15/04/2026
O RE O TLA THIJOA KE TERATA ESENG BATHO BA LEFATS'E.
Kokoana Rantlo (28) oa Qeme Ha Mants’ebo, Maseru, o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata, ka la 14 'Mesa 2026; a qosoa ka ho tlola molao oa Khoebo oa 1998 section 3 sub section 4.
Lekhotla le mo file beile ea M100,000.00 eo a atlehileng ho e lefa, ’me o tla boela khotla ka la 6 Phupu 2026.
Puisanong le Detective Inspector (D/Insp) Lebona, ho hlaha Motebong oa Sepolesa sa Flight 1, o re ka la 10 'Mesa 2026, ba bile le letšolo la ho hlahloba likhoebo tikolohong eo, h**e na li tsamahisoa ka tsela e nepahetseng ho latela mangolo a tsona.
A re ke moo ka hora ea bohlano hoseng, sepolesa se fumaneng h**e Kokoana o se a tsoheletse tseleng moo hoseng haholo, a apere reflector e tala joalo ka ba tsa seaparo sa sepolesa sa traffic. A supa h**e eo ha likoloi li ema moo li thaotha baeti, eo o ile a atamela a rekisetsa baeti mahe le Tsunami a ba bolella ka mo Tsunami eo e phekolang sefuba le methapo ka teng. (D/Insp) Lebona o re ba ile ba atamela eo 'me ba ikholisa h**e ke 'nete Tsunami eo a e rekisang le lihlahisoa tseo a li rekisang e fela e le tse phekolang batho, ke moo ba fumaneng h**e ke 'nete Tsunami eo e phekola Sefuba, e phekola mesifa le methapo e opang 'me e ka sebelisoa ke bana le btho ba baholo. Ba boela ba makatsoa ke makhethe a hae thekisong ea hae ea mahe 'me seo ea eba se entseng h**e eo a lleloe ke litšepe.
A re eo o ile a lleloa ke litšepe tsa silivera le tsa khauta ele ha ba reka lihlahisoa tseo tsa hae le mahe ka chelete ea ts'epe pele ba kena mosebetsing oa bona oa letsatsi, ‘me hamorao lipatlisiso tsa supa h**e ke mohlankana' moits'okoli Lekaleng la Khoebo.
D/Insp Lebona o ipiletsa ho sechaba, ho tšehetsa bahoebi toantšong ea lephako le ho holiseng likhoebo tsa bona, a re le hlokomele h**e hona ke papatso ea khoebo ea monna enoa Kokoana Vyrus Moh Rantlo.