07/11/2025
KE LAHLEHETSOE KE BOTONA KA LEBAKA LA LETUO LA CHELETE
Pele ke qala, ke kopa o seke oa nkutloa hantle. Monna ea sets'oants'ong sena ha se nna empa ho bonahala re na le bothata bo ts'oanang.
Nka o romella se ts'oantso sa ka ha eba ke ne ke tseba h**e o ka ts'epahala.
Nne ke sa lebella h**e ke tla arolelana ka sena, empa kajeno ke na le matla a ho ipolela. Ke ile ka tela bonna ba ka bakeng sa moetlo oa chelete.
E ile ea mpha leruo le boikelo, empa hape ea nkamoha khotso, bophelo ba ka ba lerato, le monyetla oa ka oa ho ba ntate.
Ha ke a ka ka nahana h**e ka letsatsi le leng ke tla ngola ka sena. Ka lilemo li ngata ke phela ka lithlong le masoabi, empa ho bona monna e mong hona marangrang mona a ipolela ntho e ts'oanang ho ile hoa mpha sebete.
Ke ile ka hlokomela h**e ho na le ba bangata ba joalo ka nna ba jereng sephiri sena, ba ts'abang ho buoa. Mme ke pheta pale ea ka.
Ke holetse bofutsaneng le ho hloka tsepo. Ke ile ka tlohela sekolo ke le sehlopheng sa borobong (9) ka mora ho hloleha ka makhetlo a mangata. Ke ne ke sena mangolo a thuto, ke se na mosebetsi, ebile ke se na bokamoso.
Ke ne ke atisa ho shebella batho ba bang ha ntse ba tsoela pele ha 'na ke ntse ke le sebakeng se le seng. Bophelo bo ne bo le boima, 'me ke ne ke khathetse ke ho lula ke sokola. Ke ne ke mpa ke batla ho phela bophelo bo betere le ho ithlokomela joaloka motho e mong le emong.
Ka letsatsi le leng, motsoalle oa ka o ile a mpolella ka nkhono ea holileng ea thusang ba ho rua ka mosebetsi o khethehileng oa moea.
Qalong ke ne ke sa lumele, empa ha u tsielehile, u qala ho mamela li tseo ha ngata u neng u tla lits'eha. O ile a nkisa ha hae, hole le motsana. O ile a ncheba ka mahlo a matle 'me a mpotsa h**e na ke batla eng. Ke ile ka mo bolella h**e ke batla bophelo bo betere, ho ba le chelete le ho phela ka khotso.
O ile a lumela ka hlooho 'me a re, "Hoa khoneha, empa leruo le lula le hloka sehlabelo".
(lula u nyarela kaha litaba tsena haliso felle)