08/07/2025
BONA MONNA EA EPELANG BATHO KA LENGOPENG
Litaba ka LMPS
Mohanoe “Sebata” Silase (43) oa Ha Montoeli, Tšakholo, Mafeteng o hlahile ha khutšoane Lekhotleng la ’Maseterata Mafeteng, ka pel’a ’Maseterata Ramabele, bochochising ba Mochochisi Tšenoli, ka La Supa Phupu Monongoaha; a qosoa ka polao ea batho ba bararo.
Puisanong le Detective Police Constable (D/P/C) Katiso Tsietsi ho tsoa Ofising ea Mafokisi Tšakholo, Mafeteng o re ka Moqebelo oa La 28 Phuptjane Monongoaha ka meso, ha mapolesa a le tšebetsong, a bone koloi ea 4+1 e eme pel’a ’moshara, oa Tšakholo.
O re a ile a ea ho eona, a fumana e le mali ka hare, feela ho se batho; hang-hang ba thakhola letšolo la ho batla se etsahetseng le sechaba sa Mohlanapeng, Qalabane le mahokela a Ha Patsa.
A re ka La 30 Phuptjane Monongoaha, sechaba se ile sa fana ka monyenyetsi oa h**e se bona totoma ka lengopeng, Ha Montoeli. O re mapolesa a fumane qubu ea mobu le majoe; ha ba e tlosa ba fumana bafu ba babeli ba thatetsoe ka kobo e le ’ngoe, ba e-na le maqeba a ho thunngoa.
D/P/C Tsietsi o re lipatlisiso li lebisitse ho moqosuoa, ‘me a tšoaroa ka La Pele Phupu Monongoaha. A re sethunya sa 9mm le likulo tse 16, fonofono ea mofu, liphapho tse mali le kharafu e sebelitseng ho chekela bafu, tsa fumanoa ho eena.
pelaelo ke h**e Silase o sebelitse le banna ba bang babeli bao e sa leng ba ipha limenyane, ’me liphuputso li sibollotse ha sesosa e bile h**e moqosuoa, o ne a batla chelete ea seporo ho ea Afrika-Boroa.
O re ke ha ba rera mofu kaha e le moqhobi oa lephele; ba mo letsetsa sa mokana eka ba hloka ho hira koloi, ha ba tla ba tšoasa.
Moqosuoa o emetse nyeoe a le ka banning, ’me o tla boela a hlaha khotla hape ka La 21 Phupu Monongoaha.