06/05/2024
MAJANTJA A KHABANE!!
Lumelang Majantja, chaba sa Ha Mohale. Le tsebisoa mona h**e komiti ea nakoana reretsoeng ho tsamaisa ekasita le le ho hlopha litaba tsa seea-le-moea se tlang ho ba teng kahare ho setereke e leng Mohale's Hoek Civic Broadcaster (MHCB) e tsebisa sechaba sohle sa M/Hoek ka kakaretso, teropong, mathoko a eona le maluting se kupuoa ka hlompho le boikokobetso ho patala botho/seabo/subscription ba M200 ho latela molao-theo o tsamaisang seea-le-moea (MHCB)
Komiti ena ea nakoana e se nts'itse chelete eo ka litho tsohle tsa eona. Ha joale re mothating oa ho lefa Lesotho Communications Authority (LCA) mokhahlelo oa pele oa kopo ea license chelete e kalo ka M9500 eo e ileng ea bokeletsoa ke litho tsa komiti ena ea nakoana. Mokhahlelo ona o bohlokoa haholo kaha ke ona o re kenyeng kahare ho sesiu sa LCA tlasa kopo ea pele.
Kahona, re kopa tlatsetso mokhahlelong oa bobeli ho lona le le sechaba ka ho patala botho/seabo sa M200 e ntse le hona ho tlatselletsa ho patala license ka ho phethahala. Ka lehlakoreng le leng, seabo/botho like thusa h**e u nke karolo, u be le lentsoe tsamaisong ea seea-le-moea le h**e u nke karolo kahare ho AGM (Annual General Meeting). Happy seabo see thusa ho ba le bolokolohi ba ho khetha likomiti tse ratoang ke uena kaha seea-le-moea e le sa sechaba mme se tsamaisoa ke sechaba.
Botho bo tla lebelloa h**e bo felle mafelong a khoeli eona ena selemong se holimo (May 31st) re tsebe ho kena mokhahlelong oa bobeli oa lisence le LCA. Hang h**e re qete ho patalla lisence, UNESCO e tlo fa seea-le-moea thepa mahala joale ho tsebe ho qoba lerole! Re kopa h**e le arolelane molaetsa ona h**e ba hole le haufi ba tsebe, kaofela re phethahatseng morero ona oa bohlokoa kahare ho setereke sa bo rona.
Komiti ena ea nakoana e boetse e le tsebisa h**e seea-le-moea sena ha se sa mang kapa mang empa ke sa sechaba sa Mohale's Hoek. Likomiti tsohle li tlo khethoa ke lona le le sechaba ha komiti ena ea nakoana e felloa ke nako ha morero ona o moholo o