07/06/2025
BARUTOANA BA LLA SA PHOHOMELA MATELILE
Moipone Molefi (19), Khopotso Mopeli (21) Thalelo Mphofe (18) le morutoana e mong eo re sitiloeng ho ngola mabitso a hae fatše hoba a le tlase lilemong, ba kenang sekolo ho tse ling tse phahameng tikolohong ea Matelile, ba re ba kopa h**e mang kapa mang ea ka ba thusang ka chelete a mpe a etse joalo kaha ba khasa ka har'a likoloto.
Bone bona bo re bo se bo tšaba ho tsamaea ka bolokolohi hobane bo kolota bahoebi ba Ha-Makhakhe mona, hoo ba bang ba seng ba nkile qeto ea ho ba isa lekhotleng.
A bua lebitsong la bona, Mopeli o kopile h**e e mong oa baahi, Sephewe David Maseela, a ba kopele thuso mona, e le ho qoba h**e ba isuoe lekhotleng, moo ba tlang ho fumanoa ba le molato, 'me e be ba ba le letšoao la botloli ba molao.
Ba ipilelitse ho bohle ba ka ratang ho kenya letsoho ho pholosoeng ha bona, ho ka lahela M-pesa, Eco-cash kapa ho isa chelete ka letsoho ho eena Sephewe le linomorong tsena 5920 1798 le 6352 8357.
Bakeng sa lintlha ka botlalo, motho ea ka ratang ho thusa a ka fumana Sephewe Ha-Makhakhe pel'a leloaleng moo a sebeletsang teng, kapa a letsetsa linomoro tseng; 5992 6536
E LE HO ETSA TŠALO-MORAO EA TABA TSENA, RE FUMANE H**E BARUTOANA BANA BA ENTSE LIKOLOTO TSENA HO TLOHA KA TLHAKUBELE, MOO BA NENG BA KOLOTA BA TŠEPISA H**E HANG HA BATSOALI BA QETA HO ROMELA CHELETE, E BE BA TLA E LEFA.
KE MONA MOO MOHOEBI E MONG A ILENG A FELA PELO, 'ME A BA TSEBISA H**E O EO BA QOSA KAHA BA SE BA NA LE BOIKARABELLO HO KA ARABELA MATJALA AO A BONA.
RE BUISANE LE MOHOEBI EA JOALO EA SA KANG A RATA HA MABITSO A HAE A HLAHELLA, 'ME A BONTŠA HA A ILE A NKA QETO EA H**E O EO BA QOSA KAMOR'A H**E A BONE BA SE BA MO NYAMELETSE, 'ME A FETISA MOLAETSA KA BANA BA BANG BA SEKOLO HO ELELLISA BAO KOTSI E BA TLELANG, KE MOO BA ILENG BA MATHELA MONA H**E BA MPE BA HAUHELOE.
POTSONG EA H**E BA KOLOTA BOKAE, BA SITILOE HO FANA KA LINTLHA KA BOTLALO HOBA BA RE CHELETE EO BA E KOLOTANG, MOTHO KA MONG E FETA LEKHOLO, HA MOIPONE A BONTŠITSE EA HAE E FETA MAKHOLO A MARARO.
MOHOEBI ENOA, O RE BATHO BANA NTHO E MO HALEFISITSENG KA HOFETISISA KE HOBANE BAO BA NE BA HANA HO MO FA LINOMORO TSA BATSOALI HO KA BA HLALOSETSA TABA TSENA, BA MPA BA MO BALISA MOO BA BUILENG LE BATSOALI BA BONA, MOO A SE NANG BONNETE BA H**E E FEELA E NE E LE PUISANO EA BONA LE BATSOALI KAPA CHE!