Lesotho Digital News Bulletin

Lesotho Digital News Bulletin Welcome to LDNB on Facebook. We share news from around the world, thanks for join

BA QOSOA KA HO QHEKETSA KHOEBONGMoeketsi Maile (21) le Teboho Nyabela (25) ba Phororong Berea, ba hlahile Lekhotleng la ...
03/10/2025

BA QOSOA KA HO QHEKETSA KHOEBONG

Moeketsi Maile (21) le Teboho Nyabela (25) ba Phororong Berea, ba hlahile Lekhotleng la 'Maseterata Berea, ka la 29 Loetse 2025; ba qosoa ka ho qheketsa khoebong le bosholu.

Puisanong le Woman Police Constable ( W/P/C) Lomile Marunya ho hlaha Ofising ea Lipatlisiso Sepoleseng sa Mapoteng, o hlalositse h**e ka la 26 Loetse 2025, ba ile ba fumana tlaleho ka monga khoebo e Phororong, a tlaleha h**e o utsoelitsoe thepa e lijo shopong, ’me ba se ba bile ba tšoere banna ba babeli.

O tsoela pele h**e ba ile ba phallela sebakeng seo, 'me ba fumane h**e ke 'nete baqosuoa ba tšoeroe.

W/P/C Marunya o re lipatlisisong tsa bona, ba fumane h**e Teboho o ile a kena ka khoebong eo, a kena le marulelong bosiung ba la 25 Loetse 2025, ke moo monga khoebo a ileng a fihla khoebong moo e sa le hoseng, a tlisitse thepa empa a se hlokomele h**e motho o teng ka hare.

A re hang ho ba mohoebi a tsamaee, ke ha Teboho a bitsa Moeketsi h**e a tlo mo thusa ho nka thepa eo, ka ha o atlehile ho kena.

O tsoela pele h**e Teboho ha ba se ba tlohile ka thepa moo, o ile a tsebisa kharebe ea hae h**e o na le moqeqeko oa lijo tsa bosholu haholo lijelello, ke moo kharebe ea Teboho e ileng ea jalajala taba eo ho metsoalle ea hae h**e mohlankana oa hae o na le lijo tse ngata.

A re monga khoebo le sechaba, ba ile ba utloela ka taba eo, eaba ba e sala morao, 'me ba ile ba atleha ho tšoara baqosuoa le ha ba ile ba fumana h**e lijo tseo ba se ba li jele.

Baqosuoa ba theohetse ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa, ba tla boela ba hlaha lekhotleng ka la 14 Mphalane 2025.

W/P/C Marunya o ipiletsa ho bacha ho emisa ho senyetsa bahoebi kaha ho etsa joalo, e le ho thefula moruo oa naha. A re hangata batho bacha ke bona ba kenang litlolong tsa molao.

LMPS

Tšepa Jehova ka pelo eohle ea hao, U se ke oa itšetleha ka kutloisiso ea hao.U mo kenye mererong eohle ea hao, O tla otl...
03/10/2025

Tšepa Jehova ka pelo eohle ea hao, U se ke oa itšetleha ka kutloisiso ea hao.U mo kenye mererong eohle ea hao, O tla otlolla litsela tsa hao.

U kenyetsoa WiFi le ho fuoa lijo le lino tse ratoang ke pelo ea hao Nako ea khoeli  hothoe u lule ntlong eo e kahara met...
02/10/2025

U kenyetsoa WiFi le ho fuoa lijo le lino tse ratoang ke pelo ea hao Nako ea khoeli hothoe u lule ntlong eo e kahara metsi u lemong.

Na u ka lumela kapa u ka hana?

O SIEA BANA HO EA BOTHOBA-PELO ’Mabokang Pitso (40) oa Kolo, Ha Phakoe Mafeteng o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Mafe...
02/10/2025

O SIEA BANA HO EA BOTHOBA-PELO


’Mabokang Pitso (40) oa Kolo, Ha Phakoe Mafeteng o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Mafeteng, ka la 29 Loetse 2025; a qosoa ka ho siea bana ba le bang ba se na mohlokomeli.

