20/01/2026
MONNA EA KILENG A LEKA HO IPOLAEA O IPOLAILE KA MORβA QABANG LE MOSALI
Monna ea lilemo li 25 oa Nazareth, Phaloane Maseru, ea neng a lula Ha-Ratjomose, o fumanoe a timetse mafikeng motseng oo a neng a lula ho ona. Sebakeng seo ho ile ha boela ha fumanoa botlolo eo ho belaelloang h**e e ne e e-na le chefo ea mafenetha.
Tlaleho e bonts'a h**e mofu o ile a ba le qabang le mosali oa hae eo ba neng ba se ba arohane, βme mosali o ne a ile moo ho ea lata liaparo tsa hae. Ho tlalehoa h**e monna o ile a mo hanela, ha hlaha khang, hoo mosali a ileng a atleha ho baleha.
ketsahalo ena e etsahetse bosiung ba Sontaha se fetileng. Kamora moo, mofu ho tlalehoa h**e o ile a letsetsa βmΓ¨ oa hae a re batho baa mo lelekisa, empa kamora mohala oo ha aa ka a hlola a araba mehala.
Mofu o ile a batloa matsatsi a βmaloa ho sa tsejoe moo a leng teng. Hamorao, ha ho kenoa ka tlung eo a neng a lula ho eona, ho ile ha fumanoa lengolo leo ho lona a neng a ngotse h**e a batloe mafikeng ao a ileng a fumanoa ho βona kajeno.
Mofu o tlalehoa a fumanoe a se a le maemong a mabe 'me tlaleho e bonts'a ha selemong se fetileng mofu a kile a ipha chefu ka morβa qabang le mosali oa hae, empa ka nako eo o ile a pholoha.
Setsoantsong ke papiso
Lesotho News Network Accredited