ABC TV

ABC TV Lebitso: All Basotho Convention (ABC) / KOBO-TATA EA Basotho
Lepetjo: Sera sa motho ke tlala
Folakha: Mebala e meraro.

O Motala, Letsatsi le 'mala oa khauta le potiloeng ke mahlaseli a mafubelu

Komiti ea Naha ea Bacha ka kopanelo le Bacha bohle ba Lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO ba nyarositseng Moetapele ka ...
13/07/2026

Komiti ea Naha ea Bacha ka kopanelo le Bacha bohle ba Lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO ba nyarositseng Moetapele ka mpho ea nyaroso (surprise present).

Mpho (present 🎁) ena ke Buka e ngotsoeng ke Qhoku ea lipolotiki tsa Naha ea Lesotho Fmr. MP and Speaker Sephiri Motanyane. Buka ena e bitsoa "LESOTHO POLITICS AND SOCIETY"

Tsena kaofela lietsahetse moketeng oa ho keteka letsatsi la tsoalo la moetapele Hon. Nkaku Kabi

kehona moketeng Ona moo Likomiti Kaho fapana le litho ka Bo mong ba nyarositseng moetapele ka litilatila tsa limpho

La Chaba 💥💥💥

ABC KOBO-TATA EA BASOTHO EA KETEKA Lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO kajeno le keteka tsoalo ea moetapele Nkaku Kabi....
10/07/2026

ABC KOBO-TATA EA BASOTHO EA KETEKA

Lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO kajeno le keteka tsoalo ea moetapele Nkaku Kabi.

BOPHELO BA MOETAPELE NKAKU KABI

Nkaku Kabi o hlahile ka la 10 July 1973 a hlahela, Ha Lekhobanyane, Mazenod, Maseru.

LEETO LA THUTO:
O kene sekolo:
- Mazenod Primary School
- Masianokeng High School.
- National University of Lesotho
- UNISA

LEETO LA MOSEBETSI:
- Sekolong se Phahameng sa Bishop Mohlalisi
- Morupeli Univesithing ea Limkokwing ea Creative Technology

LEETO LA LIPOLOTIKI
- Setho sa Paramente
- Letona la Bophelo
- Letona la Metsi
- Letona la Temo

BOETA-PELE BA ABC
- Moetapele oa All Basotho Convention - ABC
- O Khethiloe: February 2022
- O Khethiloe hape: February 2025

ABC E MOTLOTLO KA UENA. LESOTHO LE MOTLOTLO KA UENA

LA CHAABAAAAAA 💥💥💥

La Chaabaaaaaa 💥💥💥

ABC KOBO-TATA EA BASOTHO E KETEKA LETSATSI LA TSOALO LA MOTLATSI OA MOETAPELE OA LEKHOTLA HON. SAMONYANE NTSEKELEKajeno,...
08/07/2026

ABC KOBO-TATA EA BASOTHO E KETEKA LETSATSI LA TSOALO LA MOTLATSI OA MOETAPELE OA LEKHOTLA HON. SAMONYANE NTSEKELE

Kajeno, re keteka mohlanka oa 'nete oa sechaba. Ho tloha ts'ebetsong le bosebeletsing ba hae e le Mongoli-Kakaretso ea ileng sebeletsa Lekhotla ka boitebalo ho theha leho aha lekala ka lekala, lebatooa ka lebatooa, Setereke ka Setereke - ho fihlela moo litho tsa Lekhotla li mots'epelang ho etella pele e le Motlatsi oa Moetapele. Sena ke bopaki ba boitelo, sehlabelo le pono.

Ha oa haha Lekhotla feela. U hahile tšepo. U hahile Lekhotla la Mosotho emong le emong. U hahile ABC eseng joaloka Lekhotla feela, empa e le tšepiso ho Basotho bohle.

Letsatsi la tsoalo le hlonolofetseng ntt Motlatsi oa Moetapele, ese eka baholo-holo ba hau le Molimo ba ka u ekeletsa lilemo tse ngata tse ling tsa ho sebeletsa ABC le Lesotho.

