Machabeng News fm

Machabeng News fm Re phatlalatsa litaba tsa morao rao tsa machabenge

Molebeli oa Lionel Messi oa lelekoa.MLS e fihletse qeto ea h**e Yassione Cheuko eleng molebeli oa khalala ea papali ea b...
01/04/2025

Molebeli oa Lionel Messi oa lelekoa.

MLS e fihletse qeto ea h**e Yassione Cheuko eleng molebeli oa khalala ea papali ea bolo ea maoto Leo Messi a se hlole a eba teng moleng oa lebala ( touch line) ho sireletsa Messi.

Cheuko o re o na le selemo le khoeli tse robeli ale America empa o sa tšoeroe batho ( invaders ) ba 16 kaofela 'me sena se kotsi haholo ho Messi ka hona a tlohelloe a etse mosebetsi oa hae.

01/04/2025

Moeti o thijoa a batla ho bula lemati la sefofane holima leoatle la India.

Sefofane se neng se tloha Bali Indonesia 🇮🇩 se leba Melbourne Australia 🇦🇺 se tlalehoa se ile sa khutlela Bali ka mora hora se tlohile.

Sena se latela h**e e mong oa baeti a thijoe a sa tšoere handle a re o bula lemati sefofane se feta holima leoatle la India.

Mosali enoa o tlalehoa a ile a thijoa ke baeti ba bang eaba ho hlokomelisoa litho tsa crew empa mosali enoa a li tlala matsoho hoo sefofane se ileng sa tlameha ho khutla hona moo se lebe Bali.

Litaba tsena li tlalehoa li etsahetse maobane mme mosali eo o ile a nyahlatsoa boema fofane leho nehelanoa sepoleseng.

Elon Musk o rekisa X ( ene tsebahala ka Twitter)Morui ea ruileng ho feta bohle lefatšeng eleng Elon Musk ea hlahetseng S...
01/04/2025

Elon Musk o rekisa X ( ene tsebahala ka Twitter)

Morui ea ruileng ho feta bohle lefatšeng eleng Elon Musk ea hlahetseng South Africa o netefalitse matsatsi a ho feta h**e o rekisitse X

Musk o rekisitse X ae rekisetsa k'hamphani ea hae r bitsoang xAI ka chelete e kalo ka $33 billion

01/04/2025

Naha ea China 🇨🇳 e re maoa le maoala a ho khothaletsa h**e naha ea Taiwan 🇹🇼 e ipuse a tlo baka ntoa.

China ka sesole sa eona kajeno e tšoere boikoetliso ba metsing le ba moeeng moo sepheo eleng ho lemosa lefatše h**e ntoa e ka kupa neng kapa neng ha fela lefatše le ntse lere Taiwan ea ipusa.

China e supa ha Taiwan ele karolo ea naha ea bona mme ho susumetsa boipuso ba eona botla e siea e sena khetho empa e tla ruthutha ebe e nka taolo ka ho feletseng.

E sele lilemo joale China e ntse e thiba naha ea America ho itšunyatšunya ka hara litaba tsa Taiwan e ka sitana le ho rekisetsa Taiwan libetsa.

Donald Trump o halefisa ma America.President ea America 🇺🇸 Donald Trump ka Sontaha o netefalitse h**e o tla boela a emel...
01/04/2025

Donald Trump o halefisa ma America.

President ea America 🇺🇸 Donald Trump ka Sontaha o netefalitse h**e o tla boela a emela likhetho ka 2029 naheng eo.

Sena se halefisitse batho ba bangata kaha molao oa America o totobetse joaloka tsela e eang mohlabaneng h**e President e 'ngoe le e 'ngoe e tla nka term tse peli feela.

Trump o itse hona le mekhoa le maoala a hotsoa molao oo fatše, ka hona ha cheche tabeng ena ea hae.

01/04/2025

Leselinyana lena lea koaloa kajeno ha le satla fumaneha. Ho bile molemo ho sebetsa le lona kea le rata.🥺🥺🥺

31/03/2025

Haele moo LEC e se nyolotse theko ea motlakase ka 9.63% u so o rekile kapa u tla qalella hantle hosane litefiso tse ncha se li kene tšebetsong?

Artificial intelligence e beha mesebetsi ea lingaka le litichere tlokotsing.Monghali Bill Gate o re lilemo tse leshome t...
31/03/2025

Artificial intelligence e beha mesebetsi ea lingaka le litichere tlokotsing.

Monghali Bill Gate o re lilemo tse leshome tse tlang mesebetsi mafapheng a bophelo lea thuto e tlabe e fokola haholo kapa e hlile e felile ka ho feletseng.

Sena Gate o se buile a ipapisitse le sekhahla seo Artificial Intelligence (AI) e hatetseng pele ka sona mafapheng a seng a boletsoe moo AI e seng ele eona e sebetsang boholo ba nako, le ho tlisa tharollo mathateng a itseng nakong ea tšebetso.

Hona le monyetla oa 60% oa p**a e itjalileng hoisa ho e batlang e akaretsa letsatsing la hosane mme ho ka phola libakeng...
31/03/2025

Hona le monyetla oa 60% oa p**a e itjalileng hoisa ho e batlang e akaretsa letsatsing la hosane mme ho ka phola libakeng tse ngatanyana.

31/03/2025

Lesotho 🇱🇸 le mathuleng a ho felloa ke li ARV.

Ka morao h**e President ea America 🇺🇸 Donald Trump a hule lithuso tsa America linaheng tse ngatanyana, litsibi lire nakong ea lilemo tse 10 batho ba fetang 500 000 ba tlabe ba timetse naheng ea South Africa fela.

Lesotho, Burkina Faso, South Sudan, Nigeria, Ukraine ke tse ling tse tlalehoang li le mathuleng a ho felloa ke li ARV mme linaha tsena kaofela li tlalehoa li qabetsoe li sa tsebe li tsoa joang qhafutsong ena e bang Trump a ke ke a ithapela.

Palo ea batho ba timetseng ka lebaka la ho reketla hoa lefatše naheng ea Myanmar 🇲🇲 e tlalehoa e se e feta 2000 ha joale...
31/03/2025

Palo ea batho ba timetseng ka lebaka la ho reketla hoa lefatše naheng ea Myanmar 🇲🇲 e tlalehoa e se e feta 2000 ha joale ' me batho ba fetang 1000 ba ntse ba nyametse.

Donald Trump o re o tlo ruthutha Iran ka libomo e sa le ele molora.President ea America 🇺🇸 Donald Trump o file Supreme L...
31/03/2025

Donald Trump o re o tlo ruthutha Iran ka libomo e sa le ele molora.

President ea America 🇺🇸 Donald Trump o file Supreme Leader ea Iran Ali Khamenei khoeli tse peli h**e a ba tekenne tumellano ea tlhahiso le tšebeliso ea libetsa tsa nuclear ( nuclear weapons agreement)

Ali Khamenei o itse America e ke leke fela e tla bona h**e monongoaha hase ngoahola. Tlaleho e supa ha Iran e ikatetse ho lekana kaha ena le libetsa tse kotsi kotsi tsa morao rao tseo e li beileng ka tlasa lefatše

Re emela khoeli tse peli li fete re bone hotla etsahalang.

Address

Kokobela Street
Maseru

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Machabeng News fm posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share