25/05/2026
Li President tsa linaha ka ho fapana ba rata mekhoa e fapaneng ea boithabiso ekaba lipapali kapa mokhoa ofeng kapa ofeng oa boitlhabollo.
President Donald Trump oa United States of America ๐บ๐ธ o rata golf haholo.
President Emmanuel Macron oa France ๐ซ๐ท o rata ho matha haholo.
President Cyril Ramaphosa le Jacob Zuma ba South Africa ๐ฟ๐ฆ rata ho bina haholo.
President Vladimir Putin oa Russia ๐ท๐บ o rata papali ea Juto le taekwondo haholo.
President Duma Boko oa Botswana ๐ง๐ผ o rata bolo ea maoto le mabelo haholo.
Tonakholo ea Lesotho ๐ฑ๐ธ Ntate Sam Matekane o bonahala a rata papali ea likoloi ka ho fapana.
Nnete ha hona phoso haa hlahella papaling tse joalo hangata.
Nthonyana e mpang e ee e etse h**e karolo e kholo ea sechaba e bonahale ekare e ea tletleba ha ba mmona a hlahella lipapaling tse joalo hangata, ke ha ba nka ho na le more pressing issues tse tobaneng le naha tseo ba nahanang li hloka attention ea hae khafetsa, tse kang unemployment ea bacha, ho nyotobela ha moruo joalo-joalo.
President tsane tse ling le hoja le bona ba nne ba hlahe ba bapala, empa kaha ba hlaha hangata ba bua ka litaba tse amang sechaba sa bona hangata haholo, le ha ba hlaha ba itlhabolla ka matsatsi a mang, batho ha ba nke ekare ba khabentile papali.
So nnete ha ho na phoso ea letho ha Ntate Sam a intsha a ipapalla, a itlhabolla, feela o tla lokela le tsane tseo sechaba se li tonetseng mahlo a nna hlahe a bua ka tsona khafetsa eska ka o li lebetse.
So ha papali e hlahella after hard work, e fana ka maikutlo a h**e kannete motho enoa oa e hloka ho theola stress, empa ha ho hlahella eona haholo, a thotse nthong tsa bohlokoa, ekare ke eona e ka pele, so li lokela li be balanced.
Mme ntho e tla etsa sechaba se tsebe h**e Tonakholo oa sebetsa, ke ne ile ka etsa tlhahiso h**e media oa hae o lokela o behe sechaba sehlohlolong daily na Tonakholo o ntsa etsang, le social media page tsa had li lokela ho sebetsa haholo.
Ha u shebile u le hole, uena u bona ekare Tonakholo o sekametse hokae? Papaling kapa mosebetsing?
Maikutlo ana ke Ntate Ralekoala