19/09/2026
🟢 CHOLELITHIASIS (MAJOANA A NYOOKO / GALLSTONES)
Na u kile ua utloa ka majoe a nyooko? Cholelithiasis ke boemo boo ho bona ho bang le majoe ka har’a nyooko (gallbladder). Majoe ana a ka ba manyenyane joaloka lehlabathe kapa a ba maholo haholo.
RE QALE PELE KA HO HLALOSA NYOOKO.
■ Ke lero le bohlokoa haholo le thusanang ka t'silo ea lijo tse mafura.
■ Lijo ha li qeta ho sileha ka mpeng pele li fetela ka maleng, li tla le acid ea mpa e ngata hoo e ka tabolang mala, nyooko e timola(neutralize) acid e joalo.
■E thusana ka monya matsoai a kang VITAMIN A,D,E and K h**e a kene maling hantle.
■ Ho nt'sa lit'sila maling tse kang Bilirubin.
■ Ho nt'sa mafura a maling ka mora ho sebetsoa ke sebete.
Ebe mokotla ona oa nyooko ha 'moho le manyeme li qhalla maro ana ka hara mala a manyane a bitsoang duodenum.
JOALE MAJOE A BOPEHA JOANG?
1️⃣ MAJOE A BAKOANG KE MAFURA(Cholesterol).
Ke ona a atileng haholo.
A hlaha ha cholesterol e ngata haholo e le ka har’a nyooko ho feta kamoo e ka qhibilihang kateng ebe ha a qhibilihi(dissolve) a ea ipopa a etsa mahlohlojane a ka qetellang a hola eba majoe.
2️⃣ MAJOE A PIGMENT
A bakoa ke bilirubin e ngata ka har’a bile.
A atisa ho hlaha ha mali(red blood cells) a shoa ka sekhahla se hlolimo (HEMOLYTIC ANEMIA) ebe a hlahisa bilirubin e ngata haholo.
3️⃣ MAJOE A KOPANENG (Mixed Stones)
A entsoe ka motsoako oa cholesterol, bilirubin, calcium le lintho tse ling.
🔹 Lintho Tse Eketsang Kotsi
■Botenya bo feteletseng
■Bokhachane
■Lefu la tsoekere
■Ho theola boima ba ’mele ka potlako
■Ho ja lijo tse mafura haholo
■Ho tsofala
■Nalane ea lelapa ea majoe a nyooko
🔹 MATŠOAO A CHOLELITHIASIS
⚠️ Bohloko bo matla ka lehlakoreng le letona la mpa ho ella likhopong
⚠️ Bohloko bo ka namelang lehetleng kapa mokokotlong
⚠️ Ho nyekeloa ke pelo le ho hlatsa
⚠️ Ho ruruha ha mpa
⚠️ Matšoao a atisa ho hlaha kamora ho ja lijo tse mafura.
🔹 MATHATA A KA HLAHANG
❌ Ho ruruha ha mokotla oa nyooko (Cholecystitis)
❌ Ho thibana ha methapo e qhatsetsang nyooko ka maleng(bile duct obstruction).
❌ Jaundice (mahlo le letlalo ho ba mosehla) ❌ Tšoaetso ea methapo ea bile
❌ Ho ruruha ha manyeme (Pancreatitis).
🔹 THIBELO
✔️ Ja lijo tse nang le phepo e nepahetseng
✔️ Qoba mafura a feteletseng
✔️ Ikoetlise khafetsa
✔️ Laola boima ba ’mele hantle(theola bonyane 5%_10% ea boima ba bahao ka likhoeli tse 6).
✔️ Noa metsi a lekaneng
LITLAMA TSE KA U THUSANG
■ Artichoke leaves
■ Dandelion root (leshoabe kapo Leharasoana)
■ Milk thistle (Sehlohlo)
■ Fenugreek
Omisa, sila u li arohantse, kopanya ka litekanyo tse lekanang ebe u kha motsoako ka half ea teaspoon u t'sele ka hara cup ea 250ml ebe u t'sela metsi a belang u noa hoseng le mantsibua ka morao ho lijo nako ea likhoeli tse 6-9.
📌 Haeba u e-ba le bohloko bo matla ka lehlakoreng le letona la mpa, haholo kamora ho ja lijo tse mafura, etela setsi sa bophelo bo botle kapa ngaka bakeng sa tlhahlobo le kalafo.
HOPOLA, RENA LE DETOFORT LE GASTROMED SEBAKENG SA MATHATA A SEBETE, NYOOKO, LI ULCER, MALA, HO SIBA, LI PILES ETC
Contacts:+266 59665861/+266 62251851