Lesotho Current Affairs

Lesotho Current Affairs News and Vacancies

10/01/2026

E ea na p**a libaka ka ho fapana. Tebello ke h**e e tla ts'oloha ka 60%.🌧️🌧️

Lets'olong la Sepolesa la ema re u seche kajeno Seterekeng sa Gert Sibande, Mpumalanga, Afrika Borwa Sepolesa se nketse ...
10/01/2026

Lets'olong la Sepolesa la ema re u seche kajeno Seterekeng sa Gert Sibande, Mpumalanga, Afrika Borwa Sepolesa se nketse Monna noha ea hae ea python nakong eo a ntse a tsamaea ka eona hara motse.

Monna ea joalo ha a lleloa ke lits'epe, empa o amohuoe noha fela 'me Sepolesa sa nehelana ka eona ho ba Society for the Prevention of Cruelty to Animals (SPCA)

MOETAPELE OA SR MEHLENG EA HAE Advocate Teboho Mojapela, Ntate Lebaibai ke Lekanyane! Ka Selemo sa 1986 e ne e le Moruto...
10/01/2026

MOETAPELE OA SR MEHLENG EA HAE

Advocate Teboho Mojapela, Ntate Lebaibai ke Lekanyane! Ka Selemo sa 1986 e ne e le Morutoana sekolong sa Thabeng High School, Morija.

Senepeng ke eno moo a lutseng fats'e a ntse a noa lebese le ka lebokoseng, o roetse lieta tse sootho. Mona ho bonala ba ne ba le sekolong Thabeng High School, Morija. O ne a etsa foromo ea bone(Form D) ka nako eo. Senepeng ha a mong o na le metsoalle ea hae le Tichere ea bona.

Mosuoe Monyooe ke eo kamorao, Joel Mohale o apere hempe e ts'oeu pela Teboho Mojapela, ea hakileng Lebaibai ke Ts'elisehang Setlaba o ne a sebetsa Lekaleng la Bohahlauli, ea phahamisitseng botlolo e ts'oeu ke Maphelo Thatho eena e ne e le Lepolesa o se a hlokahetse, Lehlohonolo Mofoka ke eo bohareng eena ke Lesole le ba bang.

Kajeno Teboho Mojapela ke Moetapele oa Lekhotla la lipolotiki (SR), ke setho sa Paramente, ke mothehi oa JP Finance. Kajeno Lebaibai ke e mong oa barui ba tsebahalang kahare ho naha.

Ruri Mohale o tsoa maroleng. Lilemo tse 40 tse fetileng o ne a le Morija a noa lebese ka lebokose, kajeno ke karolo ea Bo-ketsa molao Lesotho.

10/01/2026

Ke phoso ha ngoana a sebelisa fane ea Step-Father?

KAJENO HO TLABA LE MOKETE OA SEMETLETSA-HALI Mokha oa Lipolotiki o etelletseng pele puso Afrika Borwa o tla ts'oara moke...
10/01/2026

KAJENO HO TLABA LE MOKETE OA SEMETLETSA-HALI

Mokha oa Lipolotiki o etelletseng pele puso Afrika Borwa o tla ts'oara mokete oa semetletsa-hali oa ho keteka lilemo tse 114 Mokha o ne o thehoe.

African National Congress,ANC, e lebeletse balateli ba eona ba 20 000 lebaleng la lipapali la Moruleng Stadium, Rusternburg Afrika Borwa kajeno.Liheke li buloa ka hora ea bosupa hoseng. ANC e ne e thehoe ka la 08 Pherekhong 1912, e theheloa Bloemfontein, Afrika Borwa.

Ho ea ka leselinyane la Lesotho Tribune, Moetapele oa pele oa ANC ke Mosotho oa Roma,Lesotho le ha a lutse se maratsoana nakoana. Ena ke Mochekoane Molise. Ka 1912 ANC e ne e bitsoa South African Native National Congress(SANNC) , ea fetoleloa ho African National Congress(ANC) ka 1923.

ANC e ile ea etelloapele ke Mochekoane Molise nakoana, John Dube(1912-1917), Sefako Makgatho(1917-1924), Zaccheus Mahabane(1924-1927), Josiah Gumede(1927-1930), Pixley ka Isaka Seme(1930-1936), Zaccheus Mahabane lekhetlo la bobeli (1937-1940), Alfred Xuma(1940-1949), James Moroka(1949-1952), Albert Luthuli(1952-1967), Oliver Tambo(1967-1991), Nelson Mandela (1991-1997), Thabo Mbeki(1997-2007), Jacob Zuma(2007-2017), Cyril Ramaphosa(2017 ho fihlela kajeno).

ANC e etelletse pele puso ea kopanelo Afrika Borwa le DA, PA, IFP, le SACP.

09/01/2026

Monoang oa selemong sena o bonahala o le motenya ebile o loma ha bohloko ho feta oa lilemo tse fetileng😭😭😭😭

U ne u palama Kamele ka bokae? U tloha hokae u ea hokae?
09/01/2026

U ne u palama Kamele ka bokae? U tloha hokae u ea hokae?

