Bokamoso Daily News

Bokamoso Daily News We offer news from in and outside the country without any fear or favour. fumana litaba tsa ka hare le kantle ho naha. Bapatsa le rona ka litjeo tse tlase haholo

BASOTHO BA TEKA SELLO SA BONA HO MATEKANE MOHOANTONG Bokamoso News 31.10.2025Joalo kaha re tlalehile h**e ho ts'oeroe mo...
31/10/2025

BASOTHO BA TEKA SELLO SA BONA HO MATEKANE MOHOANTONG

Bokamoso News 31.10.2025
Joalo kaha re tlalehile h**e ho ts'oeroe mohanto o moholo motse-moholo Maseru, moo Basotho ba isang lengolo la litletlebo ho Mohl. Sam Matekane, ho fetse ho bile joalo. Har'a tse keneng lengolong la litletlebo ka 'muso oa Matekane, ke tse latelang;

1. 'Muso o bone h**e theko ea motlakase ea theoloa, motlakase oa M20.00, o etse 20 units.

2. 'Muso o etse molao oa h**e seterateng, theko ea lintho e ts'oane, mohlala, ha apole e rekisoa M2.00, e rekisoe bokalo ke baits'okuli bohle.

3. 'Muso o bone h**e mabenkele a melata, a koalla chelete libankeng tsa Lesotho.

4. H**e 'muso o bone h**e baits'okuli ba tebetsoeng seterateng ke oona, o bone h**e o ba fa sebaka. Ho seng joalo, ba tla khutlela libakeng tsa bona ba sa natse ho lelekoa.

5. Lengolong la litletlebo ho boela ho hlahella h**e balli ba hopotsa tonakholo h**e o ts'episitse bacha mesebetsi e 62 000, 'me lengolong, balli ba re ha 'muso o ntse o etsa maoala a ho lokisa mesebetsi eo, 'muso o bue le Afrika Boroa, h**e Basotho ba phelang naheng eo, ba nolofalloe ke ho sebetsa teng.

6. 'Muso o etse bonnete ba h**e sechaba ha se sokole lipasa le liID.

7. Ho be le ho theoleloa ha matla sechabeng, ho macanselara.

8. Tonakholo a bone h**e 'musong oa hae, bohatelli e ba pale ea maobane. Mohlala eaba h**e liealemoea tse ling li ea khaoloa moeng ha tse ling li sa khaoloe.

9. H**e Makhotla a bele Dr. Ts'epo Lipholo toka.

10. Lengolong, kopo ke h**e ha 'muso o hira, le batho ba phelang le bokooa, ba kenyeletsoe. Mohlala, ha e ba ho hiroa 100 ea batho, 10% e be ea batho ba phelang le bokooa.

11. 'Muso o tsoe litsing tsa ts'ireletso, masoleng, mapoleseng le mautloeleng joalo-joalo.

12. 'Muso o bone h**e manyolo a ea fumaneha ho batho bohle, le ho ea rekang mokotla o le mong.

13. H**e 'muso o buisane le America, litarrif e be 10% joalo ka linaheng tse ling, le h**e 'muso o fumane AGOA hape.

Tsena ke tse ling tsa litaba tse hlaheletseng lengolong la litletlebo. Beng ba mohoanto, ke mekhatlo e 'maloa ea basebetsi, e kang NACTO, Lentsoe la sechaba, le e mong, 'moho le mekhahlelo ea sechaba e kang ea bacha le baits'okuli. U hlokomele h**e Mohl. Sam Matekane o ne a le siko ho amohela lengolo, 'me o romelletse moifo oa Letona ofising ea tonakholo, Mohl. Limpho Tau a itseng lengolo leo le tla fihla ho tonakholo. Le Bahlomphei Mokhethi Shelile le Ts'eliso Mokhosi ba bile teng, e le matona. Mohl. Tau o itse Basotho bao ba entse hantle ho lla ka tsela e nepahetseng.

Ke mohoantong ona moo ho neng ho binoa lipina tse kang; "O leshano Ntsokoane, o palame terekere..."

Phomotsa moratuoa oa hau borokong ba ho qetela ka hlompho ka ho kopana le ba ha Tsibela Tomb Stone.

1. Ba tla u etsetsa majoe a matle a mabitla.
2. Ba tlo boela ba u etsetsa lits'epe tse ntle tsa mabitla.
3. Ba lokisa le mabitla a senyehileng.

Tsena le tse ling u ka li etsetsoa ka litjeo tse loketseng boleng bo batloang ke uena.

Ba fumaneha Maseru empa le libakeng tse ling ba ka fumaneha.

