09/06/2026
๐๐๐๐๐๐ | โ๐๐ ๐๐๐๐๐ฅ๐ฅ๐ ๐๐จ๐ฉ๐ก๐๐ฅ๐จ ๐๐จ๐ณ๐๐ฆ๐๐ข๐ช๐ฎ๐ ๐๐ฆ๐ฉ๐ ๐๐๐ ๐๐ฅ๐จ๐ฅ๐๐ก๐ ๐๐๐ฌ๐จ๐ญ๐ก๐จ ๐๐จ๐จ?โ ๐๐๐ค๐จ๐๐ง๐
MOAHLOLI e moholo Sakoane Sakoane o fufulelitse molaoli oa lebotho le khethehileng la sesole sa Lesotho, Colonel Tefo Ramosiee ka lipotso nakong eo a neng a fana ka bop**i ho kopela masole a bolaoling ba hae mohau lekhotleng le phahameng pejana kajeno.
Col.Ramosiee o ne a paka lebitsong la Sergeant Tjekane Sebolai le Corporal Selone Ratลกiu, ba fumanoeng ba le molato oa ho bolaea Lisebo Tang le teko ea polao ea Tลกepo Jane liketsahalong tsa la 9 May 2014.
Col. Ramosiee ea itseng o lilemo li 56 โme o qalile ho sebetsa lebothong le khethehileng ka 2001 ha le qala ho thehoa ka harโa sesole sa Lesotho โme ea e-ba molaoli oa lona ka 2017, o ile a ala leleme phate ho hlalosetsa lekhotla bohlokoa ba lebotho leo.
A re harโa tse ling le boloka khotso le bophelo ka hare ho naha le linaheng tse ling. A teha mohlala h**e ka 2021 baqosuoa hammoho le bo-mphatoโa bona ba ile ba ea Mozambique ho ea boloka khotso le bophelo ba batho ba moo.
O bile a bontลกa ha lebotho leo le etsa mesebetsi mengata e tsoelang sechaba molemo, ho akarelletsa ho pholosa batho ba nkuoeng ke linoka, ba qabetsoeng ke lehloa joalo-joalo.
A supa ha ho le turu haholo ho koetlisa lesole h**e e be karolo ea lebotho leo.
Harโa tse ling o bile a bolella lekhotla h**e LDF e ile ea tลกelisa lelapa la Tang ka ho le hahela ntlo ea liphapusi tse peli le ho le fa M10 000 e le matลกeliso, le hoja a itse ha a tsebe h**e na e ne e se e le ha e le phetho. Empa o ile a re LDF e ka boela ea kenya letsoho ha ho ka hlokeha.
Leha ho le joalo, Col. Ramosiee o batlile a khathalla lipotsong nakong eo Moahloli e Moholo Sakoane a mo nkang khikhitha ka lipotso.
Sakoane o qalile ka ho botsa Ramosiee h**e na e le h**e LDF e tlโo sebelisa chelete ea likhafa tsa Basotho ho tลกelisa lelapa la Tang le la Jane, eaba Ramosiee o re che, Sakoane a mo botsa na ba tla be ba e nka kae, eaba se khitla lejoe.
Sakoane o bile a mo botsa h**e na ha e le mona sesole se bonahala se e-na le mohopolo o motle hakaana, ha se ea o phethahatsa keโng lilemo-lemo tsena ha e le hona se reng se ka tsoela pele ho thusa le ho hlokomela ngoana oa Tang.
Sakoane o ile a re o makatsoa ke h**e Ramosiee o bolelisaka bohlokoa ba sesole le h**e se ile sa ea Mozambique ho ea namolela batho ba teng empa ke sena se hlotsoe ho nka khato ha litho tsa sona li bolaile mosali oa Mosotho le ho koebesa Jane.
Ramosiee a re ke phoso. Sakoane a mo botsa h**e na ke phoso kapa ke tlolo ea molao, ka likola tse ka mahlong Ramosiee a re ke tlolo ea molao.
Sakoane a mo botsa h**e na haeba ke tlolo ea molao hobaneโng sesole se sa ka sa tลกoara le ho nehelana ka baqosuoa sepoleseng, ha re tลกo!
A mo botsa h**e na ho ea ka molao oa sesole polao ha se tlolo ea molao na, Ramosiee a re ke eona.
A mo botsa h**e na baqosuoa ba kile ba nkeloa likhato tsa khalemo kapa ba behelloa ka thoko ho mosebetsi? Ramosiee a re che.
โE le h**e ho tloha ka 2014 haesale le e-na le masole a mali matsohong a itsamaela feela ka harโa lona? Kapa ke hona hobane le nka ba entse phoso eseng tlolo ea molao?โ ho rialo Sakoane a thohothetsoe haholo.
Sakoane o bile a pepesa morero oa sesole oa ho senya nyeoe ena, ka h**e se nkile lilemo pele se nehelana ka lithunya tse sebelisitsoeng tlong ea molao. Ho phaella moo, se bile sa li neha masole a mang h**e a li sebelise, hoja bolaoli bo ne bo tseba hantle h**e li lokela ho behelloa ka thoko le ho nehelanoa sepoleseng e le lipontลกuoa.
Potsong ea h**e na ke hobaneโng ho nkile lilemo tse tharo pele sesole se nehelana ka baqosuoa ho sepolesa le hoja se ne se tseba hantle h**e ba bolaile motho, ba thuntse e mong ebile ba sentse koloi, Ramosiee o itse ba ne ba emetse h**e sepolesa se ngolle bolaoli ba sesole h**e bo nehelane ka bona.
Empa o ile a themelekana ha Sakoane a mo botsa h**e na e le h**e sesole ha se na boikarabello ba ho tlaleha le ho nehelana ka litho tsa sona tse entseng litlolo tsa molao.
Sakoane o ile a mo joetsa sefahla-mahlo h**e seo a se bonang, ke h**e bolaoli ba sesole, bo ne bo sa batle ho ikamahanya le ketsahalo ena, kapa bo ne bo leka ka hohle ho pata tlolo ena ea molao.
Baqosuoa ba tla tseba ka morโa hora ea boraro h**e na ba tla hoehla lilemo tse kae chankaneng.