22/05/2022
Basotho ba heso nako ea likhetho e atametse, Mme ke nakong ena eo ke letsebisang ka ho amohela lengolo la ho emela likhetho TSA 2022 ke lekhotla la lipolotiki le bitsoang people's convention (PC) Qhobosheane ea sechaba ka labohlano la la 27/05/2022 . Ho tsoa ho komisi e ikemetseng ea likhetho (IEC).
Ke boetse ke etsa khoeheletso ho batho bohle ba ka bang le thahasello ea ho ntlafatsa Naha ena mafapheng a fapakaneng ho tla tlatsetsa ka litsebo tsa bona kholisong ea lekhotla le Naha ka kakaretso.