07/06/2026
BO-RAKHOEBO BA PHALLELA LESOLE LE HOBOSITSOENG
Whistleblower Media | 07.06.2026
Bo-rakhoebo ba bang ba Basotho ba bontลกitse tลกehetso le tsotello ho lesole le sa tsoa qeta koetliso ea sesole, Private Mafale, kamora h**e a hlaheloe ke litlhaloso tse nyelisang mecheng ea litaba tsa sechaba.
๐๐ฎ๐ฝ๐ฎ๐๐๐ฎ ๐ธ๐ต๐ผ๐ฒ๐ฏ๐ผ ๐ฒ๐ฎ ๐ต๐ฎ๐ ๐น๐ฒ ๐ช๐ต๐ถ๐๐๐น๐ฒ๐ฏ๐น๐ผ๐๐ฒ๐ฟ ๐ ๐ฒ๐ฑ๐ถ๐ฎ ๐ฒ ๐ต๐ผ๐น๐ฒ ๐ธ๐ฎ ๐๐ฒ๐ธ๐ต๐ฎ๐ต๐น๐ฎ.
๐น๐ถ๐๐ท๐ฒ๐ผ ๐น๐ถ ๐ฒ๐บ๐ฒ ๐๐ท๐ฒ๐ป๐ฎ:
๐ญ. ๐๐ฒ๐๐๐ฎ๐๐๐ถ ๐ฅ๐ฑ๐ฌ
๐ฎ. ๐๐ฒ๐ธ๐ฒ ๐ฅ๐ฎ๐ฌ๐ฌ
๐ฏ. ๐๐ต๐ผ๐ฒ๐น๐ถ ๐ฅ๐ฑ๐ฌ๐ฌ
๐ฅ๐ฒ ๐ฏ๐ฎ๐ฝ๐ฎ๐๐๐ฎ ๐ต๐ฎ๐ฟ๐ฎ๐ฟ๐ผ ๐ธ๐ฎ ๐น๐ฒ๐๐๐ฎ๐๐๐ถ. ๐๐๐๐ฎ ๐ช๐ต๐ฎ๐๐๐๐ฝ๐ฝ ๐บ๐ผ๐ป๐ฎ: 6337 7943 ๐ฟ๐ฒ ๐ ๐ต๐ผ๐น๐ถ๐๐ฒ๐๐๐ฒ ๐ธ๐ต๐ผ๐ฒ๐ฏ๐ผ.
Ka Labohlano la bekeng ena, ha makoloane a masole a qeta koetliso le ho chesa mophato, ho ile ha e-ba le batho ba ileng ba aba le ho maneha linepe tsa Private Mafale mecheng ea litaba tsa sechaba, ba mo soma le ho mo nyelisa ka ponahalo ea hae.
Leha ho le joalo, bo-rakhoebo ba bang ha baa ka ba khahloa ke ketso eo. Ba hlahelletse ka ho thoholetsa lesole lena ka katleho ea lona ea ho phethela koetliso ea sesole le ho le ts'episa limpho e le pontลกo ea tลกehetso.
Khamphani ea U-Track e ts'episitse ho fana ka M500 ho Private Mafale. Ka lehlakoreng le leng, Tichere P**e ka k'hamphani ea hae ea Lapeng Outdoors Tents o ts'episitse ho fana ka M2,000, ha Advocate Khotso Nthontho ka k'hamphani ea Trojan Logistics a ts'episitse M1,500.
Batho ba bangata ba tsoetse pele ho khothatsa Basotho ho hlompha le ho tลกehetsa ba atlehang, ho e-na le ho ba nyelisa kapa ho ba soma.
Follow Whistleblower Media for more updates
Photo Credit: Kaizer Joseph Ntakha