California Updates

California Updates Contact information, map and directions, contact form, opening hours, services, ratings, photos, videos and announcements from California Updates, Broadcasting & media production company, Ha Mants’ebo, Maseru.

Advertise your business with us 💸 | Let us help you find clients of products and services 💯 We are California Updates & Marketing Agency 🦅 we are your third eye in Ls.

MZWAKHE SHEABURIAL DATE : 15 NOVEMBER 2025_ continue Resting in Peace brother. 🕊 🕊 🕊
07/11/2025

MZWAKHE SHEA
BURIAL DATE : 15 NOVEMBER 2025_
continue Resting in Peace brother. 🕊 🕊 🕊

Tsena hee re liella likhala. Ako lakaletse morena Thabang Mahlohonolo tlasa post eena ✍ mo fe likeletso le likhothaletso...
07/11/2025

Tsena hee re liella likhala.
Ako lakaletse morena Thabang Mahlohonolo tlasa post eena ✍ mo fe likeletso le likhothaletso tseo oka mo fang tsona. O ntse a Bala li comment tsa lona. Le be le mojwetse na le kopang.

Rona rele California Updates
Re kopa Le re rekele drink lele sechaba eseng morena ena otla reka plate ea nama 😅

Karolo ea bobeli ea mokete oa Morena Mahase. M***a re bona sechaba se thabetseng morena. Sechaba, lelapa, metswalle le b...
07/11/2025

Karolo ea bobeli ea mokete oa Morena Mahase. M***a re bona sechaba se thabetseng morena.

Sechaba, lelapa, metswalle le boohle sechaba se neng se batla ho lebohela morena ka kotloloho ba ile ba mo atamela ba mo lakaletsa mahlohonolo 🤝

KAROLO EA PELE EA MOKETE OA PEHO EA MORENA HA MANTS’EBO ❤‼️ Morena Thabang o beuwe ke chaba se thabilrng ka tsela e khet...
07/11/2025

KAROLO EA PELE EA MOKETE OA PEHO EA MORENA HA MANTS’EBO ❤‼️

Morena Thabang o beuwe ke chaba se thabilrng ka tsela e khethehileng... a fumana mahlohonolo le likeletso ho tsoa ho ba baholo ekasitana le ho tsoa ho ba bang ba batho ka hara chaba sahae.

U lauwe ke batho ba baholo ba tsebang hantle ka puso, batho ba killing ba tsamaya leeto lena leo a le tsamayang, ba mo file likeletso le likhothaletso ka ho fapana ha tsona.
Ha ra li bui tse ileng tsa laea morena Thabang e bile Morena suoane Kobile ele morena oa Qeme le Hata-Butle, a laoa ke batho boo morena Molapo, boo Morena Majara eo e bileng e leng Mo'Councillor oa koano, a laoa ke ba kileng ea eba matsoho a morena ke cho boo ntate Sabole Sabole, bo Ntate Palo Kobile e bile ele maloma'e ... a laoa ke banna boo Bokang Ramabusa eo e bileng letsoho la morena hotlooa ka ntata' Ntahli kamoo ho boleloang ka teng a boela a laoa ke ba neng ba motsoaretse puso nakong eo a ntseng a itokisetsa ho tla hloella tulo sena sa borena bo ntate Sakaria Keele ka moo le motsebang ka teng le ba bang ba bangata...

Ha ra mantsoe ao ba mo fileng oona ba itse "Morena ke khetsi ea Masepa" ka hoo ba ne ba bolela h**e ho tloha joale ese ele ena majarella ea tla jara tse mpe le tse ntle tsa motse oa Ha Mants’ebo... ba re ho ena, borena ke bo batla motho ea senang lithahasello, ea kekeng a sekisetsa mang kapa mang ea tlasa hae joalo ka ha ele ntate e bile e le 'me' sechabeng sahae. Hona le sebui se itseng ho ena "Seliba se teng pekeng tsa mafika, empa se nowa ke khomo tse chitja, tse manaka lia paraka" seo se ne sere morena a itekole ase tlohe a hloloe ke matla, empa le teng ase liele molala hoba chaba se ka mopalama holimo.

Re le California Updates koranta ea lona ea marang-rang ea Qeme le mathoko a eona, re lakaletsa morena Thabang Mahase puso e monate le lona le le sechaba sahae h**e le busehe le seke la tla leka morena. Morena re u kopela mahlohonolo oohle ao lokelang, re u kopela bohlale le matla a ho jara boikarabello bona Mofokeng, busa sechaba sahao ka bohlale.

E bang hona le moo re fositseng rele koranta re ka thabeloa ho thusoa ho nepa nako e tlang. Likhatiso (video) li tla latela.

