18/08/2025
๐จ๐ง๐๐ข๐ ๐ ๐๐๐๐๐ ๐ ๐๐๐๐จ๐๐๐๐ ๐๐ ๐ก๐๐๐๐ ๐๐๐ฃ๐๐ข๐๐ข ๐ ๐๐ข ๐๐๐ง๐๐ ๐๐๐๐๐ข๐ง๐๐ ๐๐ ๐ ๐ข ๐๐ข๐๐ข๐๐๐ ๐๐ ๐๐๐๐๐
Ls News 18 August 2025
Lekhotleng le phahameng la Lesotho, babuelli ba Dr Tsโepo Reverend Lipholo ba bontsโitse lekhotla h**e joaloka Mosotho o fe kapa o fe, ngaka Lipholo o lokela ho fuoa beile, ba re beile ke tokelo ho ea ka litemana tsa molao.
Ba bile ba qotsa litemana tse peli tsa molao tseo ba boetseng ba re ho ea ka tsona, li fana ka netefatso le tiisetso ea h**e beile ke tokelo.
Tsona li re haeba ho e na le qoso ea botlokotsebe khahlanong le motho, e ba nyeoe ea moqosuoa ha e tlo buuoa haufinyane, lekhotla le tlangoa ke molao ho lokolla moqosuoa ka beile a ilo emela nyeoe a le lapeng, ka thoko ho setsi sa lichankana.
Leha ho le joalo, ba ile ba lokela ho lokolisa mabaka ao ka โona lekhotla le ka utloang le tlameha ho lokolloa ngaka Lipholo ka beile, โme ke a latelang;
1. Ngaka Lipholo ke monna oa lelapa, ea nang le mosali ea sa sebetseng le bana ba bahlano, bao kaofela ha bona ba itsโetlehileng ka eena h**e ba phele.
2. Ke moruti, o na le kereke e kalosong ea hae.
3. Ke moetapele oa lekhotla la lipolotiki(BCM) le nang le bolateli bo bongata.
4. O boetse ke motho ea sebetsang e le setho sa ntlo ea bakhethoa โme mosebetsing moo ke hona moo a fumanang mokhoa oa ho phela, a phelisa eena le ba lelapa la hae kaha ba jeroe ke eena.
5. Lebaka le leng leo a reng a ke ke a baleha ka lona ke motsamao le tsโisinyo ea h**e Basotholand e khutle โme ha ka baleha o tla be a sentse ntho e nngoe le e nngoe, a boetse a tsoile tsamaiso ea molao tlase.
Litabeng tsena kaofela, mofapa-hlooho o re ngaka Lipholo a tingoe beile, a kokomalle letsatsi la nyeoe le kahlolo a le ka ntloana-tsโoana kaha a sa tsโepahale, a sebelisa maliboho a mangata a fapaneng ha tsโela, ka hona a tingoe beile, a khutlele mafifi-matsโo.
Leha ho le joalo, Lekhotla le phahameng le tla fana ka kahlolo kopong ea beile ea ngaka leha le sa fana ka letsatsi leo kahlolo e tla lieloa ka lona, empa liakhente li tla tsebisoa ha nako e joalo e fihlile.