Muckracker

Muckracker News and Media

27/06/2025

'Makatleho Mothibeli ka Mafeteng araba fono kapa u kene inbox ea rona.

08/06/2025

Re ithutile h**e motho ea ka mor'a litaba tsena kaofela ke Monghali Maseela, ea reng o ne a ile a kena khoebisanong 'moho le bone bona, boo qetellong bo ileng ba mo hlanohela, 'me ba re kaha ehlile bo hloleha ho ka lefa, e ka ba bohlale h**e a ngole litaba tsena mona.

Maseela o re bone bona, bo kopile h**e litaba tsena tsa bona li se felle mona, a mpe a manehe lifoto tsa bona lipalong tsa motlakase le ho tsebisa sechaba mofuta oa batho oo ba leng 'ona. Maseela o re nomoro e nepahetseng ea faneng ka eona ke eo a reng e letsetsoe, kaha tseo a faneng ka tsona bakeng sa M-pesa le Eco-cash, li fosahetse, 'me sena o se entse ka boomo.

Tsena kaofela li tiisitsoe ke mofumahatsana Khopotso Mopeli.

07/06/2025

BARUTOANA BA LLA SA PHOHOMELA MATELILE

Moipone Molefi (19), Khopotso Mopeli (21) Thalelo Mphofe (18) le morutoana e mong eo re sitiloeng ho ngola mabitso a hae fatše hoba a le tlase lilemong, ba kenang sekolo ho tse ling tse phahameng tikolohong ea Matelile, ba re ba kopa h**e mang kapa mang ea ka ba thusang ka chelete a mpe a etse joalo kaha ba khasa ka har'a likoloto.

Bone bona bo re bo se bo tšaba ho tsamaea ka bolokolohi hobane bo kolota bahoebi ba Ha-Makhakhe mona, hoo ba bang ba seng ba nkile qeto ea ho ba isa lekhotleng.

A bua lebitsong la bona, Mopeli o kopile h**e e mong oa baahi, Sephewe David Maseela, a ba kopele thuso mona, e le ho qoba h**e ba isuoe lekhotleng, moo ba tlang ho fumanoa ba le molato, 'me e be ba ba le letšoao la botloli ba molao.

Ba ipilelitse ho bohle ba ka ratang ho kenya letsoho ho pholosoeng ha bona, ho ka lahela M-pesa, Eco-cash kapa ho isa chelete ka letsoho ho eena Sephewe le linomorong tsena 5920 1798 le 6352 8357.

Bakeng sa lintlha ka botlalo, motho ea ka ratang ho thusa a ka fumana Sephewe Ha-Makhakhe pel'a leloaleng moo a sebeletsang teng, kapa a letsetsa linomoro tseng; 5992 6536

E LE HO ETSA TŠALO-MORAO EA TABA TSENA, RE FUMANE H**E BARUTOANA BANA BA ENTSE LIKOLOTO TSENA HO TLOHA KA TLHAKUBELE, MOO BA NENG BA KOLOTA BA TŠEPISA H**E HANG HA BATSOALI BA QETA HO ROMELA CHELETE, E BE BA TLA E LEFA.

KE MONA MOO MOHOEBI E MONG A ILENG A FELA PELO, 'ME A BA TSEBISA H**E O EO BA QOSA KAHA BA SE BA NA LE BOIKARABELLO HO KA ARABELA MATJALA AO A BONA.

RE BUISANE LE MOHOEBI EA JOALO EA SA KANG A RATA HA MABITSO A HAE A HLAHELLA, 'ME A BONTŠA HA A ILE A NKA QETO EA H**E O EO BA QOSA KAMOR'A H**E A BONE BA SE BA MO NYAMELETSE, 'ME A FETISA MOLAETSA KA BANA BA BANG BA SEKOLO HO ELELLISA BAO KOTSI E BA TLELANG, KE MOO BA ILENG BA MATHELA MONA H**E BA MPE BA HAUHELOE.

POTSONG EA H**E BA KOLOTA BOKAE, BA SITILOE HO FANA KA LINTLHA KA BOTLALO HOBA BA RE CHELETE EO BA E KOLOTANG, MOTHO KA MONG E FETA LEKHOLO, HA MOIPONE A BONTŠITSE EA HAE E FETA MAKHOLO A MARARO.

MOHOEBI ENOA, O RE BATHO BANA NTHO E MO HALEFISITSENG KA HOFETISISA KE HOBANE BAO BA NE BA HANA HO MO FA LINOMORO TSA BATSOALI HO KA BA HLALOSETSA TABA TSENA, BA MPA BA MO BALISA MOO BA BUILENG LE BATSOALI BA BONA, MOO A SE NANG BONNETE BA H**E E FEELA E NE E LE PUISANO EA BONA LE BATSOALI KAPA CHE!

