Quthing HOT News

Quthing HOT News Litaba boholo ke tse ka hara setereke mohlomong le Litereke tse ling tse ka hare ho naha.
(1)

14/09/2025

MENYENYETSI E SUPA HA HO KOETSOE LEBOLLO MOTSENG HA STOKO QUTHING,EBILE HO NA LE BANNA BA TS'OEROENG

14/09/2025

TSA LIPAPALI

AFCON U17 QUALIFIERS RESULT

Angola 🇦🇴 5-0 Lesotho 🇱🇸

14 LOETSE 2025MATS'OHLOHara liqoso tsa Dr LIPHOLO ke H**e o batlile tlatsetso ho American h**e ailo koetlisa sesole sa h...
14/09/2025

14 LOETSE 2025

MATS'OHLO

Hara liqoso tsa Dr LIPHOLO ke H**e o batlile tlatsetso ho American h**e ailo koetlisa sesole sa hae.( ele h**e America ke karolo litabeng tsa Dr LIPHOLO) ea koalletsoeng toronkong.

Kajeno a bua Sebokeng Tona-kholo oitse o rometse matona hoea buisana(hoqekisa) le America h**e e nchafatse AGOA.

MAIKUTLO👂

14/09/2025

Leha mamati a sabulehile, o ikhopole omang,otsoa Kae le bophelo,ka holimo ho tsohle o nno rose 'mopi🙏

14/09/2025

Chee pirates! Onokanna rebolaya ka happiness le mokhathala😄☠️
HAPPY AND BEAUTIFUL SUNDAY HLENG

14/09/2025

SITE❗ SITE ❗SITE❗

QUTHING LOWER MOYENI COCOBE HOLIMA BOROKHO
🗯️15K HOEA HOLIMO inbox if interested

13/09/2025

HAPPY PEOPLE ☠️☠️☠️☠️
AGAIN
MTN 8 CHAMPIONSHIPS

13/09/2025

Qhanyaaaaaaaaa☠️☠️☠️👻

13/09/2025

MESHA E PSINYETSANE KOMITING EA BACHA EA RFP

Komiti ea bacha ea Letšolo (RFP) ebohloko ba Bethe e senang materase hoo e ngolletse komiti e kholo ea RFP lengolo leo ka lona e supang ha mongoli e moholo oa RFP, mohlomphehi Nthati Moorosi a ikentse ntšunye-khare litabeng tsa bacha, 'me taba eo e bonahala e baka likhohlano ka hare ho bacha.

Lengolo le ngotsoeng le ho tekeneloa ke mongoli oa bacha, monghali Bokang Molelle le supa ha Moorosi a na le lithatohatsi tsa hae tsa bacha ka hare ho RFP tseo a li fang matla le mesebetsi e lokelang ho etsoa ke komiti ea bacha.lengolo le baleha tjena:

"Mohlomphehi,
Ngongoreho ea RFP Youth League

Ho fihlile tlhokomelong ea rona, ka mokhoa oa tšebetso ea hau malebana le litaba tse amang bacha.

Mohlomphehi, letsoalo la rona ke h**e ha ngata u sebetsa khahlanong le khetho ea bacha. Taba ena e thefula tšebetso ea komoti ea rona habohloko. Bacha ba khethile boemeli ba bona 'me tšepo ea bona ke h**e bo ba sebeletse.

Ka chebo ea rona, boholo ba nako u fa bao bacha ba sa ba supang ho ba etella pele, matla linthong tse ngata tseo kutluisiso ekabang h**e li tsoele bacha molemo. U etsa liqeto ho latela naa uena u khahloa joang u sa natse ho etsa komiti ea bacha karolo ea liqeto tse joalo, sena se baka letlere kahara bacha.

Mohlala; Ho bile le kopano ea Cabinet le li youth league tsa li-party tse pusong, moo u ileng ua khetha h**e kopanong eo ho ee bao eseng litho tsa RFP youth league. Re bile ra imema kopanong e joalo. Mohlala oa bobeli ho bile le maeto a bacha moo u ikhethetseng bao u nang le thahasello ho bona. Ena ke e meng ea mehlala eo re ka e supang.

Mohlomphehi, ha u lokela ho haha le ho bopa bonngoe, u arola bacha. Taba ena e sitisa komiti ho sebetsa. Liketso tsena li thefula lerato la bacha ho RFP le ho ba hlokisa tšepo ho rona re le komiti ea bona. Liketso tsena li boela li sitisa kholo ea party le ho timetsa lipolotiki tsa rona re le bacha ba let’solo.
Ntlha-kemo ea rona ho uena ke h**e u sebeletse ho bopa bonngoe ba bacha ba RFP. Menyetla eohle e amang bacha, e fetele ho bacha ka komiti ea bacha.

Rea leboha, rona ba tsena; Motlatsi oa molula-setulo, Mongoli, Motlatsi oa mongoli, Ramatlotlo, Phala,
Setho-moeletsi."

Le ha ho le joalo, ha ho tsebahale h**e na lengolo lena le se le fihlile ho mohlomphehi Moorosi kapa che.

13/09/2025

13 LOETSE 2025

PIRISIPHITHERI EA MASITISE ETLA TS'OARA MOKETE O MOHOLO KA JENO

Kamora lilemo tse leshome le metso e meraro kereke ea LECSA eqetetse ho ts'oara mokete o moholo PIRISIPHITHERING ea Masitise,kajeno molatoa khomo ho hlajuoe ea bo bona hape.

Ke lihlopha hotsoa literekeng ka hofapana tse bonahalang liphuthehile, Eka sitana le hotsoa naheng ea Afrika Boroa.Sena sere hona ke Mokete o moholo haholo oa Mokhatlo oa banna le bahlankana moo ho tla tlotlisoa lentsoe la molimo, moo teng hotla qaloa ka litlholisano tsa 'mino le metjeko eba ha morao
Hotla rorisoa molimo bosiu kaofela.

13/09/2025

Ele h**e p**a engata ka MPHOJOA ka moo fela, Kapa le moo oleng teng e ngata 🙆

13/09/2025

Oko arabe ka puo ea leleme la Hao hoseng hoa kajeno kea qala:

Dumelani👋

Address

Quthing

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Quthing HOT News posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Quthing HOT News:

Share