20/06/2026
LITAEMANE TSA LESOTHO: HO SEBELISA LERUO LA RONA HO AHA BOKAMOSO BA RONA 💎🇱🇸
​Ke bile le monyetla oa ho etela Diamond Trading Company Botswana (DTCB)—setsi se ileng sa thusa Botswana ho fetola leruo la litaemane h**e e be sesebelisoa se matla sa nts'etsopele ea naha.
​Ka lilemo tse ngata, potso e 'ngoe ea bohlokoa e ntse e utloahala har'a rona Basotho: "Litaemane tsa Lesotho li tla thusa Basotho neng ka botlalo?"
​Potso ena e nepahetse. Lesotho le hlohonolofalitsoe ka litaemane tsa boleng bo holimo ka ho fetisisa lefatšeng. Empa, sepheo sa rona ha sea lokela ho fella feela tabeng ea ho epolla le ho romela liminerale kantle ho naha. Re tšoanetse ho bona leruo lena le hlahisa mesebetsi, le ntlafatsa litsebo, le matlafatsa likhoebo tsa lehae, le kenya letsoho ho ntlafatseng bophelo ba Basotho bohle.
​Seo ke ithutileng sona ho Botswana:
Katleho ea bona ha e hlahe feela ka lebaka la litaemane, empa e hlahella ka lebaka la liqeto tse matla tse ileng tsa etsoa ho netefatsa h**e leruo la naha le sebeletsa sechaba. Ba bontšitse h**e mehloli ea tlhaho e ka sebelisoa ho aha litsi tse matla, ho holisa liindasteri, le ho matlafatsa boikemelo ba moruo.
​Leeto lena e ne e se leeto la bohahlauli feela; e ne e le leeto la ho ithuta le ho fapanyetsana boiphihlelo mabapi le:
âś… Tsamaiso ea merafo.
âś… Ho eketsa boleng ba litaemane (Value addition).
âś… Ho matlafatsa bokhoni ba naha ea rona.
​Ke boitlamo ba rona h**e mehloli ea tlhaho ea Lesotho e be motheo oa kholo ea moruo e tsoelang bohle molemo. Leruo le fumanehang mobung oa rona le lokela ho fetoleloa menyetleng bakeng sa bacha, bo-rakhoebo, basebetsi le meloko e tlang.
​Katleho ea litaemane tsa Lesotho e tšoanetse ho bonahala eseng feela ka boleng ba majoe ao re a romelang kantle ho naha, empa ka mesebetsi le bophelo bo ntlafetseng boo li bo hlahisang bakeng sa Basotho.
​A re tsoeleng pele ho buisana ka ts'epo ena ea naha.