03/06/2026
Leha re hlotsoe empa rea leboha hobane ka holimo ho tsohle re binetse lets'oele la khotsofala...🇱🇸🙏 rea leboBasotho Arts & Cultural Experiencence
REA LEBOHA MATŠEKHA LE LINARE
Mokhahlelo oa pele oa Litlholisano tsa Mangae o phethetsoe ka makhethe haholo hlakoreng la Bochabela, 'me re rata ho leboha bohle ba nkileng karolo: batšehetsi, baahloli, le sechaba sohle se ileng sa tla ho tšehetsa talenta le moetlo oa rona, ka ho khetholoha re leboha lihlopha tse nkileng karolo; re re ho lona hona esale qalo feela le kamoso hape re 'ne re tlamahaneng joalo.🙏🏻
Tšehetso, boitelo le lerato la lona pineng le litabeng tsa bochaba ba Basotho li entse h**e mokhahlelo ona e be o atlehileng haholo.👏🏾
Rea leboha matšekha le linare ka ho boloka moetlo oa rona o phela le ho o fetisetsa melokong e tlang. 🇱🇸❤️
Re labalabela ho kopana le lona hape mekhahlelong e tlang!
Re ea re lebile mokhahlelo oa pele hlakoreng la Bophirima joale.
Ke Selemo Sa Basotho, Selemo ho pota!