We are Trending Lesotho

  • Home
  • We are Trending Lesotho

We are Trending Lesotho it's about to get lit in Southside 🤞🏿
(1)

15/03/2024
15/03/2024

STIMELA 🚂 se tla feta Sasolburg this Sunday 📍

15/03/2024

Nna ke fifi la bonka-ntjana
Ntata Sabilone ke lomo se mefilibithi,
Ke kokoptjoe ea mara a Millicent Academy ,
Ke raqhoe ke raqhoasela ke khitlopa liesola, bo keiso oa mmamonyefoli oa ranyefolane.

Ha ke nyonyobise ke koentse hehehe bokoilitana!
Ke lekesi la ho phalalisa maheshane thoteng..
Meleko e nkhitlopa ke inyeka leqeba ke tatamale!
Bankholise mpetsitse sekoai, ba re kola ke khutle le sona!

Ha ke ntho'a ho ja poqoka-hlanaka, esale ka matjeke!
le eona nonyana e hlothoa ke masea lapeng haka!
Ke sa akhela ka sesiung!
Nna le bohofe ke sa-ntja-le-katse

Ntoa e lehopo, e lehoripa! Ke e hlanaka selula-matsoapong ntse phunyeletsa oa ka linareng...
Tsikitlano tsa meno,
Litsietsi tsa tsietso oa mahlomola, mochana masoetsa!
Ke hoebeletsa ke lomme bebebe!
Nka nyoefela joang mahlong a lira?

Ha ke nyonyobise kea loana...
Ka sehlethela se setala ke kh'oefela BOFUTSANA!
Sentle ke ho boea le marungoana!

Ntjeng bannaaaaaaa👏🤜🤜🤜🤜💪💪💪

Oena u mang?

15/03/2024

🚨🚨🚨🚨

15/03/2024

Good morning!

Morning Forecast (15-03-2024)

TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMO

Le hlakile ka maru a fokolang libakeng tse bohareng le tse ka bochabela ho naha ‘me ho mahareng ka moea o fokang o le bobebe ho hlaha leboea-bochabela. Ho ka lebelloa h**e le koahele ka ho khetha libaka ho futhumale ho isa ho chesa ha le ntse le phahama empa ho be mahareng libakeng tse ling ka maloting ka moea o fokang o le bobebe ho isa o eba mahareng ho hlaha leboea-bophirima.
Maemo mohatsela (minimum temperatures) a tlaase mesong ea kajeno papisong le masiu a hofeta joalokaha ho ne ho lepuoe. Leha ho le joalo, re ka lebelloa moqebelo motseare le Sontaha ho chese!
LIKHOMO!!!

15/03/2024

"📸 Calling NUL photographers! 🌟 Join , showcase campus beauty, and celebrate unique perspectives! Submit now! "

15/03/2024

L I K H O M O B A S O T H O

Prints Are Now Available For Both Artworks At R4500

14/03/2024
14/03/2024
14/03/2024

Tšoaea cameraman holima limaraka tse leshome, u mo fa bokae?

Address


Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when We are Trending Lesotho posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

  • Address
  • Alerts
  • Claim ownership or report listing
  • Want your business to be the top-listed Media Company?

Share