![[LITABA]: E le ho atolosa thuto baneng ba Basotho, Econet Telcom Lesotho le Higher Life Foundation li nehelane ka chelet...](https://img5.medioq.com/345/913/759883703459133.jpg)
14/08/2025
[LITABA]: E le ho atolosa thuto baneng ba Basotho, Econet Telcom Lesotho le Higher Life Foundation li nehelane ka chelete e kalo ka M1 Million ho lekala la thutho le koetliso Maseru maobane.
Chelete ena e reretsoe ho thusa ho patalla bana ba Grade 11 ba tsoang malapeng a hlokang ho ngola litlhahlobo tsa bona tsa makhaola khang.
Ho sa le joalo, Mookameli e moholo oa Econet Telcom Lesotho, Dennis Plaatjies, puong ea hae o hlalositse ha ba lumela h**e ngoana emong le emong o lokela ho kena sekolo a be a phethele lithuto tsa hae ‘me ke ka hoo Higher Life Foundation e kenyang letsoho ho bona h**e bana ba hlokang ba thusoa ele h**e ho se be le ea sallang morao.
Letona la thuto le koetliso, Dr. Ntoi Rapapa, o bontšitse ha Econet e sa thusa lekala la thuto le lekala la nts'etso-pele ea sechaba fela, empa e file bana ba tsoang malapeng a kojoana li mahetleng tšepo bophelong, kaha ba tlilo atleha ho ngola lihlahlobo tsa bona. A boela a ipeletsa ho mesuoe hloho ea likolo ho tlohela ho leleka bana ba kolotang sekolong ka ha sena se tima ngoana monyetla oa h**e a ithute.
Ke bana ba 439 ba tsoang likolong tse 167 ba tlilo fumana thuso ea ho patalla lihlahlobo tsa bona tsa mapomela.
Litaba ka Liopelo Ntšetsi