Call: +266 59169469.
WhatsApp: +266 62169469
__

U hopole Mohl. Sam Matekane ka 'muso oa hae o amohela thepa ea temo Ha Foso.
31/10/2025

U hopole Mohl. Sam Matekane ka 'muso oa hae o amohela thepa ea temo Ha Foso.

Mohoanto oa Basotho ba sa khotsofallang 'Muso oa Lesotho o ntse o tsoelapele. Ho isoa lengolo la litletlebo ho Tonakholo...
31/10/2025

Mohoanto oa Basotho ba sa khotsofallang 'Muso oa Lesotho o ntse o tsoelapele. Ho isoa lengolo la litletlebo ho Tonakholo.

MATEKANE HA A TLO BA TENG MOHOANTONG? Bokamoso News 31.10.2025U tla hopola h**e kajeno ho tla ba le mohoanto o moholo, o...
31/10/2025

MATEKANE HA A TLO BA TENG MOHOANTONG?

Bokamoso News 31.10.2025
U tla hopola h**e kajeno ho tla ba le mohoanto o moholo, oa batho ba sa khotsofallang tsela eo 'Muso oa Lesotho o ts'oereng litaba tsa puso ka oona. Ka hona, ho tla ba le mohoanto o moholo oa ho isa lengolo la litletlebo ho tobakholo, Mohl. Sam Matekane. Ho sa le joalo, eka Mohl. Matekane ha a na ba teng ho amohela lengolo leo la litletlebo, o tla be a phathahane, a le Ha Foso moo a tlang ho amohela thepa ea temo ho hlaha China(sheba e 'ngoe ea thepa eo a tlang ho e amohela lits'oants'ong). Menyenyetsi e re lengolo le tla amoheloa ke Mohl. Mokhosi lebitsong la tonakholo.

Texas Fleet Management e hirisa makoloi a matle, a makhethe, ka litjeho tse tlase. Hira makoloi ana, u phethe mabaka a ka hare le kantle ho naha.

Letsetsa kompone ena ea bo Global Cure Organic Remedy.

Letsetsa: +266 5888 8413.
__

UTLOA TUMELLANO EA 'MUSO OA LESOTHO Bokamoso News 30.10.2025Muso oa Lesotho o tekenne tumellano le Lesotho Post Bank e r...
30/10/2025

UTLOA TUMELLANO EA 'MUSO OA LESOTHO

Bokamoso News 30.10.2025
Muso oa Lesotho o tekenne tumellano le Lesotho Post Bank e reretsoeng ho thusa lihoai tsa Basotho ho reka thepa ea masimong.

Ka tlas’a lenaneo lena:

1. Ho tla fuoa lihoai literekere le lisebelisoa tse ling tsa temo tse 500

2. Ha ho hlokahale depositi (Zero Deposit);

3. 40% ea thepa ena e tla abeloa bacha ba ntseng ba kenella temong;

4. Tefo e tla etsoa hang ka selemo; kamora h**e lihoai li kotule.

Lenaneo lena le reretsoe ho matlafatsa tlhahiso ea temo le ho thusa lihoai, haholo-holo bacha, ho fumana lisebelisoa tsa sejoale-joale tsa temo ntle le moroalo oa ho patala hang-hang.

Phomotsa moratuoa oa hau borokong ba ho qetela ka hlompho ka ho kopana le ba ha Tsibela Tomb Stone.

1. Ba tla u etsetsa majoe a matle a mabitla.
2. Ba tlo boela ba u etsetsa lits'epe tse ntle tsa mabitla.
3. Ba lokisa le mabitla a senyehileng.

Tsena le tse ling u ka li etsetsoa ka litjeo tse loketseng boleng bo batloang ke uena.

Ba fumaneha Maseru empa le libakeng tse ling ba ka fumaneha.

Call: +266 59169469.
WhatsApp: +266 62169469
__

Lumelisa batho bana ba 'mino oa koriana ba seng ba le 'moho, ba utloana.1. Mantsoaki. 2. Mahooe. 3. Sebotsa. 4. Senki. 5...
29/10/2025

Lumelisa batho bana ba 'mino oa koriana ba seng ba le 'moho, ba utloana.

1. Mantsoaki.
2. Mahooe.
3. Sebotsa.
4. Senki.
5. Makokoana.
4. 'Mako Masupisa.

Ka Labohlano ho tla ba le mohoanto oa batho ba sa khotsofalang ke 'muso oa mohlomphei Sam Matekane.
29/10/2025

Ka Labohlano ho tla ba le mohoanto oa batho ba sa khotsofalang ke 'muso oa mohlomphei Sam Matekane.