Puisanong le Detective Woman Police Constable (D/W/P/C) ’Matumelo Koetje ea sebetsang Lefapheng la Tšireletso ea Bana le Tekano, Mafeteng o re tlaleho e fihlile ofising ea habo ka la 9 Loetse 2025, e re mosali o sihile bana ba le bang.

A re lipatlisiso li ile tsa thakholoa, ’me tsa sibolla h**e moqosuoa o sihile bana ba bararo (8,12 le 13) ba le bang khoeling ea Tlhakubele 2025, ka le reng o ea mosebetsing, Maseru.

D/W/P/C Koetje o re kaha bana ba ne ba tšaba, ba ile ba ea ha nkhono’a bona. O re ha bana ba hloka litlhoko, nkhono o ile a letsetsa ‘m’a’bona empa eo a se ke a mo natsa ka letho; qetellong mohala oa arajoa ke motho oa monna.

Ho sa le joalo, o re ’Mabokang o ile a tšoaroa Maseru ka la 26 Loetse 2025. A hlahisoa lekhotleng moo a ahlotsoeng ho hoehla Likhoeli tse Peli Ntloana-Tšoana kapa ho itefella M2, 000.00. Kahlolo kaofela e ile ea fanyehoa ke lekhotla, a laeloa ho’a hlokomela bana.

Mookameli ofising eo, Inspector (Insp.) ’Mamosa Maile o ipilelitse ho bo-’m’e bohle h**e ba nke boikarabello baneng ba bona kaha e le bona ba tšoarang thipa ka bohaleng.

LMPS

MONNA ENOA O NTSE A BATLOASepolesa sa Lesotho ka Motebo oa sona o Ha Hoohlo, se ntse se batla monna ea hlahang setšoantš...
02/10/2025

MONNA ENOA O NTSE A BATLOA

Sepolesa sa Lesotho ka Motebo oa sona o Ha Hoohlo, se ntse se batla monna ea hlahang setšoantšong.

Ho ea ka tlaleho e fanoeng ke bookameli ba motebo oo, monna enoa o belaelloa ka ho hlasela e mong oa basebetsi ‘moho le eena khoebong e ‘ngoe ka har’a Maseru, moo a ileng a mo supa ka letsopa la kapa.

O boetse o belaelloa ka ho thoba litlamong tsa sepolesa tsa molao.

Mang kapa mang ea ka mo bonang kapa a fana ka leseli la moo a teng, a atamele Motebo oa Sepolesa oa Ha Hoohlo kapa motebo o mong feela kapa ho letsetsa linomoro tsena:
+266 62410730/ +266 27023037/ +266 22322099

Re eletsa h**e u inehele Lehlohonolo, litaba li tsebe ho feta.

Re tla leboha thuso ea lona sechaba sa ha bo rona

LMPS

TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMOLeholimo le hlakile ka maru a fokolang, ho mahareng ho isa ho phola, hoseng hona. Moea o fok...
02/10/2025

TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMO
Leholimo le hlakile ka maru a fokolang, ho mahareng ho isa ho phola, hoseng hona. Moea o foka o le bobebe le mahareng ho hlaha leboea-bochabela libakeng tse ling ka bophirima le leboea-bophirima. Ho ka lebelloa le koahele ka ho khetha libaka (Qacha’s Nek, Thaba-Tseka, Mokhotlong) ntle le moo le hlake boholo ba libaka, ho be mahareng ho isa ho futhumala empa ho phole libakeng tse ling ka maloting, ha letsatsi ntse le phahama. Moea o ka lebelloa ho foka o le bobebe le mahareng ho hlaha leboea-bophirima, ‘me o ka eba matla ka linako tse ling.

LMS

O QOSOA KA TLHEKEFETSO KA MOTABOThabo Mabusela (24) oa Thabaneng Mafeteng o hlahile Lekhotleng la 'Maseterata Mafeteng, ...
02/10/2025

O QOSOA KA TLHEKEFETSO KA MOTABO

Thabo Mabusela (24) oa Thabaneng Mafeteng o hlahile Lekhotleng la 'Maseterata Mafeteng, ka la 24 Loetse 2025, a qosoa ka tlhekefetso ka motabo.

