10/12/2025
๐ฆ๐๐ก๐ก๐๐ฅ๐ ๐๐ ๐ฃ๐๐ข๐๐ ๐๐ ๐๐ข๐ฅ๐ข๐ ๐๐ ๐๐๐ข๐๐ง๐๐ ๐ ๐ข๐ง๐๐ข ๐ ๐๐๐๐๐ฅ๐
Libini tse tummeng tsa Lesotho Relebohile โSannereโ Monaphathi le Tlotliso โPhoka ea Boroaโ Monakane, ba matjaleng ka morโa h**e Thabang Nyelele a hlahlele nyeoe Lekhotleng le Phahameng a ba batla matลกeliso a ๐๐ ๐๐๐ ๐๐๐.
Ho ea ka lisamane tseo leselinyana la ๐ก๐ฉ๐๐ฑ๐๐ด๐ก le li boneng, Nyelele o hlahletse nyeoe maobane ka โMuelli oa hae Advocate Grace Nqae oa Enlightened Legal Solutions, moo a qosang bobeli bona hammoho le kompone ea bona ea โmino ea Metsoaka Nersan Records.
Nyelele o re ka meso ea la 9 November o ne a tsoa tameneng e โngoe ea Maseru โme a bo khile ka likhopo, ke moo e itseng ha a tsoela ka ntle a lemoha sehlopha sa banna ba loanang, ha a atamela a fumana h**e ho khakhathoa motsoalle oa hae Thabang Thamae.
โKe ile ka hoeletsa sekhakhatha seo se neng se kenyelletsa Sannere le Phoka ea Boroa h**e ba khaotse ho otla motsoalle oa ka, ka ba ka ba roaka kaha ke ne ke inoelletse,โ o rialo Nyelele.
O re ke moo a ileng a leka ho thusa motsoalle oa hae a neng a se a tjapalletse fatลกe a ba a suthumentsa e mong oa banna bao a ba fumaneng moo, ea bao baa mokhorohela, ke moo a ileng a leka ho baleha empa a hloloa ke botaoa โme a oa.
O re o ile a bona Sannere a ea koloi a lata molamu oa lebetlela โme a fihla a teteka ka ona, hoo a bileng a mo choatla mohlaare ha Phoka ea Boroa le banna ba bang bao a belaelang ba sebeletsa Metsoaka ba ntse ba mo otla ba bile ba mo binakela ka lieta.
O re ka morโa moo, o ile a mathisetsoa sepetlele, moo a ileng a isoa seiponeng, โme sa bontลกa ha a choatlehile mehlare, hoo a bileng a fasoa ka literata.
Ka hona o re Sannere, Phoka ea Boroa le Metsoaka ba mo tลกelise ka ho mo tokhotsa, ho mo bakela bohloko, ho mo kenya litลกenyehelong tsa bongaka le ho etsa h**e a lahleheloe ke lekeno khoebong ea hae.
Baqosuoa ba na le matsatsi a supileng ho bontลกa h**e na baa mo lefa kapa ba batla nyeoe e kene ka khotla.
Litaba ka koranta ea The Post