Botsa Sehoai

Botsa Sehoai Fumana litaba tsa temo Rametse Hatchery and Poultry Supplies is an Agency that imports poultry equipment from South Africa and and China.
(1)

We also supply different breeds of chicken from a day old chick to a full grown chicken.

HLOOHO TSE 11000+ TSA HANYANESE MAFETENG Polasing ea ntate Monts'i Monts'i. Ngoahola o ne a chaile cabbage kotola libalo...
08/11/2024

HLOOHO TSE 11000+ TSA HANYANESE MAFETENG

Polasing ea ntate Monts'i Monts'i. Ngoahola o ne a chaile cabbage kotola libaloa ka likete kete.

Monongoaha u theotse letsoho kaha a jetse feela kotola tse 5000+ tsa cabbage eaba u sekamela haholo tlhahisong ea hanyanese.

SEFATE SA LILAMUNI LESOTHO Lamuni Lesotho mona re  bona hangata  li rekisoa lishopong le ke baitsukoli mapatlelong a ter...
03/11/2024

SEFATE SA LILAMUNI LESOTHO

Lamuni Lesotho mona re bona hangata li rekisoa lishopong le ke baitsukoli mapatlelong a teropo tsa rona. Mme motho a ka hloma e ka sefate sa teng ha se atlehe Lesotho mona hobane ho bona sefate sa teng ke ngope sets'oha.

Empa hara toropo e kholo ea Teya Teyaneng Lilamuni li bapala bana. Hantle tlasa moo e neng e le lebala la sehlopha sa Lioli sefate se phophoma bosehla ke lamuni.

Ha u li ja monate oa tsona o feta oa lamuni tsa serese. Ha u ka eja u se hlokolosi, kholu ea tsona e ka ts'oana ea u hasa kaha e ts'oloha ka mokhoa o sa tloaelehang. Litaba li tsoela pele ka tlase.

BOIMA BO FETANG 5KG MEKOKO EA KA LERIBEE lla ka mehla Tale mona ha bosiu bo oela. Polasing e kholo ea Mofumahali Claurin...
01/09/2023

BOIMA BO FETANG 5KG MEKOKO EA KA LERIBE

E lla ka mehla Tale mona ha bosiu bo oela. Polasing e kholo ea Mofumahali Claurina Kruegl. E balloa hara tse kholo kholo Lesotho ka lebaka la ho ikhetha h'a eona.

Likhoho tse kakatletsang mona kaofela ha tsona li rekisa turu.

Mefuta e teng ke Orpington.
Buff, Blue, Black, Splash, Chocolate, Golden lace.

Brahma: Light Columbian, Light blue, Dark Silkie.

Mokoko oa mali a phethahetseng a Orpington kapa Brahma boima ba oona ke 5kg hoea holimo. Haele sethole bonyane 3.5kg hoea holimo.

Likhoho tsena li rueloa mabaka a mararo ke mokhoo theko ea tsona e bitsang tjena. Khoeli ea ho feta mona mokoko oa Black Orpington o rekisitse R14k.

Li rueloa hoea shoung , mahe le nama e monate ea tsona.

Boemo ba leholimo ba Lesotho ha bo li hlole hakalo kaha ke likhoho tse rueloang ka lihokong.

Feela, mocheso o mongata o ka li bakela "heatstroke" mme tsa timela kahona laola mocheso hokong ea hau.

Li bonolo, li hlokomeleha ha bonolo.

Empa joalo ka phoofolo e nngoe le e nngoe li hloka meriana le phepo e nepahetseng haholo ha u li ruhela bakeng sa khoebo.

"Li ea alama le ho hlokomela litsuonyana, leha hangata re qhotsisa ka mochini".
Ho rialo Mofumahali Claurina Kruegl.

KHABA LA GARLIC LE BILIETSA CHAI KHUBETSOANA MAFETENGNgoahola kola Sehoai sa Garlic monghali Matebesi Nyareli oa Makaote...
25/08/2023

KHABA LA GARLIC LE BILIETSA CHAI KHUBETSOANA MAFETENG

Ngoahola kola Sehoai sa Garlic monghali Matebesi Nyareli oa Makaoteng o ne a utile qoba tse 23000+ kaofela tsa garlic. Mme Monongoaha o ekelitse li 30 000+ ka kakaretso.

E jetsoe ho tloha mafelo a Hlakola ho fihlela Hlakubele e kolumela. Mme e tla kotuloa mahareng a khoeli ea leshome.

Ha re hetla morao re lekola kotulo ea ngoahola, monghali Nyareli u ile a bolella leselinyana h**e ba ile ba tobana le qholotso e kholo ea p**a tsa melupe ka nako ea kotulo ka hona garlic ea senyehela ts'imong ka bongata. Leha hole joalo o ile anna a ts'oasa.

POHO LI PELI TSA SAKA LENG HA JOBILE MOKHETHOANENG BEREAHa lile tjena ke manemane a meno a mabeli. Li Lula li eme kerepe...
25/08/2023

POHO LI PELI TSA SAKA LENG HA JOBILE MOKHETHOANENG BEREA

Ha lile tjena ke manemane a meno a mabeli. Li Lula li eme kerepeng h**e li hole li matlafale li be boemong ba ho hoela.

Mohlape oa bo tsona o polasing mose mono ho Mokhethoaneng Berea. Khomo tse fetang 150 kaofela li emetse moo. Tse litsebe, tse lilota tsa litonanahali.

Ha re makalla boholo ba tsona papisong lilemo tsa tsona o arabile tjena.

