Mafeteng Community Radio

Mafeteng Community Radio Ena ke radio ea Mafeteng

09/04/2026

MOHAISANE O KOETELA NGOANA

Bosiung bo selang labobeli , motseng oa Thabaneng ho fumanoe ngoana oa moshanyana ea hakanyetsoang lilemong tse hlano kapa ho feta a nyametse lapeng habo , eka ke ngoana ea lulang le ntate oa hae fela mme ntate o ne ale sio ka mabaka a siile ngoana ale mong hatla nyamela.

Hang hang morena le mahokela a motse oo ba ile ba thakhola lipatlisiso ke moo li ileng tsa lebisa ho ntate eo eleng mohaisane lapeng labo
lehlasipa, mme ba fela ba fumana ngoana moo.
Menyenyetsi e supa ha mohaisane a ntse a matha ka mapoleseng mme sepolesa se thakhotse lipatlisiso.

09/04/2026

TICHERE E A HLOLOA LILEMO TSE LESHOME

Tichere ea Kingsgate Primary eleng monghali Rorisang Makoetlane o fumanoe a le molato qosong ea ho shapa le ho khakhatha Morutoana hoo a bileng a kena Sepetlele. Moahloli kopung o boletse ha a tla ahlola tichere ena ho itefella Likete tse Leshome kapo ho hlola lilemo tse Leshome ntloana- tsoana.

Moahloli Kopung o bonts'itse ha a hlokometse h**e monghali Makoetlane o hlokile boikokobetso le ho bonts'a tsoabo litabeng tsena hobane ha ka etsa boikitlaetso ba ho kopana le Batsoali ba ngoana 'me ho fihlella litaba li fihlile makhotleng.

03/04/2026
02/04/2026

Lechaea le boella motseng oa Halumisi ho boetse ho utsuoe cable hape lapeng le leng maqalong a beke ena,malapeng ao a ileng a senyetsoa haso fumane thuso ea ho hokelloa motlakase. Ho fihlela ha joale ke malapa a akanyetsoang ho 13/14 ba senyelitsoeng

01/04/2026

Letsatsing lena motseng oa Hamohlehli le Hamatsie hotla thakholoa khokelo ea motlakase,letona la motlakase mohlomphehi Moleko,mongoli oa lekala la matla le mokhethoa oa lebatooa la Qalabane e tlaba baeti ba bohlokoa.

Litile-litile tsa sechaba se tlileng toropong hotla reka paraffin ka mora  polelo e reng litheko litlo nyoloha kajeno ka...
31/03/2026

Litile-litile tsa sechaba se tlileng toropong hotla reka paraffin ka mora polelo e reng litheko litlo nyoloha kajeno ka khitla.

Holong ea Bereng High School ho t'soeroe Conference ea Matichere a LECSA.
31/03/2026

Holong ea Bereng High School ho t'soeroe Conference ea Matichere a LECSA.

Hothoe kotsi ena e etsahetse Motsekuoa moo teng ho pholohileng motho ale mong mme ba babeli bantse baso pholohe.
27/03/2026

Hothoe kotsi ena e etsahetse Motsekuoa moo teng ho pholohileng motho ale mong mme ba babeli bantse baso pholohe.

26/03/2026

Ntate moholo oa setloholo se ileng sa nyamela sebakeng sa T.morena beke e fetileng o fumanoa ka mora matsatsi a batloa a le lilomong, o bile khasong moo a neng a bolela mohla ketsahalo h**e na ho etsahetseng ha setloholo setla nyamela.

26/03/2026

Monna oa khabela kharebe ea hae likoto koto Thabang Sebinane o hlaha khotla kajeno Mafeteng.

Address

Haramokhele
Mafeteng

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Mafeteng Community Radio posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share

Category