Quthing HOT News

Quthing HOT News Litaba boholo ke tse ka hara setereke mohlomong le Litereke tse ling tse ka hare ho naha.

02/10/2025

2 MPHALANE 2025

BOLEPI

Leholimo le hlakile ka maru a fokolang, ho mahareng ho isa ho phola, hoseng hona. Moea o foka o le bobebe le mahareng ho hlaha leboea-bochabela libakeng tse ling ka bophirima le leboea-bophirima. Ho ka lebelloa le koahele ka ho khetha libaka (Qacha’s Nek, Thaba-Tseka, Mokhotlong) ntle le moo le hlake boholo ba libaka, ho be mahareng ho isa ho futhumala empa ho phole libakeng tse ling ka maloting, ha letsatsi ntse le phahama. Moea o ka lebelloa ho foka o le bobebe le mahareng ho hlaha leboea-bophirima, ‘me o ka eba matla ka linako tse ling.

Hae atee!!!

01/10/2025

1 MPHALANE 2025

MONGHALI MATSORA O TIISA H**E SADC NATIONAL PEACE COMMISSION KE NTHO E TENG

Monghali Mosiuoa Matsora, Mongoli -Kakaretso oa BCM, puisanong le Ts'enolo Fm o tiisitse h**e Mokhatlo o bitsoang SADC National Peace Commission khahlanong le ba reng ha ho ntho e joalo.

O re ho na le motho ea ileng a ba lemosa ka mokhatlo ona, ba nt'o o letsetsa le ho kopano le ona, 'me o re malebana le litaba tse ntseng li hlahella h**e mokhatlo ona ha se ntho e teng, o re o teng ebile o boetse o ngolletse UN, AU le moemeli oa Lesotho Afrika Boroa.

O re polelo ea mokhatlo ona e re ho fihlile tlhokomelong h**e Lesotho le ntse le iphosisa, haholo ha ho uoa litabeng tsa litokelo tsa Mantlha tsa Botho, haholo haeba ho Ka ha buuoa Ka Afrika ena e tlaase moo tumellano ea SADC e leng h**e ha ho na motho ea tl'a etsoa ha mpe boemong bo fe kapo bo fe, ha feela ho sena tlolo ea molao.

O re ba utloile h**e Dr. lipholo o ka teronkong, ba utloile h**e ho na le batho ba ntseng ba saloa morao ka litaba tsa Dr. Lipholo moo a lelekisoang kapo hona ho koalloa hobane a phethahatsa mohoo oa hae oa lipolotiki ho bile ho sena tlolo ea molao litabeng tseo.

O re mokhatlo ona o re Lesotho le ke le shebe litaba ka tsela e ngoe.

Hape, o re SADC National Peace Commission, e re ha ho tlolo ea molao mona, 'me tumellano e bonts'itse h**e ha motho a etsoa ha mpe hoo ha ho ea lumelleha ho latela tumellano ea SADC le UN.

Matsora, o re mokhatlo o ile oa botsa h**e na Lesotho ho na le makhotla a lipolotiki a rarollang litaba tsa lipolotiki na, ke moo ba ileng ba araba ka h**e ha ba tsebe, ha ba s'o bone.

01/10/2025

Monyaolo❗ Monyaolo ❗ monyaolo ❗

FUMANA LEKHOLO LA SETENE KA M1100 FEELA (size 9) Sia nomoro Hao khahluoe

Se fetoe ke monyaolo oa ho qetela❗re phethela khoeli.

CHEAP🤝

01/10/2025

1 MPHALANE 2025

SADC E RE DR. TSEPO LIPHOLO A LOKOLLOE HANG-HANG

Komishene ea Khotso ea Mokhatlo oa Linaha tsa Hloahloa e Boroa ho Afrika (SADC Peace Commission) e etsa boipiletso bo matla h**e Dr. Tsepo Lipholo, moetapele oa mokha oa Basotho Covenant Movement (BCM), a lokolloe hang-hang, ka lebaka la boemo ba hae ba bophelo le litokelo tsa hae tsa botho tse ntseng li hlekefetsoa.

Komishene e tla isa lengolo la tletlebo ho Moemeli oa Lesotho Pretoria kajeno, ho bontša matšoenyeho a tebileng ka ho tšoaroa ha Dr. Lipholo ntle le tefo ea beile kapa nyeoe e hlakileng, e leng ketso eo Komishene e e hlalosang e le tlōlo ea molao ea molao-motheo, le tlhekefetso ea tokelo ea botho le ea demokrasi.

“Re tšoenyehile ka matla ke mokhoa o tsoelang pele oa ho sebelisoa ha matla a ’muso khahlanong le baetapele ba lipolotiki ba emelang maikutlo a fapaneng. Tšoaro e sa hlakisoang ea Dr. Lipholo ha e na motheo oa molao, 'me ke khethollo ea maikutlo a lipolotiki,” ho boletse Komishene polelong ea eona.

