botha-Bothe, o re baqosuoa ba ile ba tšoaroa ka matsatsi a fapakaneng, ka litlolo tsa molao oa tsela tse fapakaneng.

Sub-Inspector (Sub - Insp.) Kampong Kheola o ipilesa ho baqhobi ba makoloi ho ikobela melao ea tsela.

Address

Baroweng Area
Leribe

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Pela Tshweu Media news posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share