05/10/2025
HA KE TSEBE MONATE OA LENYALO
Ke mosali ea sitoang ho fola, ea lulang a le pelo e bohloko. Ke lilemo li 43, ke nyetsoe ka 2003. Ha esale ha ho sobe bonolo, ha ho sobe monate. Molekane oaka(46) o na sebetsa merafong SA empa haesale a bapala ka chelete, a sa 'natse, a bile a ntjoetsa sefahla mahlo h**e ha a batle ho its'ehisa ka lithaka tsa hae, o etsa bo 'me' ba utloanang le bona ba be batle. Matsale o na tseba h**e mora oa hae o na le mosali e mong moo merafong e bile o ne a na le ho ba chakela.
Molekane oaka ke ne ke bona pay slip ea hae h**e o khola M12 000 empa ke ne ke fuoa feela M4000, ke neba ka mo isa ka likamanong. Worst part, ka hara bosula bono, ka 2016, ke ha re fumana h**e o HIV+ empa 'na ke ntse ke le HIV-, 'me le today ho ntse hole joalo hoba ke sebelisa PREP, empa ntho e makatsang ke h**e kee ke bone ha fumana h**e ke ntse kele HIV- o ntsa ipotsa na joang.
Fast forward to linako tsa Covid. Mosebetsi o ile oa fela 'me lichelete tsa hae tsa tsoa. Nkholoe ha kere ha nkaba ka tseba le h**e na e ne e le bokae chelete eo, ha ese h**e feela o ile a nletsetsa a ntjoetsa h**e o tlo reka koloi. Koloi ha e hlaha e ne e le ea M196 000😩,e matsohong a ba ts'oere M60 000. Ka nako eo re na le bana ba 4 ba lokelang ho hlokomeloa ka lijo, li school fees le tse ling. Ha esale ke qalella ho hula ka boima ka ho kalima lichelete h**e 1 le 2 li kopane.
Ke ntse ke poqa joalo molekane a sa sebetse, selemong se fetileng (2024) ka January ,ke ha abuti eo a ea lebollong, ka nqena bana ba lokela ho ea likolong. Ke ile ka poqa ka nka "loan" holima e 'ngoe. Koloi eo ke e qetetse ka 2023 ke ntse ke utloa ka bo bare h**e e kannaba o e jooe. Ha ke botsa ka eona o latola bosehla.
Ke ea sebetsa empa ka lebaka la li loan ke sala fela ka M3 540 eo ke lokelang ho phelisa bana ba 4. E mong o sekolong(college) seo ke mo patallang school fees, rent le lijo, e mong o patalloa ke Man Power, e mong o kena Primary e mong likonyana. Ke ingoetsoe hoooo. Bana ba ka ba sotlehile hona hoo empa ke ntse ke phela.
Ke kopa boeletsi ba lichelete le bophelo ka kakaretso na ke etse joang. Ke hula ka boima. Ke bona h**e ha kesa kope thuso e tlaba esale ke robala.
Leratong 9-11am October 5th 2025.
Host-Lerato Seleso
Drop you comment