22/10/2025
𝗠𝗢𝗛𝗟𝗢𝗠𝗢𝗡𝗚 𝗨 𝗛𝗟𝗢𝗞𝗔 𝗛𝗢 𝗧𝗦𝗘𝗕𝗔 𝗦𝗘𝗡𝗔 𝗛𝗔𝗘𝗕𝗔 𝗨 𝗦𝗨𝗞𝗨𝗟𝗜𝗦𝗢𝗔 𝗞𝗘 𝗠𝗢𝗝𝗢𝗟𝗢 𝗢 𝗟𝗘𝗕𝗜𝗦𝗔𝗡𝗚 𝗟𝗘𝗡𝗬𝗔𝗟𝗢𝗡𝗚!
𝗕𝗮𝗻𝗮𝗻𝗮 𝗯𝗮 𝗯𝗮𝘁𝗹𝗮 "𝗳𝗶𝗻𝗶𝘀𝗵𝗲𝗱 𝗽𝗿𝗼𝗱𝘂𝗰𝘁."
1. BANANA BA BATLA MONNA A SENG A ENA LE SOHLE: Bothata ba monna a seng a na le sohle ke bona, o sa le moholo hoba ha hona a ruang a le monyane, o sa ipehetse melaoana a tlang ho iphelisa ka eona, motho ha a hola ha a fetole melao e mobeileng moo a teng ele h**e ha a lebella h**e u mofetole. Haeba u motho a lumelang ho fetoleng batho, u tla hlala o hlalolla empa u matha kahara mofuta o le mong o iphumaneng.
2. HAEBA U SO BA POTILE KAOFELA MEFUTA EA BANNA, JOALE O SO BOELA MORAO HO LI EX KAPA BA KILENG BA U RATA LEHO LEKA HO U FEREHA NAKONG E FETILENG: Banana ha ba ferehe, ba na le taolo e fokolang na ba khetha banna ba feng, ha u mathela ho Ex, ha esale motho eane u nong u motseba, Ex ese jotse ba 'maloa ba morutileng bohlale kapa ho mothuha pelo joale u tla boela u mohlala ha u bona phethoho, ntle le moo, ka nako enngoe le jotse le le banyane le so fanane le lichelete joale ha u so hlaha u hloka lichelete eba ntho e ncha a e makallang ebe oa u siea. Haele bane ba neng ba u fereha khale, ha u ea ho bona, se ba tlela taatso fela, ba u nkile ka kelello ea ha u no le monyane joale ha u so le moholo boits'oaro bo fapane, eba turn off ba tla u siea habobe.
3. HA U BOLOKOA KA CHELETE KAHARA RELATIONSHIP. LE HO BAPISA BOPHELO BA COUPLE TSE LING LE SE U ETSAHALLANG LERATONG LE LECHA: Tlo fats'e bathong, tlohela ho bekha motho oa hau ka se etsahallang banana ba bang, ha motsoalle a reketsoe lipalesa ke motho oa hae, le uena u so ipotsa na oa ratoa na ha u sa lirekeloa, u etsa mojolo competition me o tla rata ba batho ba bang hobane u shebane le bona ho feta enoa ebang u hloloa ho rekela lipalesa hoba u na le taste e turu lijong, liaparong, a u lefella li rent, joale u tlo motloheloa hoba u batlana lea u rekelang lipalesa tse haretsoeng chelete, joale ha u fihla ho a rekang lipalesa,joale a sa u patalle rent, u boetse joale o fetoha eyoyo o batla a patalang rent.
4. HO QOBA HO AHA FOUNDATION MOO U POTLAKETSEBG LENYALO: Lenyalo ha se sekolo, moo e reng ha u balile 1 ebe u tlameha ho fetela 2 hang ha selemo se secha se fihla. Ka nako enngoe ho nepahetse ho ema ho 1 ho fihlela le utloisisa h**e le ka fetela ho 2. Batho ba bang ba kena leratong sentse ba ralile h**e kamora selemo a ba roetse ring ebile a sa tsotelle h**e na motho oa hae na tabatabelo ea hae ke efe. Ba bang mojolo ba u etsa ntho ea hae a le mong a batla eke a ka fumana promotion ho latela se ka kelellong a sa emele le h**e motho oa hae o se a le mature ho lekana h**e a ka fetela le ena stage 2 le ho stage 3.
5. TLOHELA MONA. FUMANA NA MOTHO OA HAU NA U ATLEILE HO JOLA LE NGOANANA A ITSENG NAKO E TELELE HOBANENG: Banna ba simple, ba ipatlela tlhompho le khotso. Khotso le tlhompho ke mahala. Haeba u jotse le ngoanana a itseng nako e telele, fumana likateng ka ngoanana eo, u tla fumana h**e na se entseng motho oa hau a tsitse ke sefeng, fumana hantle na ba arohantsoe ke eng, motheho oa karohano eseng litlamorao tsa karohano. Ha u ka nepa sena, u tla tseba h**e na u tlo tsetela nako ea hau ho motho a tla u isa lenyalong.
BONUS POINT: Monna ha a nyale ngoanana a litori, fono eabe se e tima, fono ea sukulisa, ha ke le kae kae ha ke ts'oare fono nako e kana, whatsApp eaka ea sukulisa, ke reketsoe mose ona ke malome, autie ena ke mokhotsi fela ho tloha primary, ke la be se ke fumana cab, ngoanana a ratang chelete ha a patalle cab o sebelisa libari tse moratang ho mo isa hae, babe u tla nrekela phahlo e itseng neng, ngoanana a nyalehang, o ba le lihlong le ts'oabo, motho hoa etsahala a shote empa a batlang nthoane le nthoena ke bopaki ho autie h**e habo ha a rutoa hantle. U bona monna ele NTHO, Father Christmas eseng motho. Motho a ka haelloa, empa batsoali ba hae haeba ba so ka ba lokollela ngoanana mohlankana semolao ka lenyalo, hobaneng ausi a sa arohanye maemo? Ele bo "ke tla bona na ke monna oa sebele a hle a spoil-e girlfriend esale honajoale", my sister, hahona monna a sa batleng ho hlokomela mosali oa hae, monna ha a u nyala a ka u tella le phieo ea hae, u re ke eng monna a bolaea monna emong mosaling oa hae? Ke hoba lenyalong ke moo monna a ka etsang sohle ho u boloka, tlhokomelo e senyekhenyekhe pele u nyaloa e bolela h**e le mohlang a u jollang ha lenyalane, ha ana khetholla na u mosali kapa nyatsi, o tla ne a lo phakhella nyatsi chelete hoba ho fana ka chelete ke love language ea hae.