Puisanong le Detective Woman Police Constable (D/W/P/C) ’Mathabelang Setenane o re ka la 13 Loetse 2025, ba fumane tlaleho ka ngoanana (23) h**e o hlekefelitsoe ka motabo ke moqosuoa.

A supa h**e ba ile ba thakhola lipatlisiso tse ileng tsa sibolla h**e lehlatsipa le ne le ntse le ithabisa ka khera le mohlankana oa lona bosiung ba la 12 Loetse 2025 Thabaneng, ke moo motsoalle oa lona a ileng a fihla ka meso a e-na le moqosuoa eo e leng ntata’ngoana’ lehlatsipa empa ba sa nyalana.

H’a tsoela pele a re hamorao lehlatsipa, motsoalle oa lona le moqosuoa, ba ile ba tsamaea ba siea mohlankana oa lona a se a khalehile. A re ba ile ba kena ntlong e ’ngoe, ke ho na moo moqosuoa a ileng a ba laela ho hlobola liaparo; ba kene liphateng.

A supa h**e moqosuoa o ile a hlekefetsa ka motabo lehlatsipa bo teng ba motsoalle oa hae; a ba a le teteka ka le reng o le ntšetsa bofebe.

Moqosuoa o fuoe beile ea M700. 00 eo a atlehileng ho e lefa. O tla boela a hlaha khotla hape ka la Robeli Mphalane 2025.

Inspector Mamosa Maile o ipiletsa ho banna ho sheba mekhoa e molaong kapa e nepahetse ea ho atamela litaba ha li le teng, e seng ho nkuoa ke maikutlo.

LMPS

01/10/2025

Litsela tsohle tsa motho li bonahala li lokile ho eena empa Jehova o hlahloba lipelo.🙏

The FIRST MAN to have Personalised Number plates in Lesotho:  P**e 🇱🇸📍
01/10/2025

The FIRST MAN to have Personalised Number plates in Lesotho: P**e 🇱🇸📍

𝐁𝐀𝐐𝐎𝐒𝐔𝐎𝐀 𝐁𝐀 𝐁𝐀𝐍𝐄 𝐁𝐀 𝐓𝐒𝐎𝐀𝐑𝐎𝐀 𝐊𝐀 𝐁𝐎𝐒𝐇𝐎𝐋𝐔 𝐁𝐀 𝐁𝐎𝐐𝐇𝐎𝐁𝐀𝐍𝐄 𝐌𝐀𝐒𝐄𝐑𝐔Letsoso ‘‘Sipho’’ Matsau (61) oa Lithabaneng, Seeiso Ntaote (3...
01/10/2025

𝐁𝐀𝐐𝐎𝐒𝐔𝐎𝐀 𝐁𝐀 𝐁𝐀𝐍𝐄 𝐁𝐀 𝐓𝐒𝐎𝐀𝐑𝐎𝐀 𝐊𝐀 𝐁𝐎𝐒𝐇𝐎𝐋𝐔 𝐁𝐀 𝐁𝐎𝐐𝐇𝐎𝐁𝐀𝐍𝐄 𝐌𝐀𝐒𝐄𝐑𝐔

Letsoso ‘‘Sipho’’ Matsau (61) oa Lithabaneng, Seeiso Ntaote (38) le Lebakae Masakale (34) ba Ha Leqele, hammoho le Molantoa ‘‘Sanfo’’ Mafatle (48) oa Sea-Point, seterekeng sa Maseru, ba hlahile Lekhotleng la ‘Maseterata Maseru ka la 26 Loetse 2025, ba qosoa ka bosholu ba boqhobane.

Ba emetse ho hlaha lekhotleng hape ka la 7 Mphalane 2025, ba ntse ba le ka Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa.

Puisanong le Detective Sergeant (D/Sgt) Tokelo Makoloane ho tsoa Ofising ea Lipatlisiso Ntlo-Kholo ea Sepolesa Maseru, o bontšitse h**e ka la 21 Loetse 2025, Sepolesa sa Taolo ea Sephethe-phethe se ile sa fumana monyenyetsi ka h**e ho na le batho ba hlaselang khoebo e ’ngoe ea lijo tsa liphoofolo le khoebo e ’ngoe ka ho sebelisa lithunya, ba nka chelete le thepa.

