Leholi news24

Leholi news24 Leholi news24 ke koranta e phatlalatsang litaba tsa morao-rao tse etsahalang lefats'eng ka bophara. Hape Leholi ena le phatlalatso ea likheo tsa mesebetsi.
(1)

07/12/2025

LESOTHO : Tseba liea-lemoea tse neng li hasa puo ea Moetapele oa DC, Maliepetsana kajeno. Moafrika le Mapholi FM

07/12/2025

U lumellana le maikutlo a Mathibeli Mokhothu h**e Molaoli oa mehleng sesole sa Lesotho, Lt.Gen. Tlali Kamoli a fuoe beili?

07/12/2025

LESOTHO : Temo e putlame pusong ea RFP hape sechaba se ingoeloa ke school fees- Mathibeli Mokhothu

LESOTHO07.12.2025   //15:00hrs Litaba ka bokhuts'oaneMokhethoa ea lebatooa la Qoaling, Maseru e bile e le Letona la Lihl...
07/12/2025

LESOTHO
07.12.2025 //15:00hrs

Litaba ka bokhuts'oane
Mokhethoa ea lebatooa la Qoaling, Maseru e bile e le Letona la Lihloliloeng o tlalehoa a nehelane ka selai-selai sa koloi ea mofuta oa Honda Fit motebong oa sepolesa sa Qoaling kajeno.

Mohl. Mohlomi Moleko o ikotlile pokotho ka sepheo sa ho thusa motebo oa sepolesa sa boletsoeng ho qhautsa litloli tsa molao kaho panya hoa leihlo.

LESOTHO07.12.2025   //14:46hrs Litaba ka lits'oants'oBona seboka sa Democratic Congress, Maliepetsana, Mafeteng kajeno.
07/12/2025

LESOTHO
07.12.2025 //14:46hrs

Litaba ka lits'oants'o
Bona seboka sa Democratic Congress, Maliepetsana, Mafeteng kajeno.

07/12/2025

U reng ka ts'isinyo ea mapenshelara a Maparamente a mehleng a reng 'muso o ba ekeletse penchele ka 50%?

LESOTHO07.12.2025   //14:24hrs LIPHOLO O KOPA BEIlE...O re maemo a hae a bophelo a mpefetse ka sehlohoLekhotla la phaham...
07/12/2025

LESOTHO
07.12.2025 //14:24hrs

LIPHOLO O KOPA BEIlE...O re maemo a hae a bophelo a mpefetse ka sehloho

Lekhotla la phahameng la Lesotho le tla mamela nyeoe ea Moetapele oa Basotho Covenant Movement(BCM) ea kopo ea ho lokolloa ntloana-ts'oana ka beili kala 08 Ts'itoe 2025.

Ho hlahella honale khonahalo e kholo h**e bochochisi ba chaella-monoana kopo ea beile ea Dr. Ts'epo Lipholo a nt'o leba lapeng kamorao h**e a qete matsatsi a 150 a robile monakeli ntloana-ts'oana ho tloha ka khoeli ea Phupu monongoaha.

Kopong e ncha ea beili ea Lipholo, o supa h**e maemo a bophelo ba hae a mpefetse haholo hoo a nang le bokuli ba pelo bo ka mobakelang mathata a setorouko.

Babuelelli ba hae ba molao ba mokopetse h**e a lefe beili ea M5,000.00 e nang le liphehelo tsa h**e sepolesa se palameng sa Lesotho se boloke litokomane tsa hae tsa ho eta tse tla lokolloa ka tumello ea Matoetoe oa sepolesa sa Lesotho, Adv. Borotho Matsoso haho hlokahala.

Moetapele oa BCM o tjametsoe ke khehlepe ea nyeoe ea ho hlohleletsa merusu leho se hlomphe lelapa la Botlotlehi kahara naha.

07/12/2025

Re tla lekola lethathamo la linaha tsa Africa tse busoang ke sesole. Lula u ntse u nyarela leqhephe

AFGHANISTAN07.12.2025   //11:57hrs Litaba ka bokhuts'oaneHo hlahella li eme ka lijoko lelibohong la Kabul ho hlaha nahen...
07/12/2025

AFGHANISTAN
07.12.2025 //11:57hrs

Litaba ka bokhuts'oane
Ho hlahella li eme ka lijoko lelibohong la Kabul ho hlaha naheng ea Pakistan.

Taliban e kibile thepa eohle e kenang Kabul ho hlaha naheng ea Pakistan kajeno.

Sechaba sa Kabul se tobane le leqeme la litlhare ho hlaha Islamabad.

Sena se tla kamorao h**e masole a linaha tse peli a fahlane ka mekoetla ka sehloho ka Labohlano.

Mohloli oa litaba ka DW news

07/12/2025

BENIN : Masole a Porto-Novo a tlalehoa a ketotse 'muso- Al Jazeera

SOUTH AFRICA07.12.2025   //11:30hrs Litaba ka bokhuts'oaneAfrican National Congress(ANC) e tlalehoa e mometse mabapi le ...
07/12/2025

SOUTH AFRICA
07.12.2025 //11:30hrs

Litaba ka bokhuts'oane
African National Congress(ANC) e tlalehoa e mometse mabapi le batho ba iketelang boetapele ba ANC.

Manyela-koaeng a supa honale morero oa ho shebisa Moperesitente oa naha ea Afrika-boroa mohl. Matamela Ramaphosa tlase.

Mohloli oa litaba ka SABC news.

RUSSIA07.12.2025   //11:22hrs Litaba ka bokhuts'oaneRussia e tlalehoa e sebelisa lefapha la thuto la mokunyata ho hira m...
07/12/2025

RUSSIA
07.12.2025 //11:22hrs

Litaba ka bokhuts'oane
Russia e tlalehoa e sebelisa lefapha la thuto la mokunyata ho hira ma-Afrika-boroa ka boqhekanyetsi hoea loana naheng ea Ukraine.

Ho hlahella ha bahiri ba Russia ba thakethile haholo litho tsa mokha oa lipolotiki oa MK party mme ba sebelisa morali oa Moperesitente oa mehleng oa naha ea Afrika-boroa mohl. Gedleyihlekisa Zuma, Duduzile Zuma-Sambudla.

Sena se tla nakong eo masole a Russia le a Ukraine a qetang matsatsi a 1,382 a fahlana ka mekoetla ka sehloho ho tloha ka selemo sa 2022.

Mohloli oa litaba ka City Press.

Address

Maseru
Maseru West
100

Telephone

+26656162756

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Leholi news24 posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Leholi news24:

Share