18/12/2025
MOSALI O SUPA MONNA’AE KA SETHUNYA
♏️oratoe news 18/12/2025
'Maboitumelo Mononela - Thaba-Tseka
Likeleli Peea (21) oa Linakaneng Mokhotlong, o hlahile Lekhotleng la ’Maseterata Thaba-Tseka, ka la 16 Tšitoe 2025; a qosoa ka ho rua sethunya ka thoko ho molao. O ahlotsoe ho hoehla Lilemo tse 8 Setsing sa Tlhabollo ea Batšoaruoa kapa ho itefella M8,000.00. Halofo ea kahlolo e fanyeuoe, 'me lekhotla le laetse h**e a be a patetse M4,000.00 pele ho la 19 ’Mesa 2026.
Detective Woman Police Constable (D/W/P/C) Maletsatsi Mpeoa ho hlaha Ofising ea Mafokisi Thaba-Tseka, o re ofisi ea habo e fumane tlaleho ka Mahokela a Tiping Manamaneng ka la 12 Tšitoe 2025, e reng Likeleli o supile monna oa hae ka sethunya, 'me o se a le matsohong a bona.
H'a nama ka litaba D/W/P/C Mpeoa, o re ka la 13 Tšitsoe 2025, ofisi ea habo e ile ea leba sebakang sa Tiping, moo ba fumaneng moqosuoa a e-na le sethunya sa moetso oa 9mm Kuzey Blank gun le mahlahahlela a 8. A re ba fumane h**e moqosuoa o lula Afrika Boroa, 'me ka la 12 Tšitoe 2025, o ile a fihla moo monna oa hae a lulang teng le ngoana oa bona, ke moo a ileng a kopa ho bona ngoana empa hamorao a baleha ka eena.
O re ha monna a hlokomela h**e moqosuoa o baleha ka ngoana, o ile a leka ho bua le moqosuoa ea ileng a ntša sethunya a mo supa ka sona. O re monna o ile a hlaba mokhosi, 'me sechaba sa phalla; sa mo tšoara le ho nehelana ka eena ho sepolesa ka la 13 Tšitoe 2025.
Sub-Inspector (Sub-Insp) Sechaba Letima ho tsoa ofising ea Mafokisi Thaba-Tseka, o re o ipiletsa ho balekane h**e ba lokise litaba ka lipuisano, moo li hlolang, ba latele methati e nepahetseng h**e ba fumane tharollo, ba sa kene litlolong tsa molao.
~LMPS
Moratoe Newsroom & Media