18/07/2020
POLELO EA MOHLOMPHEHI TONA-KHOLO
Letsatsing lena tona-kholo ea Lesotho mohlomphehi Moeketsi Majoro o tekile lintlha mabapi le seoa sa Corona-virus, Majoro o tekile sekala seo a hlalositseng ka mebala e mehlano eo a supileng e le semetho sa ts'oaetso. Mebala eo e akha botala,boputsoa,bokhubelu,boperese le mala oa lamuni,Mme o supile ha boemo ba naha ea rona e le m'ala oa lamuni e leng oo osa thabising hohang.
Ho feta mona o tekile lipehelo tse tloba teng,ho tloha ha joale ho ea pele. O boletse ha Gazette etlotsoa eo etla kenya litaba tsena ts'ebetsong ho tloha ka sontaha ka khitla,hara melao e teng ke e latelang:
1. Lits'ebeletso tsa likereke li emisoe hang hang
2. Lits'ebeletso tsa mapato li lokela ho qala ka 8-10 hoseng moo ho lebeletsoeng mofu,litho tsa lelapa le banna basa feteng leshome bao batla thusana mabitleng(ebang 10 e ka o tla baso qete sebatla pata mofu tsatsing le hlahlamang)
3.Lipitso le lebollo li emisitsoe
4. Menate ea boithabiso le likopano li thibetsoe
5. Likoloi tsa li 4+1 li lebeletsoe honka batho ba 3 feela,minibuses tsena e tlaba ka tlase ho leshome. A the libese tsona li tla nka kotara feela.Ho lebeletsoe h**e makoloing ho be le senyanyatsi,koloi e nyanyatsoe pele enka leeto ha moho le bapalami ba nyanyatsoe.
6. Likolo li koetsoe
7. Lenyalong ho lebeletsoe monyali le monyaluoa le p**i le ea hlonolofatsang lenyalo feela.
8.Maeto a litereke a tla fokotseha ho tloha seterekeng se seng ho ea ho se seng e le ho laola ts'oaetso.
Tona-kholo o boetse o supile ka chelete ea lipampiri(bank notes) le eona batlo sebetsa ka thata hoe thibela h**e e se sebetse ka ha e atisoa ts'oaetso. A re batlo khothaletsa bahiri ho lefa basebetsi ka marangrang,tabeng ea mothahamane teng hare letho ka ona.
Ena ke kakaretso ea puo ea tonakholo,Lesotho le m'aleng oa lamuni ha joale. Maikutlo a hao ke a fe ka puo ea mohlomphehi tona-kholo.