Khotso Brother Ke Kopa le Mpostele Ho Balateli ba lona hlee Keya Kopa🙏 ke hloka Hoya Etsa Bank Statement Monday spaneng ...
07/11/2025

Khotso Brother
Ke Kopa le Mpostele Ho Balateli ba lona hlee Keya Kopa🙏 ke hloka Hoya Etsa Bank Statement Monday spaneng hakena Mokhoa oaho Palama joale kentse ke Rekisa Monokotshoai 1L ke 10...

🥳🥳🎉MORENA THABANG MAHASE🥳🥳🎉 M***a ke Qeme, ho busa morena Suane Kobile, ke ena morena oa Qeme le Hata Butle _ maobane ho...
07/11/2025

🥳🥳🎉MORENA THABANG MAHASE🥳🥳🎉
M***a ke Qeme, ho busa morena Suane Kobile, ke ena morena oa Qeme le Hata Butle _ maobane ho ne ho behoa morena oa "Ha Mants’ebo" 'me ke eena morena Thabang Mahase ba motsebang ba 'mitsa "Qamaka" morena thabang ke setloholo sa Tholloane e leng mo borena ba hae bo kollang teng, ke Bafokeng ka seboko, ke ba Mohoana oaboo Tlalane ba howa likhomo ba howa le batho...

Pehong ea morena Mahase e bile litila-tile ho tsoa ka makhalo ho fapana hotla thaba le ho bona ka mahlo h**e e tle e be lipaki tsa mohla morena mahase a nka tse molokelang.

Morena Thabang ke mora oa ntate Lenkoe Mahase le 'me 'Mathabang Mahase... ke motho ea ileng aka phetla libuka ka holimo ho tsohle ke monna oa mosotho ea bolotseng, o bile o tsitsitse haholo ka moetlo hoba o laka lula holima lihlaba khoeli tse supileng kaofela a binela bana ba sechaba hona Qeme moo 'me bana ba sechaba ba khutla ba feletse ba bile ba phetse hantle. Sena se paka h**e morena Thabang ke monna hara banna lilemo tsahae le tsona li tsamaha le tsebo teng o phetse. Taba tsa hae li ngata retla teba ka tsona nako e tlang _ re mo kopela mahlohonolo a sa feleng ho morena molimo, re mo kopela bohlale le matla a ho busa sechaba sena sa ntatao ka tataiso ea moya o Halalelang.

Re sa le fa ha kana feela ho fihlela ha jwale.
Fela le tsebe h**e morena thabang Mahase o nka linotlolo tsa office ea borena le tsoohle tse molokelang tsatsing lena.

07/11/2025

is there anyone a namg le experience ea ho hlephiswa mala ke lijo tsa lekuleng Ha Mants’ebo?
linama tse rekisoang hardware moo?

Ha ntse re emetse liketsahalo tsa letsatsi lee ‼️ Ke qeta ho kopana le boo ntate ke bana ba rekisa nama ea kolobe (Pork)...
06/11/2025

Ha ntse re emetse liketsahalo tsa letsatsi lee ‼️ Ke qeta ho kopana le boo ntate ke bana ba rekisa nama ea kolobe (Pork)
Barre: Kg ke M70.00 e bile ha ole haufinyane ba ka u nelehetsa ole moo o leng hona teng.
Ke bara ba ntate Tshotetsi Moqetsola ele h**e sena se bolela h**e o tla e fumana ha ntate Tshotetsi Ha Mants’ebo (Ha Mofefa)

Nomoro tsa bona ke tsena Ha eba u hloka ho order ...
Ntate Victor Moqetsola +266 5628 2072
Abuti Nkhahle Moqetsola +266 6320 3576
Nomoro tseo tsa bona lina le whatsapp..

Ha li etsa tjena hee ke ha li thakhoha 🗣 bajwetseng ba atameleng lebaleng la lipitso Ha Mants’ebo 🗣 heee tlohoong kakoaa...
06/11/2025

Ha li etsa tjena hee ke ha li thakhoha 🗣 bajwetseng ba atameleng lebaleng la lipitso Ha Mants’ebo 🗣 heee tlohoong kakoaaaano 🤳
Re tla u tlela le tsona ✍
California Updates
Your third eye in Ls

hi .. ke kopa ho thusoa ho batlisoa mosebetsi hle mongaka... Nne ke kena FOKOTHI ke etsa Dressmaking, yaba Kea drop out ...
05/11/2025

hi .. ke kopa ho thusoa ho batlisoa mosebetsi hle mongaka...

Nne ke kena FOKOTHI ke etsa Dressmaking, yaba Kea drop out due to financial problems. ke kopa ho batlisoa mosebetsi oohle leha ekaba wa bareng kapa wa shopong I don't mind I'll do my best
Ke dula Maseru Ha Mantshebo
Nomoro tsaka ke 5899 7617

Address

Ha Mants’ebo
Maseru

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when California Updates posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to California Updates:

Share