"Lijo ntate, Poho e hloka feela ho fepuoa hantle . Joale e se ka tsamaea baka se se lelele. Ho etsa joalo ke ho netefatsa kholo e phethahetseng. Hape ho e khethela ho tse ts'ehali ho etsa e lule e phetse hantle, e matlafetse". Ho rialo rapolasi oa Mosotho monghali Lehlohonolo Elias Mophethahatsi.

KOTOLANA TSE 9000 POLASING E NGOE HA MOTLOHI MAFETENGBeke e tlang ena kotolana tse 3000 kaofela litla qalella ho Kena mo...
25/08/2023

KOTOLANA TSE 9000 POLASING E NGOE HA MOTLOHI MAFETENG

Beke e tlang ena kotolana tse 3000 kaofela litla qalella ho Kena mobung hape. E hola e sieana ka boomo kh'abeche ea Mafeteng.

"Cabbage etlo tsoa ho tloha Khoeli e tlang ho fihlela ka Ts'itoe". Ho rialo Monghali Monts'i Monts'i.

NKA MALEBELA HO SEHOAI SE ATLEHILENG KHOEBONG EA LIKHOHO TSA NAMASheba na bareki ba hau ba thabela ho reka, khoho ea hau...
24/08/2023

NKA MALEBELA HO SEHOAI SE ATLEHILENG KHOEBONG EA LIKHOHO TSA NAMA

Sheba na bareki ba hau ba thabela ho reka, khoho ea hau nnehe ke u nehe ha e le bokae. Hona le batho ba ratang khoho e kholohali ha ba bang ba thabela baby chicken.

Kahona qalong u sebetsana le ho ithuta h**e na bareki ba hau ba thabela khoho e nako e kae. Sena u se fihlela ka ho hlaba likhoho tse libeke li fapaneng h**e u tlo ithute na mokhahlelo oa beke tse kae o fela ka nako e kae mmarakeng.

Sena se tla u nka nako mosotho oa heso empa ha u ka nepa boithuto bona u entse boholo ba mosebetsi o hlokahalang h**e u atlehe tlhahisong ea likhoho tsa nama.

Sehoai se ntseng se re thakela Malebela ana ke sehoai sa lilemo Mofumahali Mary Hansen.

Polasi ea hae e hlahisa likhoho tse 800 kaofela tsa nama.

U hlaba kamora beke tse hlano selemo ho pota. Likhoho tsa hae ha litsoa feela li leba mmarakeng lichuraneng le lishopong ha tse ling a ithekisetsa tsona. Mme ha u reka ho eena nako eohle u fumana le Rosemary u eo ts'asa e be monate.

Ha joale o fepela sechu le likahare tsa khoho Box 1 mini market le Motaung General Cafe bakeng seo a phelang ho sona Koalabata Maseru.

Mofumahali Hansen o boetse o fepela sechurana sa Barcelos Le San Antonio restaurant ka nama ea khoho.

A ITSENG HO LONA LIKHOHO TSA NAMA LI REKOA KA SEKOLOTO KE MANG?Potso ena e botsitsoe ke sehoai se tummeng Lesotho mona l...
24/08/2023

A ITSENG HO LONA LIKHOHO TSA NAMA LI REKOA KA SEKOLOTO KE MANG?

Potso ena e botsitsoe ke sehoai se tummeng Lesotho mona leboteng la hae la Facebook. Keha bahlahisi ba bo mmalits'ibana ba phalla ka sekhahla ho akhela a bona maikutlo holima taba ena.

Mme ba bonts'itse e le tsela khaoletsa ho leba timelong ea khoebo ea hau o le sehoai.

Utloa maikutlo a bona.

Sehoai se khahane Mofumahali Mampho Nkone o supile h**e ha u ba kolotela ba tlo u roaka ha ba lokela ho patala base ba jele. A re ba koetse lihoko ke sekoloto kaha lijo tsa liphoofolo le likhoho tsona ha li kolotisoe.

"What i know keh**e lijo tsa sekoloto limpe ebile lia tsollisa...
Batho ba kolotang haba tsoanela ho patala oa utloa sebare nnelile nyane, lile mpe tsaba tsa batsollisa ..keka hoo basitoang ho u patala". Sehoai se khahane mafumahali Coalese Papiso u fana ka hae maikutlo.

"Ba o phoqe Basotho ere ha ana le chelete ae shopong to buy braai pack, ha bo fela o tla ho uena o tlo kolota, kapa ha budget e se hantle khoeling eno, a sitoa ho reka braai pack, a tlo kolota.🙌🙌🙌🙌". Pogie Mabea Mokorosi le ena a lahlela a hae maikutlo.

Mosotho oa heso oena u eme kae tabeng ee?

LIKHOHO TSA HAU LI NOA MAHE A TSONA?Hona ke tsupo ea khaello ea phepo. Mohato oa pele ho hlola bothata bona ke ho li Pom...
23/08/2023

LIKHOHO TSA HAU LI NOA MAHE A TSONA?

Hona ke tsupo ea khaello ea phepo. Mohato oa pele ho hlola bothata bona ke ho li Poma motsu oa molomo o ka holimo. Hau qeta u chakele shopong ea lijo tsa liphoofolo u li fumanele calcium.

Ha ngata lija Mahe hobane li haelloa ke calcium lijong tseo u li fepang tsona.

Ntho e ngoe eo u ka e etsang ke ho sila likhaketlana tsa Mahe u li ts'elle lijong kaha li fupere calcium e ngata.

Oena u bo hlola joang bothata boo sehoai se khabane?

Address


Telephone

+26657706521

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Botsa Sehoai posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

  • Address
  • Telephone
  • Alerts
  • Claim ownership or report listing
  • Want your business to be the top-listed Media Company?

Share