12/08/2026
Basali bana le mefuta e mengata e fapaneng. Empa kajeno ke batla re bue ka li-Kingmaker.
Ka Sesotho re ka re ke li-’meselara, lihahi tsa banna.
Kingmaker ke mosali ea nang le bokhoni ba ho nka m**o ebe a mo fetola morena. Ha tšabe ho kenya monna sekolo, a 'montše le ho mo ruta ho mo rata, ho mo hlokomela le tsela eo mosali a tšoaroang ka eona.
Kingmaker ekare 'mamokoto. Ua e tseba van e moo ea Lesobeng Thaba-Tseka? Boimeng ba hula feela.
Kingmaker o nyalana le uena u le serobele, u sena letho, a je papa ka mafi a khoho le uena, le lula ka hara single-room. A u joetse h**e hosane le tla be le e ja 11 course meal Cape Town hoba feela a bone potential ea hau.
Kingmaker e tla u aha abuti... Ke batho ba nang le mamello eseng hoba ba sa rate lintho tse ntle empa hobane ba lumela h**e motho o jala pele a ka kotula.
Ke mosali ea lulang a e-na le li-idea tse ngata tse bohlale, ea bonang litharollo moo ba bang ba bonang mathata, ea bonang menyetla moo ba bang ba bonang litšitiso.
Empa ho fapana le h**e a sebelise bokhoni boo ho iketsetsa lebitso le ho hahamalla litulo tse holimo, o khetha ho tšehetsa monna oa hae, ho mo susumelletsa le ho mo thusa ho fihlela katleho eo a lumelang h**e o khona ho e fihlela.
Kingmaker ke mosali ea khotsofallang ho phela moriting oa monna oa hae, a tseba hantle h**e katleho ea monna eo e tsoa matsohong a hae.
Hase mosali ea khotsofallang ho bona monna oa hae a fetohile thelelisane ea ho ritameloa ke banna ba bang.
Ke mosali eo, leha a ka bonahala a khutsitse feela, moo a leng teng le monna oa hae, a mo sutumelletsang litlhōrōng tsa lithaba.
O bona seo monna oa hae a ka bang sona le pele monna eo a se bona.
Kingmaker o lumela ho monna oa hae le bokhoning ba hae 100%.
Le haeba a bona tlhase e nyane feela, o khona ho bona h**e tlhase eo e ka fetoha khanare ea fotha. 🔥
-A ka tla ka mekhoa ea ho mo thusa ho ikemela licheleteng,
-A ka tla ka li-business.
-A ka mo thusa ho bona menyetla eo a neng a sa e bone.
-A ka mo susumelletsa ho kena lipolotiking kapa maemong a boetapele.
-A ka mo thusa ho haha lebitso, marang-rang le bokamoso.
Ka mantsoe a mang, ha a mo fe feela lerato- o mo thusa ho aha 'muso.
Empa bohloko ba ho nyalana le Kingmaker, u le monna ea sa hlokomeleng bohlokoa ba mosali ea joalo, ke h**e u ka qetella u bona eka o leka ho mo laola, oa u hatella le ho u kenya pressure e sa hlokahaleng athe motho eloa o bona bokhoni ba hau boo u so bo bone.
Manyesemane a e beha ha monatjana ha ba re:
" Behind every successful man, there's a strong woman."
Ho buoa ka kingmaker moo hee empa bo-ausi, ha u tseba h**e u kingmaker, khaotsa ho ahela basali ba bang banna ebe uena u lula u fumana li-project, u li ahe, ebe basali ba bang ba lo thabela mosebetsi oa matsoho a hau.
Monna ha so u nyale, mo tlohelle a struggla. Ha u sena letho le ngotsoeng le reng 50% ea sohle seo e leng sa hae ke sa hau, u se ke ua ituba!
✍by _ Mots'eoanyane Pheane