Kataffy News and Madia

Kataffy News and Madia Re fana ka litaba tsa 'nete ka mahlakore a mabeli. Hare nke lehlakore

17/02/2025

Na batho ba tsekang naha ea bona ke marabele? Ke botsa tjena ke shebile litaba tsa DRC. M23 ke rebels or Freedom fighters?

MONNA ENOA ea fotong o ntse a batlisoa ba habo o ea kula.
09/05/2024

MONNA ENOA ea fotong o ntse a batlisoa ba habo o ea kula.

25/04/2024

BREAKING NEWS!! BREAKING NEWS!!

MOEMELI OA NAHA EA LESOTHO-CANADA O FELLOA KE MOSEBETSI HANG-HANG.

Moemeli oa naha ea lesotho naheng ea Canada H.E Molise Ts'eole o felloa ke mosebetsi ka lebaka la poso(post) eo ae entseng facebook.

Ho latela lengolo leo a le ngolletsoeng ke mongoli e moholo oa lekala la machabeng (P.S foreign affairs), Hothoe monghali Ts'eole a be a phuthile mehasoana ea hae naheng eo ho fihlela ka la supa mots'eanong(7 May 2024) e leng khoeling e tlang.

Le boetse lere ntate Molise a itlalehe ntlo-kholo ea lekala(Foreign affairs head office) hang ha fihla ho tobane le khalemo (disciplinary hearing) ea hae.

Ntate Molise Ts'eole o ile a isoa naheng eo ke lekhotla la potoana(DC) khajana moo teng a neng a ntse a itsoellapele ka ts'ebetso ea hae ea letsatsi le letsatsi.

Lengolo lena la teleko letla ka mora h**e eena a ngole leboteng la hae la facebook a re puso ena ea barui ka barui ha e molemong oa sechaba ebile hae tsotelle bafutsana. Seboholi sa Ts'enolo f.m Abiel Sebolai ea itumisitseng ka lebitso la Morena OA Thaba Sebolai taba ena e ile ea mohalefisa sa nyalasi e tsoalang hase bona poso ea moemeli eno oa Lesotho 'm'e sa nka likhato tsa ho botsa Letona la tsa Machabeng (Foreign Affairs minister) monghali Lejone Mpotjoane h**ena letlo nka likhato li feng.

Kajeno o lelekuoe hang-hang ka lengolo le ngotsoeng ka la 23/04/2024.

Tebello ke h**e ka la 07/05/2024 a be a phuthile mehasoana ea hae a le hae koano Lesotho.

29/10/2023

NA BEKENG E TLANG RETLA BONA MOTION OF NO CONFIDENCE TO THE Rt. Hon Matekane LE 'MUSO OA HABO O KENA KA PARAMENTENG?

18/08/2023

TSEBA KA STUDENT ACCOUNT LE LESOTHO POST BANK.

Mosotho oa heso, ana o ne o TSEBA h**e student account seka thusa ngoana oa hao o sekolo? Post Bank ke karabo ea hao.

Ngoana oa sekolo a Ka bula student account ha FEELA a fumana chelete EA litlhapiso.

A Ka boela a fumana student loan hoqoba ho etsa mehoanto ha lichelete tsa bona li lieha ho kena.

Ngoana OA HAO a Ka boela a bula letsete le lesotho post bank(Fupe savings and Teleha savings)e le ho ithusa leho fokotsa stress sa motsoali ha ngoana a SA sebetsa hantle sekolong.

Fetisa poso ena e le ho thusa ngoaneno hohle ho ipalla Ka botlalo.

Club 266 officially Closed.
05/01/2023

Club 266 officially Closed.

E la hloko liphetoho tsa linako Malibohong
23/12/2022

E la hloko liphetoho tsa linako Malibohong

13/12/2022

Khau le Mpho li fapane Kae mosotho oa heso Kapa DCEO li bapalla ho lona?

Na masole a khannelang tonakholo ea Lesotho a Khanna marua - rua ao a likoloi ka bolokolohi joaloka likoloi tseo ba tummeng Kaho lipalama tse nts'o?

07/12/2022

News Headlines!! News Headlines

(1) Maparament a mabeli a RFP a bolaisana makotofa.

(2) 'Muso oa Lesotho o hana ho fetisa molao o thibelang bosholu ba liphoofolo.

(3) Nyatsi e tutula mohlomphei letona holla balateli ba moruo.

(4) BAP e ts'oaetsa bacha ba RFP Kaho itlhaisetsa (Boitjaro).

(5) Litho tsa RFP hali utloi khalemo ea moetapele eaho khalema ka matla mahlapa le likhoboso ka marang-rang.

(6) Maqheku a qalella ho khola ka Mpesa le Banka ha Mabote.

(7)Morocco e nyoka Spain ka lintlha tse tharo(3) ho lehe (0) thahong ea mekoko.

(8) Tonakholo ea mehleng Dr Majoro e koala Maeto a bahlomphei ha Tonakholo e teng e ea butsi phenyenye.

(9) Chelete ea mokhotlo e haptjoa ka lithunya ho setse beke mokhatlo o arola.

(10) Mobolli o bula khoebo e ncha ea setene ka mora letsatsi a tsoile mophatong.

30/11/2022

Theko ea lijo thollo e tla nyoloha hosane ho sa le joalo le motlakase o tla nyoloha ka liperesente tse supileng lekholong.

30/11/2022

LIHLOOHO TSA LITABA

(1) Letona la lipapali le qobella bacha ho tekena tumellano ea hose fuoe litsiane tsa bona ha batsoa lipapaling tsa Ausc Region5 Malawi.

(2)Moetapele oa ABC MP Nkaku Kabi o lefella batho ba fetang 40 ba ts'oarisitsoeng ke 'muso oa Lesotho batsoa New Castle- Africa Borwa.

(3) Basotho batla lefella lits'ebeletso tsa bophelo lipetleleng tsa 'muso.

(4) Thuto ea mahala e sa lefelloeng e tla felisoa likolong tsa mathomo ke 'muso oa Lesotho.

(5) Libapali tse 50 li tlohile ka meso ho leba naheng ea Malawi.

(6) Mongoli oa tonakholo le seboholi ofising ea hae ha bana mangolo a hlokoang ke ofisi eo a thuto.

(7) Mokhothu o ruta matona h**e ha ka holimo ho paramente.

(8) Tonakholo ea Lesotho e tla leba Africa Borwa ka labohlano hoea ts'ohla ka likamano tse ntle le 'muso oa Cyril Matamela Ramaphosa.

(9) Letona la lipapali le jajabetsa seboholi sa ACL f.m joaloka nyalasi(pitbull) ha seboholi Se 'matla litaba tsa naha tse amang bacha.

(10) Moetapele oa thalaboliba ea kholiso ea ntlafatso ea moruo o khalema balateli ba hae ka marang-rang boits'oarong bo bobe.

(11) Monna o ja e mong Maseru tsieng ha Abia(Bosotoma).

Address

Maseru

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Kataffy News and Madia posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Kataffy News and Madia:

Share