Komishene e boetse e khothalelitse ho thehoa ha Komishene e Khethehileng ea Lipatlisiso tlasa SADC, e tla fuoa boikarabello ba ho hlahloba maemo a litokelo tsa botho Lesotho, hammoho le ho sekaseka litletlebo tse ntseng li hlahisoa ke mokhatlo oa BCM le Basotho ka kakaretso mabapi le tokelo ea boipuso le boitsebahatso ba Basutoland.

Polelo e re ho tšoaroa ha Dr. Lipholo ke pontšo e bohloko ea ho putlama ha boikarabello ba puso ea molao le ho senyeha ha litloaelo tsa demokrasi tse hlokomelehang tikolohong ea SADC.

Komishene e hlalositse Dr. Lipholo e le:

“Moetapele ea khutsitseng oa lipolotiki, ea emelang ho busa ka toka, boikemelo ba Basotho, le ho sireletsa mobu oa habo. Ha se mofetoheli kapa senokoane. Ke lentsoe la Basotho ba batlang ho utluoa.”

Komishene e thehetse litletlebo tsa BCM ka Qeto ea Machaba a Kopaneng ea 1817 (1962) le netefatso ea eona ka 1963, tse ileng tsa amohela boemo ba Basutoland e le naha e nang le boitsebahatso ba eona ba lipolotiki, e sa lokelang
ho qobelloa ho kopanngoa le Afrika Boroa.

“Khotso ea sebele tikolohong ena e ka fihlelleha feela haeba liqeto tsa Machaba a Kopaneng tse buang ka tokelo ea boipuso li hlomphuoa,” ho phethela Komishene.

Lengolo la tletlebo le tla isoa Ofising ea Moemeli oa Lesotho e fumanehang Anderson Street, Menlo Park, Pretoria.

01/10/2025

1 MPHALANE 2025

BOLEPI

Le hlakile boholo ba libaka, ho pholile ho isa ho bata, ka moea o bobebe ho hlaha leboea-bophirima. Moholi o ka bonoa le oona libakeng tse ling. Ho ka lebelloa le koahele ka ho khetha libaka, ho be mahareng empa ho phole libakeng tse ling ka maloting ha le ntse le phahama. Moea o ka lebelloa ho foka o le bobebe le mahareng ho hlaha leboea-bophirima.

Hae atee!!!

30/09/2025

30 LOETSE 2025

BOLEPI

Le koahetse ka ho khetha libaka, ho pholile ho isa ho bata hoseng hona, ka moea o fokang o le bobebe ho hlaha leboea-bophirima. Ho na le monyetla o fokolang (20%) oa mafafatsane mona le mane, le khonahalo e fokolang haholo ea ho khetheha hoa lehloa maloting a ka leboea-bochabela. Moholi o ka bonoa le oona libakeng tse ling, hoseng hona. Ho ka lebelloa h**e le koahele ka ho khetha libaka, ho be mahareng libakeng tse ka mabalane empa ho phole ho isa ho bata ka maloting, ha le ntse le phahama. Moea o ka lebelloa ho foka o le bobebe ho isa o eba mahareng ho hlaha leboea-bophirima.

Hae atee!!!

29 LOETSE 2025Hello admin Ke tholisana Ka plate number e Maseru....53919428
29/09/2025

29 LOETSE 2025

Hello admin

Ke tholisana Ka plate number e Maseru....53919428

28/09/2025

28 LOETSE 2025

Khotso admin

ke kopa thuso ho balateli ba hao ka batho ba ha Moleleki ha ke tsebe ba fumaneha Qomoqomong kapa Ha Setoko na, ke hloka thuso ya bona, mme ha ba fumanehile ke tla buwa le bona,,
Hantle bothata baka ke h**e k na le ngoana mona a nhlophang ka bokulo, oa akheha o na le 16 yrs o qalile a le 13 so ba habo ntate wa hae esale ba qetela ho monona ha ba tlisitse khoetsa a na le khoeli, ntatae k motho a sa tsotelleng, nnete o se a na le lelapa so ke batla ho kopana le bona myb ngwana ha ka hata mabala o tla ba hatle

Ke lekile baprofeta, lingaka tsa setso ke patetse hoo ke seng ke se na letho mar ngoana ena ha so fole

kea leboha ke kopa o mpate..

From Inbox

26/09/2025

Kamora lipuisano tsa lithuso tse ileng tsa huloa ke president Donald Trump Pepefar ea khutla!

26/09/2025

Notice Notice Notice

MEDIA AND INNOVATION TRAINING

📍Village Light

26/09/2025

Notice Notice Notice

MEDIA AND INNOVATION TRAINING
Target Youth

📍Village Light

26/09/2025

NOtice Notice Notice

MEDIA AND INNOVATION TRAINING

📍Village Light

Address

Moyeni

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Quthing HOT News posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Quthing HOT News:

Share