UTLOA NALANE EA MONGA SEHLOPHA SA KAIZER CHIEFS Bokamoso News 29.11.2025Mothehi oa sehlopha sa bolo sa Kaizer Chiefs FC,...
29/10/2025

UTLOA NALANE EA MONGA SEHLOPHA SA KAIZER CHIEFS

Bokamoso News 29.11.2025
Mothehi oa sehlopha sa bolo sa Kaizer Chiefs FC, Kaizer Motaung, o qeta lilemo tse 81 khoeling ena, kaha a ne a hlahe ka la 16 Mphalane 1944.

Ho latela litaba tsena tseo ke li hapileng pokellong ea Mahmoud Jay Letsie, Kaizer Motaung o hlahetse Orlando East, Soweto. A hola a bapalla sehlopha sa motseng eleng Orlando Pirates, ho tloha ka selemo sa 1960, pele a ka ea mose ho maoatle naheng ea Amerika ka selemo sa 1968 moo a ileng a bapalla Atlanta Chiefs. Papaling ea hae ea pele khahlanong le Manchester City ea England, Kaizer Motaung a hlaba lintlha tse peli a bile a kena a tsoa bencheng. Ba hlola papali eo ka 3-2.

A nka selemo feela kaha ka selemo sa 1969 a ile a tla hae ho tla leka ho kena lipakeng likhohlanong tse neng li rena kahara tsamaiso ea sehlopha sa habo sa Orlando Pirates. Likhohlano tsa hana ho ea moriting. Tsa baka karohano. Eena le ba mo setseng morao ba theha Kaizer Chiefs FC ka selemo sa 1970. Hang kamora ho theha, a ba a tlisa sehlopha seo Matsieng ho Motlotlehi Moshoeshoe II le ho Tonakholo Leabua Jonathan.

Kaizer Motaung eo baholo ba hae ba hlahang seterekeng sa Mafeteng Lesotho, o kopantsoe ka lenyalo ka 1969 le Valeta oa Kwa Thema, Springs, eo haele hantle a metso ea hae e kollang naheng ea Somalia. Ba sitsoa ka bashanyana ba bararo, Thabo ea sa na fete, Bobby le Kaizer Motaung Jr, β€˜moho le banana ba babeli, Jessica le Kemiso.

Litaba tsena re li nkile leboteng la Eshkar John Masiu. Ke lebota le tlalehang litaba tsa lipapali. Le latele le uena Mosotho e motle.

Bakeng sa letlalo le mafura sebelisa Aqueous cream ea Global Cure Organic RemedyπŸ‘βœ¨βœ¨πŸ’«e hantle haholo bakeng sa ho etsa letlalo le letle le sekono le senang makhopo, le hona ho tlosa lidark spots tsa makhopho le tsa bo litlapeli πŸ™ E etsa letlalo le letle le smooth le glowang e ofa e natural glow 🌟πŸ₯΅E itlotsa batho ba baholo le bana ha e khethe πŸ’ƒπŸ’―E itlotsa lelapa kaofela 😊 motho ha o Sheba Mona otla bona letlalo la hao lele mongobo lele boreleli ebe ekare a Ka Lula antsa o pholla πŸ˜‚πŸ˜‚πŸ˜‚korr e etsa motho a sekono hona hoo πŸ˜ŠπŸ‘ha o itlotsa ka eona o lebale ka chubaba, eczema, lefafatsane litlapeli le makhopho ❀️❀️❀️πŸ₯°πŸ₯°hare beng batle lehlabuleng Lena baratuoa πŸ’ƒπŸ’ƒπŸ’ƒπŸ’ƒπŸ₯΅.

Call: +266 59000013.
__

'MUSO OA MATEKANE O PECHA CHUBABA - MATEKANEBokamoso News 28.10.2025Mocha a ntseng a ts'oere ka natla ho bona h**e 'Muso...
28/10/2025

'MUSO OA MATEKANE O PECHA CHUBABA - MATEKANE

Bokamoso News 28.10.2025
Mocha a ntseng a ts'oere ka natla ho bona h**e 'Muso oa Lesotho o phethahatsa lits'episo tsa oona, Ts'olo Thakeli, a tummeng ka lebitso la Tjeka Tjeka, maobane leqepheng la hae, o itse Basotho ba ke ba buoe na Mohlomphei Sam Matekane, o se a entse eng e qalileng ka eena. O re seo a se bonang, ke h**e 'muso oa Matekane, o pecha chubaba, hona le ho felisa sesosa sa eona. Sets'oants'o sena sa chubaba, o ne a se etsa a bapisa le h**e 'muso, o itsebela feela ho pecha likoti tsa litsela tse entsoeng ke mebuso e fetileng.

Sena Tjeka Tjeka o ne a se bua kamor'a h**e 'Muso oa Lesotho nakong ea ho feta o thehe komitjana e tlang ho tsomana le lits'a le thepa ea 'muso e jooeng. Ke moo ho 'nileng ha hlahella h**e MGC ea Matekane, le eona e ahuoe sets'eng sa 'muso. Ke moo komitjana eo e qhaluoeng.

