06/08/2026
BLAATJIES, O HLOLEHA PELO KE TS'EBETSO E TSOILENG MATSOHO EA BA-KRESTE BA HABO
Mobishopo oa Diocese ea Lesotho, ea qetang ho hlomamisoa Kerekeng ea Chache, The Right Rev. Molemo Edwin Baatjies, o entse kopo e ikhethang e eang ho Bakreste ba habo, eleng Baholo-ba-liparishe, Baprista, Lelapa la Baitlami le liphutheho.
Blaatjies o re selemong se felileng, Mobabatsehi Moareka-Bishopo o ile a phatlalatsa sekheo sa molisa ea moholo (Mobishopo) dioceseng ea Lesotho, eaba ho uoa likhethong, 'me ba atleha ho khetha molisa eo.
O re ka la 25/07/2026, molisa eo o ile a halaletsoa le ho hlomamisoa, ka hoo o re baa leboha ke hona.
O tsoelapele, o re Moapostola Paulosi o re, “Thabang kamehla, se phetseng ho rapela, lebohang linthong tsohle.” (1 Bathesalonika 5: 16-18), ka hona ba feela ba leboha e le kannete.
O re lengolo lena leo a le ngotseng, le boetse ba leboha ha bao bohle ba atlehisitse litaba tsena molemong oa diocese ena, le kereke ea Morena Molimo ka kakaretso.
O re ba leboha le ba ileng ba kenya letsoho h**e tsohle tseo molisa enoa a tla li sebelisa ha a hlohonolofatsoa li be teng.
O re ba boetse ba kopa h**e ba ‘ne ba tsoelepele ho rapella kereke ea Morena Molimo, ‘Moho le baetapele bohle ba eona, ba rapelle h**e ba tlamahane ha ‘moho h**e e tsebe ho hasa molaetsa o molemo e le ntho e le ‘ngoe.
Ore re ba kopa hape h**e bohle ba ineheleng Morena Molimo, ba iphane re tsebe ho beha litholoana.
O tsoelapele, o re Moapostolo Paulosi o re “Bana beso, re le tsebisa mohau oa Molimo o neiloeng likereke tsa Masedonia. Li bile har’a teko e matla ea matsoenyeho, empa ka baka la thabo ea tsona e khaphatsehang, li ile tsa fana ka matsoho a mabeli, leha li futsanehile hakaalo.
O re o paka h**e li ile tsa fana ho ea kamoo li nang le hona kateng, e le ho feta kamoo li nang le hona kateng, ‘me e le ka boithaopo.
Ore ruri baa leboha, Morena Molimo oa khotso le lerato a ba etse hantle.
Ho sa le joalo, ba tla ba lekopano Masite ka la 31 Mphalane 2026, ho isa la 1 Pulungoana, ho ea ntšetsa-pele merapelo ea bona le ho thaba ho ea pele.
O tla tjena kamor'a Rev. Khabe