La CHAABAA 💥💥💥

Inaugural Workshop for Women Leadership and Youth Development for Empowerment Lesotho (WYDE) - 22/06/2026Mongoli oa Komi...
23/06/2026

Inaugural Workshop for Women Leadership and Youth Development for Empowerment Lesotho (WYDE) - 22/06/2026

Mongoli oa Komiti ea Naha ea Mafumahali Mof.'Manthabiseng Matobako 'moho le Litho tsa Ntlo ea Sechaba tsa Mafumahali tsa Lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO ba bile har’a ba bileng teng moketeng oa ho thakholoa leho hlaisoa ka molao ha WYDE Women’s Leadership Initiative Lesotho.

'Moka ona o tšoaea mohato oa bohlokoa oa ho matlafatsa entsoe le seabo sa basali litabeng tsa lipolotiki, tlhekefetso ho basali nakong ea mats'olo a likhetho, le mekhoeng ea ho etsa liqeto le ho nka karolo litabeng tsa puso. Lenaneo lena le kentsoe tšebetsong ke BAM Group Foundation ka tšehetso ea UN Women le lichelete tse tsoang ho European Union.

Morero oa lona ke ho matlafatsa basali le banana ka mananeo a nts’etsopele ea boetapele, boeletsi (mentorship), le bobuelli, e le ho eketsa seabo sa bona boetapeleng le mekhoeng ea ho etsa liqeto.

ABC NATIONAL YOUTH LEAGUE COMMITTEE | CONGRATULATORY MESSAGE | COMRADES MARATHON 2026 | 86KMABC Youth League e thoholets...
14/06/2026

ABC NATIONAL YOUTH LEAGUE COMMITTEE | CONGRATULATORY MESSAGE | COMRADES MARATHON 2026 | 86KM

ABC Youth League e thoholetsa leho lebohela Likeleli Majara ka ho qeta Comrades Marathon 2026 ea 86km ka boemo ba 8th! 🇱🇸

U bontšitse h**e bacha ba Basotho ba ka fihla hole ka mamello le maikemisetso. U bonts'itse bokhoni ba Basotho baho qothisana boemong ba machaba. Rea u leboha kaho phahamisa 🇱🇸 ea Naha ea heno Re motlotlo ka uena, Morali oa Moshoeshoe!



Kolobetso Lekhetho
PRO
ABCYL

Komiti ea Naha ea Bacha ea ABC KOBO-TATA EA BASOTHO e fetisetsa litumeliso tse mofuthu tsa letsatsi la tsoalo ho Mothehi...
28/05/2026

Komiti ea Naha ea Bacha ea ABC KOBO-TATA EA BASOTHO e fetisetsa litumeliso tse mofuthu tsa letsatsi la tsoalo ho Mothehi oa Lekhotla DR. Motsoahae Thomas Thabane

Kajeno ha re keteke feela letsatsi la hao la tsoalo, re keteka hape pono e ileng ea tsoala lekhotla la lena. U thehile ABC KOBO-TATA ka nako eo bacha ba Basotho ba neng ba hloka sethala se buang le bona ka kotloloho, "Ha ho letho se molemong oa Bacha ka thoko ho bona”. U hahile sethala se emelang toka ho basali, se sireletsang puso ea molao, boikemelo ba makhotla, le molao oa motheo. Sebete seo se ntse se re tataisa le kajeno.

Rea u lakaletsa bophelo bo botle, matla, le khotso. Molimo a u boloke u phetse hantle, ubone litholoana tsa mosebetsi oa hao. E se eka bohlale ba hao bo ka re tataisa kamehla, re tsamae tseleng ea toka le khotso.

Happy Birthday, Lekhoakhoa la Selimo Nthole
U Nthole Mokopu le Maraka, ke imetsoe
Oabo lijo, oabo Moselane
Habo lijo ho hlabana lithotsela
Li hlabana le ba shoeleng marumong
Thotsela se hlooho-kholo, Tumane
Re bolela tseka mots'eo ho ntlo
Oa ma-Pohosela

La Chaabaa! 💥💥

Komiti ea Naha ea Bacha ea Kobo-tata ea Basotho e ananela kahlolo ea Moahloli e Moholo Sakoane Sakoane nyeoeng ea masole...
28/05/2026

Komiti ea Naha ea Bacha ea Kobo-tata ea Basotho e ananela kahlolo ea Moahloli e Moholo Sakoane Sakoane nyeoeng ea masole a ileng a bolaea Lisebo Tang.