BONA THEPA E NTLE LIFOTONG. RE EA DURBAN SUNDAY, U FUMANA THEPA LABORARO. RE U REKELA KA LI PRICE TSA TENG, UENA O
U PATALA SERVICE FEE FEELA. RE MASERU EMPA BATHO BA LITEREKENG RE BA ROMELLA KA LIKOLOI TSA BAETI.

JOIN WATSAPP GROUP E LATELANG HO BONA TSE LING TSE NTLE HAHOLO. KA CUSTOMER SERVICE RE PELE MAANEπŸ‘‰πŸ₯³πŸ«‘.

HO JOINER WHATSAPP GROUP EA RONA, PENYA MONA>>> https://chat.whatsapp.com/LIXC14
__

Bakeng sa letlalo le mafura sebelisa Aqueous cream ea Global Cure Organic RemedyπŸ‘βœ¨βœ¨πŸ’«e hantle haholo bakeng sa ho etsa le...
28/10/2025

Bakeng sa letlalo le mafura sebelisa Aqueous cream ea Global Cure Organic RemedyπŸ‘βœ¨βœ¨πŸ’«e hantle haholo bakeng sa ho etsa letlalo le letle le sekono le senang makhopo, le hona ho tlosa lidark spots tsa makhopho le tsa bo litlapeli πŸ™ E etsa letlalo le letle le smooth le glowang e ofa e natural glow 🌟πŸ₯΅E itlotsa batho ba baholo le bana ha e khethe πŸ’ƒπŸ’―E itlotsa lelapa kaofela 😊 motho ha o Sheba Mona otla bona letlalo la hao lele mongobo lele boreleli ebe ekare a Ka Lula antsa o pholla πŸ˜‚πŸ˜‚πŸ˜‚korr e etsa motho a sekono hona hoo πŸ˜ŠπŸ‘ha o itlotsa ka eona o lebale ka chubaba, eczema, lefafatsane litlapeli le makhopho ❀️❀️❀️πŸ₯°πŸ₯°hare beng batle lehlabuleng Lena baratuoa πŸ’ƒπŸ’ƒπŸ’ƒπŸ’ƒπŸ₯΅.

Call: +266 59000013.

28/10/2025

Mohlomphehi tonakholo Ntsokoane Sam Matekane o qeta lilemo tse tharo a ne a hlomamisoe, e le tonakholo kajeno.

O TINGOA BEILI KA HO BETA MORALI OA HAE A 11 YEARSBokamoso News 27.10.2025Ts'otleho Khobotle a lilemo li 55 oa Ha Jimisi...
27/10/2025

O TINGOA BEILI KA HO BETA MORALI OA HAE A 11 YEARS

Bokamoso News 27.10.2025
Ts'otleho Khobotle a lilemo li 55 oa Ha Jimisi, o tinngoe beile kamor'a ho e kopa Lekhotleng ka pela Moahloli Mamorojele Qoo. Sena se tla kamor'a ho tobana le nyeoe ea peto khahlanong le morali oa hae oa mali a lilemo li 11, nyeoeng e ileng ea tlalehoa ka la 18 khoeling e holimo. Lipampiri tsa Lekhotla, Khobotle o qosoa ka ho kenya koma ea hae ka kukung ea ngoana enoa oa hae a lilemo li 11.

Kopong ea hae ea beili, mabaka ao a tekileng, e bile h**e a lokolloe kaha e le eena feela a phelang le ngoana, a re o na le lifariki le likhooho, 'me o lokela ho li hlokomela. Ho sa le joalo, Adv. Thabo Motlomelo, o ile a ema khahlanong le kopo ena ea beile. Eena mabaka a hae, e bile h**e kaha moqosuoa le lehlatsipa ba phela tlasa marulelo a le mang, ho mo lokolla ho tla beha bophelo ba hae tsietsing. O tla boela a hlaha khotla ka la 4 khoeling e tlang.

Phomotsa moratuoa oa hau borokong ba ho qetela ka hlompho ka ho kopana le ba ha Tsibela Tomb Stone.

1. Ba tla u etsetsa majoe a matle a mabitla.
2. Ba tlo boela ba u etsetsa lits'epe tse ntle tsa mabitla.
3. Ba lokisa le mabitla a senyehileng.

Tsena le tse ling u ka li etsetsoa ka litjeo tse loketseng boleng bo batloang ke uena.

Ba fumaneha Maseru empa le libakeng tse ling ba ka fumaneha.

Call: +266 59169469.
WhatsApp: +266 62169469
__

Address

Matholeng
Mafeteng
0900

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Bokamoso Daily News posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Bokamoso Daily News:

Share