08/10/2025
MATJEKELANE O REKELA KHAREBE MAOTOANA
Ha Matlali news 08.10.2025
Kajeno ha tali e nts'a re thotse molaetsa ka mosali a kopileng ho se ipolele lebitso empa a bonts'a ha habo ele Sehlabathebe Ha Semenyane, mosali enoa a bonts'itseng a le lilemo li mashome a mararo a metso e meraro o bonts'itse ha ile a kopana le tsoaebana ea hae kopanong ea lipolotiki, 'me a mojoetsa h**e o sebetsa ho engoe ea libanka.
ke moo ha ntse ba bua baileng ba lumellana ka ho chakelana le hoja mohlankana eo eleng Mpho a sebelisa fono esenang hoatsapo. mosali ha tsoela pele o re o chakile maobane litumellano enele h**e o tla tsamaea ka sontaha , empa o ile a boreha haholo ha bula otoropo a fumana liphahlo tsa matjekelane empa a iphapanya fela eaba o kenya lekhotla ka hloohong ha thole karabo.
" Maobane ha ke fihla ke fumane motho oaka a pheile raese le boroso eo e felileng hoseng , joale ke bolella motho oaka h**e a mphe chelete ke lo reka lijello ke ha a mpolella h**e o ntsa emetse chelete ea hae ho motho a mokolotang o nale M200.00 ntle le moo aka reka maotoana ha ntse re emetse chelete kapa a sebelisa eona M200.00 ena eo atlo mpha eona ke palame, Matlali o tsebe re lumellane ka h**e ke kalime chelete ea hotla mme ke kalimme M150, joale ketlo palama kang hake khutla" ho rialo mosali oa Ha Semenyane.
Ha tsoepela o re o la utloa bohloko hoo ala botsa Mpho h**e na joale liphahlo tsa matjekane tsona ke tsa mang hobane le ka tlung hone ho sa bonts'e ele ha motho a sebetsang bankeng, empa eena a araba ha bobebe a re liphahlo ke tsa hae o sebetsa bankeng ele matjekelane. Mosali eno o ile a refa linomoro tsa Mpho empa fono ea hae e lla fela h**e re utloe lehlakore la hae le hahole joalo mosali o tseleng e khutlelang habo ka pelo e bohloko moo a tsoafang ho jelella papa le maotoana, Leselinyane le ts'episa h**e letla khutla ha se le thotse lehlakore la monghali Mpho.
Litaba tsena lietsahala Qacha'snek TJ