Metebo e meng ea Sepolesa e shebahala joaloka matlo a bolulo a khale! Bona motebo oa Sepolesa Semonkong.
09/01/2026

Metebo e meng ea Sepolesa e shebahala joaloka matlo a bolulo a khale! Bona motebo oa Sepolesa Semonkong.

BA KA MOO THAKALI E FATELANG Bara ba Ndimande ha ba ea le bona ba le tjametse. U tla hopola h**e bona ba babelaelloa ka ...
09/01/2026

BA KA MOO THAKALI E FATELANG

Bara ba Ndimande ha ba ea le bona ba le tjametse. U tla hopola h**e bona ba babelaelloa ka polao ea sebini AKA.

Bara bana ba Ndimande ba ne ba lokela ho hlaha khotla kajeno 'me ba hlahile ka ts'ebeliso ea marang-rang. Bara bana ba Ndimande ba tlositsoe chankaneng ea Westville moo ba neng ba emetse nyeoe ea bona ba le teng, ba isoa chankaneng e ts'ajoang haholo ea Ebongweni High Security Prison.

Babuelli ba bona ba lla sa 'mokotsana ka le reng chankaneng ea Ebongweni Bats'oaruoa ba tsoela kantle nako ea hora fela ka letsatsi, 'me ho hokahana le bona ho thata. Banna bana ba se ba tla hlaha khotla ka Laboraro la la 'Ne Tlhakubele Monongoaha.

Chankaneng eno ea Ebongweni moo ba seng ba koalletsoe teng ho koalloa poho tsa khothu feela, ho koalloa nama tse hlotseng lithipa. AKA o ne a thunyetsoe lefu ka la 10 Hlakola 2023 mmoho le motsoalle oa hae Tebello Tibz Motsoane.

MACHESETSA O KENYETSA MONGOLI OA LEKHOTLA LA TEROPO EA BOTHA BOTHE METSI KA MOELIMoetapele oa Manasi o ne a ile a hlahis...
09/01/2026

MACHESETSA O KENYETSA MONGOLI OA LEKHOTLA LA TEROPO EA BOTHA BOTHE METSI KA MOELI

Moetapele oa Manasi o ne a ile a hlahisa ho marang-rang a hae h**e Mongoli oa Lekhotla la Teropo ea Botha Bothe o sebelisa koloi ea mmuso mabakeng a khoebo ea hae ka lits'enyehelo tsa mmuso. Machesetsa Mofomobe o re Mongoli o sebelisa koloi eo ea mmuso ho lata thepa ea lebenkele la hae Gauteng, Afrika Borwa. Machesetsa o bonts'itse hampe h**e koloi e joalo ea mmuso e ile ea shoella hona Gauteng nakong eo e ileng mabakeng a lebenkele la Mongoli oa Lekhotla la Teropo ea Botha Bothe.

Koloi e tlalehoa e latuoe ka lits'enyehelo tsa mmuso moo Gauteng. Ho utloahala hape ha koloi eo e ts'ela mafura ho feta tsohle kahare ho setereke sa Botha Bothe.

Le ha ho le joalo,ho utloahala ha Phala ea Lekala la Puso ea Libaka le Borena, Monghali Mothusi Ramots'abi a bonts'itse ha a kentse fats'e ho fuputsa ka botebo litaba tsena. Nts'o salla Ramelato ha e fele, kolits'ana li hlomelang li hlomella uena.

MAPOLESA A UTSOETSA LECHAENA, KETANE, MOHALE'S HOEK Litaba tsa Sechaba ke lekoko le metsi. Re fumane tlaleho e nyarosang...
09/01/2026

MAPOLESA A UTSOETSA LECHAENA, KETANE, MOHALE'S HOEK

Litaba tsa Sechaba ke lekoko le metsi. Re fumane tlaleho e nyarosang ka e mong oa Basebeletsi oa khoebo ea Lechaena e Ketane, Mohale's Hoek.

Ka la 29 Pulungoana Ngoahola,ene e le Moqebelo bekeng. Ha e le Moqebelo ho theohela Morekisi le Moqhubi oa teraka ea lebenkeleng moo. Ka hora ea bone mantsiboea, Morekisi o ile a kopa h**e Moqhubi a sale a ntse a rekisa joalokaha a ne a lokela ho ea Kerekeng ea Bosiu sebakeng se hole le moo, 'me Moqhubi a lumela ho sala a ntse a rekisa. Moqhubi o ile a koala lebenkele kamora hora ea bohlano a nto ea ha hae.