Kahlolo ena e ama litaba tse peli tsa bohlokoa tseo Sechaba se lulang se li bua:

1. Boikarabello ba liofisiri tsa mmuso – ha ho motho ea lokelang ho ba kaholimo ho molao, ho sa tsotelehe boemo ba hae.

2. Tšepo makhotleng – likahlolo tse hlakileng li thusa ho tsosolosa tumelo ea sechaba tsamaisong ea toka.

Ipalle polelo e feletseng ka tlase.

La Chaabaa 💥💥💥

CONCERT!! CONCERT!! CONCERT!! Tom Thabane CONCERTSebaka: Memorial HallNako: 06:00 PM ho isa 06:00 AMLetsatsi: 04 July, 2...
27/05/2026

CONCERT!! CONCERT!! CONCERT!!

Tom Thabane CONCERT
Sebaka: Memorial Hall
Nako: 06:00 PM ho isa 06:00 AM
Letsatsi: 04 July, 2026
Makeno: M30

La Chaabaa 💥💥💥💥

KOBO-TATA E TS'OAEA LETSATSI LA BAHALE KA KHAHO BOCHA EA NTLO KORO-KOROE le karolo ea lenaneo le ntseng le tsoelapele la...
25/05/2026

KOBO-TATA E TS'OAEA LETSATSI LA BAHALE KA KHAHO BOCHA EA NTLO KORO-KORO

E le karolo ea lenaneo le ntseng le tsoelapele la ho hopola, ho hlompha leho tlotla bathehi le Liqhoku tsa lekhotla, Lekhotla la ABC KOBO-TATA EA BASOTHO kajeno le tšoaea Letsatsi la BAHALE ka khaho bocha ea ntlo ea nkhono Maseru, Koro-Koro. (Re sa ts'oere lebitso la Nkhono ho fihlela ts'ebetso e phethetsoe)

Ts'ebetso ena e thakhotsoe ke Moetapele Nkaku Kabi kaho phethola lekoete. Sena ke boitlamo ba All Basotho Convention ho fetola litloaelo tsaho ts'oeea matsatsi ekang ana ka lipuo, empa ka liketso. Ho fapana le ho ts'oaea letsatsi lena ka ho beha meqhaka feela, ABC e khutlisetsa seriti le bolulo lelapeng la ea ileng a itella tokoloho ea Lesotho ho puso ea bo ralikoloni.

Khaho bocha ena ea ntlo e entsoe ka lithuso le khahlametso ea boetapele, litho tsa lekhotla, baithaopi ba ABC le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho kahara Koro-Koro.

ABC KOBO-TATA EA BASOTHO e tla tsoelapele ka Lenaneo lena la ho hlompha, ho hopola leho tlotla liqhoku le bathehi ba Lekhotla ka mekhoa e fapaneng ea lithuso le limpho literekeng le Mabatooeng a fapaneng kaho ts'ehetsa mekhoa ea boipheliso sechabeng.

Khopolo keh**e hang ha ntlo e phethetsoe e tla neheloa ho lelapa ke Moetapele boteng ba Mothehi oa Lekhotla Dr. Thabane

La Chaabaa 💥💥💥💥💥💥

THUPELO EA LIKOMITI TSA LEBATOOA LA ABIA  #39Komiti ea Lebatooa la Abia  #39 e hlophisitse thupelo ea Likomiti mabapi le...
24/05/2026

THUPELO EA LIKOMITI TSA LEBATOOA LA ABIA #39

Komiti ea Lebatooa la Abia #39 e hlophisitse thupelo ea Likomiti mabapi le:

1. Molao Oa Motheo oa Lekhotla
2. Mesebetsi le boikarabelo ba litho tsa likomiti tsa Lebatooa

SEPHEO SA THUPELO:
Ho matlafatsa kutloisiso ea litho ka Molao oa Motheo mabapi le ts’ebetso ea likomiti, le ho netefatsa h**e setho ka ‘ngoe se tseba leho utloisisa karolo ea sona ho sebeletsa Lebatooa sa Abia.

La Chaabaaaaaa 💥💥💥💥💥

Address

Maseru

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when ABC TV posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Shortcuts

Share

Category