01/03/2024
UTLOA MAIKUTLOA MOKOETLISI OA SEHLOPHA SA BANTU
Ts'epo Phalima
Ho e'ngoe ea likoranta tsa hae koano ea The Post , mokoetlisi oa sehlopha sa Bantu James Madidilane o hlalositse ha maikemisetso a sehlopha sa habo ele ho hapa mohope oa liki monongoaha.
"Ha hona hoba bonolo hohang empa retla etsa sohle se matleng a rona kaha ke lumela ke sona seo ke se tliselitsoeng koano eleng ho hapa liki."
"Mokoetlisi emong le emong, o ikutloa a fihletse tsohle ha a hapile liki, ke lumela ha hona katleho e'ngoe Lesotho haese ho hapa liki e kholo ea naha." Ke Madidilane a libeha.
Letsoalloa lena la Afrika Boroa, le hlalositse ha ba kakatletse ka matla ho bona h**e ba fokotsa sekheo se pakeng tsa bona le lihlopha tse ka holimo eleng Matlama le Lioli. O re papali e'ngoe le e'ngoe liking ena e kholo ke phephetso 'me lihlopha tsena tseo hothoeng ke tse nyane, ke tse kotsi ka ho fetisisa.
Madidilane a re ho bohlokoa hajoale ke lintlha-kholo tse tharo, 'me a keke a qolla Matlama le Lioli, 'me batla itlholela tsona kaha eena a sa lebella ho sebeletsoa 'me atla its'ebeletsa.