Moqhubi ha a qeta ho fihla ha hae o ile a fumana molaetsa oa h**e lebenkele le hlasetsoe 'me a mathela teng ka lebelo la phiri e putsoa. Moqhubi o fihlile lebenkeleng Sechaba se se se bokane ka bongata, ho fihleng hoa hae o ile a lemoha ha lemati le leng le kenang kahare le butsoe hanyane, a nka lejoe a betsetsa monyako. Ha a qeta ho otla lemati ka lejoe, ea kahare o ile a koala, a notlela. Sechaba se ne se ile sa tsebisa Sepolesa, 'me hoa fihla Mapolesa a mabeli.

Sepolesa se ile sa kopa Sechaba ho emella morao. Lepolesa le leng le ile la thunyetsa holimo ha nngoe ho ts'osa masholu kahare. Kahare ene e le banna ba babeli, Lechaena la monna le mosali oa lona. Masholu ana a entse mosebetsi oa bona ba iketlile ba sa potlaka. Ba khakhalile Machaena ana, ba ikhapela chelete le lithunya tsa khoebo tse molaong, 7.65 le pump action.

Masholu a kene ka lebenkeleng ka 18:05 ba tsoa ka 21:30, Mapolesa a mabeli esale a ema kantle ho lebenkele lihora tse tharo kaofela ba emetse h**e Masholu a tsoe. Nakong eo ba tsoang, Mapolesa ao a mabeli a ile a baleha a ea morao. Masholu ha a tsoa ka lebenkele ha a matha, ba itsamaetse hantle ba likela kahare ho muru, ba ile ba thunyetsa holimo ha beli ha ba likela, eaba Mapolesa morao moo a balehetseng teng a thunya ha nngoe.

Mapolesa a ile a kena ka lebenkeleng, a fumana Lechaena le Mosali oa lona ba fasitsoe 'me ba ba fasolla. Ha morao ho ile hoa ts'oaroa Moqhubi oa koloi ea baeti e tsamaelang hona Ketane eaba o tsoa ka tsona.Moqhubi eo ke eena ea neng a le ka lebenkeleng le Mohlankana e mong ea ileng a balehela lebollong kamora ho etsa mosebetsi ona. O bonts'itse ha ba ne ba bitsitsoe ke e mong oa Basebeletsi ba khoebo e joalo, a ba hlaloselitse h**e na ho keneha joang le h**e chelete le lithunya li hokae. Moqhubi o boetse a hlalosa ha kahare ho morero ona ho ne ho akha, Mookameli oa Sepolesa sa Ketane le le CID le leng le Sebetsang Motebong oa Sepolesa oa Ketane.

Mosebeletsi oa lebenkele o ile a fumana M6,500, le CID le Mookameli oa Sepolesa eka ba tsoile ka li M30,000 le Lepolesa le leng la boemo bo fats'e ha morero o qeta ho atleha. E mong o ne a ile a titimela ho ea lebollong hang kamora mosebetsi ona a baleha, 'me ena a ts'oaroa nakong eo a qetang ho ithoka. Mosebeletsi oa lebenkele le eena o ile a ts'oaroa a latoa mosebetsing, le ha ho le joalo ha a ka isoa khotla o lokolotsoe sepoleseng fela ntle le h**e Lechaena le tlaleheloe.

Lechaena le bonts'a le phela ka ts'abo kaha motho ea belaelloang e le ena ea rutuleng masholu ho kena khoebong ea hae a ntse a sasanka hara motse a sa ts'oaroe. Eane ea ileng a ts'oaroa ha a qeta ho ithoka, o ile a fumanoa ka lifono tsa Lechaena, a bua nnete h**e ba entse mosebetsi o joalo. Kakaretso ea Mapolesa a neng a le morerong ona a ne a le mararo.

Se makatsang ke h**e kamora h**e litaba tsena li loele, Mookameli eo oa Sepolesa sa Ketane le le CID le ameha morerong o, ba nyametse joaloka motoho oa ngoan'a 'Malehloa Ketane moo, pelaelo ke h**e mohlomong ba se ba sebetsa nqa e nngoe. Ho setse Lepolesa le le leng la boemo bo tlase. Ho fihlela kajeno, ha hona litlaleho tseo Sepolesa sa Ketane li ile tsa li fa Lechaena lena mabapi le nyeoe eo a e hlahletseng. Ba litlamong ke Lekoloanyane le Moqhubi oa koloi ea baeti.

Lechaena ha le botsa na Mapolesa ao a amehang a kae, le fumane tlaleho ea h**e ho tla emeloa h**e Mochochisi a fane ka taelo ea h**e ba ts'oaroe. Moqhubi oa koloi ea baeti o ts'oeroe a se a rekile bethe le oteropo ka chelete eo ba e utsoelitseng Lechaena.

Ka lebaka la mathata a khokahano ho latela sebaka sa Ketane, mohala oa Sepolesa sa Ketane ha o tholahale ho nka lehlakore la bona. Empa mamati a rona a butsoe.

09/01/2026

Ha hona Motho ea nkileng setumo ho marang-rang kahare ho naha ho feta Dr Ts'epo Lipholo, Morena e Moholo ka 2025.

Address

Maseru

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Lesotho Current Affairs posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share

Category