Radio Lesotho 90.8 to 106.1megahertz

Radio Lesotho 90.8 to 106.1megahertz Radio Lesotho is a national radio station broadcasting 24/7 hours.

It's main objective is to entertain, entertain and give information on time to the inhabitants of Lesotho.

27/03/2025

Shout out to my newest followers! Excited to have you onboard! Makkie Matjeka, Ma Ria, Mohaila Tsepa, Nyabanyaba Letlotlo, Bongi Sepaee Khetheng, Boity Dee Dark, Rich Man

25/07/2023
Lekhotla la khaso la naha le khakotse nomoro e sa lefelloeng ea mekhosi.*80093030Whatsapp *63221133Nomoro e na e letsets...
25/07/2023

Lekhotla la khaso la naha le khakotse nomoro e sa lefelloeng ea mekhosi.

*80093030
Whatsapp
*63221133
Nomoro e na e letsetsoa ka nako tsohle.

Ho na le monyetla oa ho khetheha hoa lehloa libakeng tse phahameng, ho tloha Moqebelo bosiu ho isa Sontaha, le p**a mona...
25/07/2023

Ho na le monyetla oa ho khetheha hoa lehloa libakeng tse phahameng, ho tloha Moqebelo bosiu ho isa Sontaha, le p**a mona le mane libakeng tse ling.

23/11/2021

Hosane letona la lichelete Mohlomphehi Thabo Sophonea, o tla fana ka litlaleho le likhakanyo tsa lichelete tsa bohareng ba selemo. Sena ke selemo sa bobeli ka tatellano ‘muso o fana ka likhakanyo tsa mofuta ona, ‘me taba ena e ile ea thoholetsoa haholo ha e qala ho etsahala ngoahola.

Sechaba se ka lebella eng puong ea letona la lichelete, e tlang ho supa h**e na ho ntse ho etsoang ho hlola liqholotso tseo tse ileng tsa hlalosoa qalong ea selemo?

Boesa, re tlo buisana le setsebi sa poloko ea libuka tsa lichelete monghali Lebohang Thotanyana ho hakanya seo letona leka se bolelang puong ea hae.

Whatsapp: 62993000
Calls: 22316429/0026659933

12/11/2021

Seboping 12.11.2021

1. Mokhatlo oa Development for Peace Education [DPE] o bile le thupelo ea bahlanka ba ona ba sebetsang libakeng tsa kentelo ea covid 19. DPE e ne e rupela bahlanka bana ka litaba tsa covid 19 haholo holo ho hlakola mafosisa a ntseng a jaloa mabapi le litaba tsa ente ea covid 19 a ka sitisang Sechaba ho re se qetella se entile.

Hobaneng o sa entele kokoana-hloko ea corona?

2.Mokhatlo oa Transformation Resource Center TRC, o phethetse tlaleho holima boemo ba t’sireletso le khatikelo ea litokelo tsa mantlha tsa botho kahare ho naha, e tla romeloa ho Komisi ea T’sireletso tsa litokelo tsa mantlha tsa botho ea Afrika. Tlaleho eo e bopiloe ke TRC ka kopanelo le mekhatlo e meng e loanelang t’sireletso ea litokelo tsa mantlha tsa botho kahare ho naha.

Na u utloisisa litokelo tsa mantlha tsa botho? Boemo ke bofe kahare ho naha?

22316429/0026659933
Whatsapp line: 62993000

10/11/2021

11.11.2021

Karolo engoe ea bapolotiki bao eleng litho tsa lekhotla la naha la tlhopho bocha e seboko ke ts'ebetso ea molula setulo oa NRA. Boesa re buisana le bona ho utloa sello sa bona.

Maikutlo a hau, na NRA e sebetsa ho latela thomo ea eona?

#22316429/0026659933
WhatsApp hotline 62993000
Or comment here.

08/11/2021

09.11.2021

Molaoli oa sesole sa Lesotho o bile kopanong ea balaoli ba masole a linaha tse rometseng masole a tsona Mozambique ho ea qaea sechaba khotso. Boesa, re buisana le Lieutenant General Mojalefa Letsoela ho fumana mats'ela-nokana.

Re letsetse ho:22316429/0026659933
WhatsApp line:62993000

Address

Lerotholi Road
Maseru

Telephone

+26622316429

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Radio Lesotho 90.8 to 106.1megahertz posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share

Category