15/08/2025
Bo mme Le bo ntate, ntho tse ling re tlamea hotiea ha re kena ho tsona hoba hase tsa bosiasui, e na ea chelete eona ntate ha qeta ho fumana chelete, ho tlamea a lo lula fatse Le mme, ha mme a qeta ho fumana chelete a e ise lapeng ho ntate e lo reroa ka kelello tse pholileng,
Ho rekoe lijo,ho pataloe likoloto ho reroe na keng e ka etsuoang ea kamoso hobane mosebetsi o a fela o sebetsa mmusong, maeneng,hoohle o ka feela, eaba Le tloba lisono, empa hona Le boemo boo lefu Le ka fihlang o ntso na Le matla joalo e mong a shoa atsea phelo ba bana bo hloka hobona Le seo batsoali ba se entseng h**e e tlebe lijo tsa bona, haeba o thabetse ho khahlisa mosali feela le batho ka ho mofa a itjella Le sa e hlophe,Le tla tsoara Masepa ka letsoho, ha Le ka phonyoha bana ba Lona ba tla a tsoara, etsang ka matla Le rere chelete na e ka leloanela joang ka moso ha matla a ka fela,ha lefu Le ka lekhaoletsa Le siele bana nthoe ba tla e ja e ba kenye sekolo, Le seka besale Le siea bana ka hara mahlomola pelo hosa hlokahale, hape Le imetsa batho bana bao Le ba sieang Le bana ba Lona,Lea bona h**e batho ba imetsoe ke malapa a bona,joale ha Le itjella Le khahlisana empa le tseba h**e lefu Le nanyetsa batho tjee Le lebelletse h**e Lona ha jele ea Lona Le khahlisana ka ho fanana e ngata bomang bona ba tlo sitoa ho khahlisana na fanane e ngata ba leholisetse bana ka ea bona? Se kacsiteloang bana ,Le nahanele batho ba bang Le bona ka chelete tsa bona h**e baa lihloka e seng ba tlo le holisetsa Lona nne Le thabisana koana