Sepolesa se ile sa potlakela sebakeng seo, empa baqosuoa ba ne ba se ba balehile. Sechaba se ile sa fana ka leseli ka h**e na ba tsamaea ka koloi efe le h**e ba lebile kae. Ho latela tlaleho, koloi eo e ile ea fumanoa Ha Leqele pela Makoanyane, moo ho ileng ha tšoaroa moqhobi oa eona, Lebakae Masakale.

Ka mor’a moo, sepolesa se ile sa latela ho Ha ’Nelese, moo ho ileng ha tšoaroa Molantoa Mafatle le Seeiso Ntaote ka e ’ngoe ea thepa e utsoitsoeng hammoho le chelete e ka bang M4,700.00.

Ka la 23 Loetse 2025, baqosuoa ba ile ba nehelanoa ofising ea lipatlisiso, ’me ka la 24 Loetse 2025, Letsoso Matsau le eena o ile a tšoaroa.

D/Sgt Makoloane o boletse h**e lipatlisiso li ntse li tsoela pele mabapi le ketsahalo ena.

Mohloli: LMPS

𝐁𝐀𝐂𝐇𝐀 𝐁𝐀 𝐁𝐀𝐁𝐄𝐋𝐈 𝐁𝐀 𝐐𝐎𝐒𝐎𝐀 𝐊𝐀 𝐏𝐎𝐋𝐀𝐎 𝐌𝐀𝐒𝐄𝐑𝐔Moeketsi Moahi (18) oa Upper Thamae le Rorisang Lesia (18) oa Ha-Tšiu, ba Maseru...
01/10/2025

𝐁𝐀𝐂𝐇𝐀 𝐁𝐀 𝐁𝐀𝐁𝐄𝐋𝐈 𝐁𝐀 𝐐𝐎𝐒𝐎𝐀 𝐊𝐀 𝐏𝐎𝐋𝐀𝐎 𝐌𝐀𝐒𝐄𝐑𝐔

Moeketsi Moahi (18) oa Upper Thamae le Rorisang Lesia (18) oa Ha-Tšiu, ba Maseru, ba hlahile Lekhotleng la ‘Maseterata Maseru ka la 29 Loetse 2025 ba qosoa ka polao ea motho. Ka nako ena ba emetse nyeoe ba le Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa, ’me ba tla hlaha hape ka pel’a lekhotla ka la 7 Mphalane 2025.

Puisanong le Detective Lance Sergeant (D/L/Sgt) Tebatso Tšosane ho tsoa Ofising ea Lipatlisiso, Motebong oa Sepolesa Ha-Thamae, o hlalosa h**e ka Mantaha oa la 9 Loetse 2025 ka meso, sepolesa se ile sa fumana tlaleho ea h**e ho na le setopo sa monna (35) se fumanoeng tseleng Ha-Thamae, haufi le khoebo e ’ngoe ea mothamahane.

Sepolesa se ile sa potlakela sebakeng seo, sa fumana litaba e le ’nete, sa isa mofu ’moshareng, sa ntan’o qala lipatlisiso. Lipatlisiso li ile tsa supa baqosuoa, ’me tsa bontša h**e mofu o ile a qoaketsana le bona sebakeng seo, moo ba ileng ba mo hlasela ka thipa ho fihlela a hlokahala.

Moahi o ile a tšoaroa ka la 25 Loetse 2025, ha Lesia a tšoaroa ka la 27 Loetse 2025.

D/L/Sgt Tšosane o ipiletsa ho beng ba liketso tsena ho noa joala ka boikarabello, ho qoba liqabang ha ba le litafoleng tsa boithabiso, le ho se tsamaee ka libetsa. O boetse a khothalletsa beng ba likhoebo ho koala ka nako e loketseng ho qoba litlolo tsa molao.

LMPS

Address

Maseru

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lesotho Digital News Bulletin posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share