25/10/2025
Bahale ba Kereke ea Evangeli Lesotho e Boroa ho Afrika ba phethetse leeto la Toka le Khotso maobane ha ba fihla Morija Makhoarane moo ba amohetsoeng ke Morena oa Morija Morena Ranthomeng Matete. Bahale ba qalile leeto la Toka le Khotso Modderport ka mantaha oa la 20 Mphalane 2025 ho tsamaea ka maoto menyabuketsong ea baruti ba ileng ba tlisetsa Lesotho Evangeli le ho thusa morena Moshoeshoe oa pele ho aha sechaba sa khotso ka selemo sa 1833.
Tsena ke tse etsahetseng maobane ha amoheloa bahale.