22/05/2026
ππππ ππ πππππ ππ ππ π
π πππππππππ πππππ π ππππππππ?
Ha se khale ha Mokhethoa oa Peka #17 Mohopoli Monokoane a ne a foralla RFP le ho theha party e ncha ea KHANYA. Mohopoli o foralletse RFP kamor'a h**e a bonahale a sa shebe litaba 'moho le Mokhethoa oa TY #24 Lebona Lephema.
Bobeli bona; Monokoane le Lephema, ba bile ba nkhisetsana mahafi Paramenteng le ho sehollana ka mabitso a likhoboso. Pejana ho liketsahalo tsena, ho ne ho hlahelle le ho likoloha ho marangrang a sechaba, lebanta leo Monokoane a neng a bua le Tona-kholo a lla ka boitΕ‘oaro ba Lebona kahare ho RFP.
Kea moqotsa:
"Lebona ha tlela ho u tΕ‘ehetsa, u tlile h**e a ikahe, ebe ena moetapele. Lebona ha u rate, o u tΕ‘ehisa ka meno a kapele feela. Ntate ha u sa elelloe monna enoa eo ho thoeng ke Lebona h**e na bosoele le bosooto ba hae ke ba mofuta o fe kahare ho LetΕ‘olo, LetΕ‘olo lena le tla lahleha...
"Re mona moo re teng re ntse re tetebela ka lebaka la Lebona, ntate khalema Lebona, beha Lebona taolong. Motho o mong feela ea ntseng a re senyetsa LetΕ‘olo, ke Lebona feela ha hona motho e mong...
"Taba ena ea h**e Lebona o ikentse molingoana kahar'a Maparamente a hao ha e fele, ene tla felisoa ke uena feela moetapele"
Ho tloha mafelo a khoeli e fetileng, ho bonahetse matΕ‘oao a h**e Tona-kholo le Lephema ha ba sa sheba litaba 'moho. Re bone ha Lephema a tlosoa lekaleng le leng a isoa ho le leng ntle le ho rerisoa. Ra boela ra bona ha Tona-kholo a boela a moleleka lekhotleng la matona.
Kajeno lebatooeng la Peka moo Tona-kholo a neng a nehelana ka motlakase, mokhethoa oa lebatooa leo Monokoane Mohopoli o file Tona-kholo Matekane khomo 'me le ena a e amohela ka liatla tse bulehileng.
Taba ee e bolelang? Na Monokoane le RFP ba qabantsoe ke Mokhethoa oa TY #24? Na qabang ea Lephema le Tona-kholo e lokisitse likamano lipakeng tsa Hippo le RFP/Matekane? Na re ke keng ra bona Khanya e tΕ‘ehetsa 'muso oa RFP tlasa boetapele ba Tona-kholo Matekane? Kapa ke Mpho feela ha e bolele letho lipolotiking?