23/12/2024
STARLINK E SE E TLA KENA LESOTHO KA 2025, BAREKI BA E HLOELE SETHA
Tsébeletso ea inthanete ea Starlink, ea monna oa sekhorane se fetang likhorane tsohle lefatséng Elon Musk, e chechiselitse khakolo ea eona naheng ea Lesotho selemong se tlang, e leng 2025. Inthanete ena e mathang ka lebelo la lehalima e hlolehile ho khakola tsébetso linaheng tse 24 kaofela tsa Afrika tseo e neng e li phatlalalitse, ‘me tse kenyeletsang Lesotho.
Starlink, e oelang tlasá SpaceX, e atlehile ho khakola tsébetso linaheng tsa Afrika tse supileng (7) feela selemong sena ho tseo e neng e itlhophetse tsona. Linaha tseo ke Botswana, Burundi, Ghana, Madagasca, Sierra Leone, South Sudan, le Zimbabwe. Palo ena e tlisa kakaretso ea linaha tsa Afrika tseo Stralink e seng e khakotsoe ho tsona ho leshome le metso e mene (14). Bareki linaheng tsena ba tlalehoa ba imetse bokhoni ba inthanete ena kaha e le eona e tsépahalang ebile e le theko e tlase.
Qholotso e kholo e hlaha moo inthanete e matla e leng lehoetla libakeng tsa litoropo linaheng tsa Afrika kaha inthanete ea Starlink e papaela haholo libakeng tsa mahae moo metse e arohaneng. Starlink e okha matla ho sathelaete, 'me sathelaete ka ‘ngoe e abetsoe palo e itseng ea basebelisi sebakeng se le seng.
Basebelisi ba Starlink linaheng tsa Zimbabwe le Ghana ba tlaleha ha lebelo la inthanete ena le theohetse ka tlase ho 100mbps ka lebaka la ho imeloa, haholo litoropong tse kholo joaloka Harare le Accra. Ho leka ho laola boemo bona, Starlink e emisitse lithekiso tse ncha metseng ea litoropo e meholo joaloka Abuja, Lagos, Nairobi le Lusaka.
Ho fapana le linaheng tse tsoetseng pele tsa bophirima, moo inthanete ea Starlink e fihlang baahi ba litoropong ba se ntse ba na le mefuta e mengata ea inthanete e lebelo e theko e tlase, Starlink e shebahala e ne e sa itlhophela hoba nkokonono ea inthanete bakeng sa baahi ba litoropo moo matlo a atamelaneng.
Ho latela matsaranka a lithaba tsa Lesotho, ho boima ho likhámphani tse kang Econet Telecom Lesotho le Vodacom Lesotho ho isa lihlhahisoa tsa tsona tse kang fibre libakeng tsa metse e maloting, ‘me Starlink ke eona tsépo bakeng sa liofisi tsa ‘muso, likolo, litleleniki, le lebaahi ba metse ena. Ha joale, Lesotho le tla tsoa le ntse le bohile ha ngoale e khiba linaheng tse ling moo Starlink e seng e ntse e sebetsa.
Na le uena u potlaketse ho bona Starlink e kena Lesotho?