
05/08/2025
_TJEKA-TJEKA O KENYA BAOKI NGOABELA_
Thapameng ea letsatsi la kajeno e bile lengoanya-ngoanya moo e mong oa bacha ba matla ba naha ea Lesotho a Ileng a pepesa bohlasoa ba baoki sepetlele sa Berea Hospital.
Ba boneng ka mahlo ba re ho ne ho ena le kotsi ea ts'ohanyetso ee Ileng ea hlahela ngoana 'me ba h**eng ba mopotlakisetsa sepetlele seo se ngotseng ka mongolo o motenya maboteng a sona h**e se fana ka lits'ebeletso tsa ts'ohanyetso.
Se makalitseng ke h**e baoki ba akhang Ngaka ba khutlisetse eeo ngoana ka le reng a tle hosane ba Habana mochini oa masapo eaba ba itsoella pele ho tobetsa mehala ea bona joalo ka haeka haho letho le etsahetseng.
Ke hona ho penyeng hoo hoa mehala moo morena Lekhaba, koko ea batho ba MASERU, Mr one man mission a Ileng a teneha.
Baoki ba Ile ba baleha ba ipata ka liphapusing, ba inotlella athe haele Ngaka eona e mathile ea balo itihela.
Ketso ena e soto ea baoki bana ba sa batleng ho phetha mosebetsi ka Nepo e halefisitse Basotho haholo kaha ba lefa lekhetho le lefang bona batho bana beo ba sa batleng ho ba thusa ha ba le mathateng.