05/07/2023

PAID ad

Ha-Motjatji, Ha-Thabo, Litjepeletsane, Ha-Motšetšero, Ha-Mosala, Ha-Thobi, Ha-Raliapeng, Ha-Mpapa

Mona ke se ke etsa khoelehetso ho bacha ba lilemong tsa ho khetha, haholo ba Lehlakaneng E04, ho nka bohato ho leka ho fetola boemo ba baka sa bona

Me bua mona ke le mocha ea tšoenyehileng ke bobosi bo se nang molemo sechabeng, bo ichebileng bo-bona le beng ka bona

Joalo kaha rea likhethong tsa "macanslara", ke bua mona ka phatla e phahameng h**e ke tl'o emela likhetho tikolohong ena. 'Me ke ipiletsa ho bohle ba nang le thahasello ho boneng ntlafala tikolohong ea bona ho nkhetha.

Ke bua mona ka maano a boleng bo holimo. 'Me 'ona ke a latelang;

Ho ntlafatsa tikoloho le moruo ka temo ea lifate tsa litholoana

Tsetela temong

Ho felisa bobolu le khethollo phanong ea bosebeletsi

Ho akofisa le ho phethahatsa merero e metle eo 'muso o neng o e ralile

Maana ana ha a fella, empa e le karoloana feela ea 'ona.

Ela hloko h**e ke moiketi ea ilemetseng(Independent) lebitso la ka ke SEPHEWE DAVID MASEELA. LETŠOAO LA KA KE KHARAFU

16/05/2023

SESOSA SA LEFU LA JOKI SEA HLAHELLA

Ho ea ka Motseki Joki ho hlaha lelapeng la bo mofu Ralikonelo Joki,ke likulo tse 7 tse thuntseng Leqhashasha.Likulong tseo tse 7,tse 5 ke tsona tse bakileng h**e ebe Leqhashasha ke mofu kajeno.

A buoa Moaforika FM,Joki o bonts'itse kulo ele ngoe e kene hlohong 'me ho bonahala sethunya se ne se beiloe hlohong ea hae hantle ha a thunngoa holatela botebo ba eona kaha e qhaqhile hlooho ka hare.

Ho feta moo,o re tse peli li ka lehlakorong la letsoho le letona ha tse peli li kene ka lehlakorong la letsoho le lets'ehali

O re tsena tse keneng mahlakorong li hlenhlantse sohle se ka hara 'mele eleng 'mats'oafo,libete mala joalo joalo.

16/05/2023

BAITHUTI BAA KENELOA MATELILE

Morutoana oa se seng sa likolo tse Ha-Makhakhe ea lulang matlong a khiroso o re o seboko ke tšireletseho e fokolang moo a phelang teng.

Morutoana enoa ea etsang Grade9, o re kajeno mantsiboea ha a fihla moo a lulang, u fumane fenstere e pshatliloe ka mohl'omong lejoe, eaba motho ooa kena a inkela mohala oa hae oa thekeng le litsejana.

Ha a bua ka pelo e bohloko, o re mohala ona o ne a qeta le ho o reka, 'me o belaela e ka ba batho ba mo lisang kapa ba pel'a hae e le bona babelaelloa ba mofapa-hlooho. O re o tlalehetse mong'a moaho, 'me o itse o tla etsa ka mokh'o mong.

Ha a menyeletsa maritsa, o bontšitse ha nokoane sena se bile sa phutha lejoe leo se pshatlileng ka lona sa tsamaea ka lona, mohl'omong se tšaba h**e se ka louoa ka lona.

Setšeng sena sa bolulo, barutoana ba bang ba phela le mong'a setša kahare ka ntlong e le 'ngoe, ha ba bang ba phela ka ntlong e ka thoko.

Ho sa le joalo, ha se lekhetlo la pele sebakeng sena ho utsuoa hoba menyenyetsi e re ho na le mohla masholu a ileng a kena, a inkela lijo le tsohle, lehoja ka tsatsi le leng le fapaneng, ba ile ba kena ka tsela e tšoanang, ka bomalimabe ba fumana barutoana bao ka hare, 'me bao ba ba tlaleha, hofihlela ba isoa sepoleseng sa Matelile.

Menyenyetsi e meng e re baahi ba motse o ka holimo ho matlo ana a khiriso, ba ka 'na ba nkha lefotha tabeng ena hoba ke bona ba kileng ba fumanoa

09/05/2023

MOSALI O SHOELA TUMELO MASERU

Setho sa kereke ea New Jerusalem Apostolic Church in Zion, e Setibing Maseru, se noetse koetseng Nokeng ea Makhaleng se qeta ho kolobetsoa sontaha se fitileng.

A buoa Molisa ea Molemo Fm Moareka-Bishopo oa kereke eo, Alexander 'Malei, o itse lehlasipa le ile la thella letlapeng la oela ka koetseng,le ne le qeta ho kolobetsoa le ba bang.

Moareka-Bishopo o itse metsi a ne a le mangata empa o hlotse a ntse a kolobetsa batho mono.

Lehlasipa le tlalehoa e le ngoetsi e ncha e sokang e qeta khoeli tse tharo e le lenyalong, Sepolesa se batlile lehlasipa sa ba sa itlosa.

𝗦𝗢𝗨𝗥𝗖𝗘:𝗠𝗢𝗟𝗜𝗦𝗔 𝗘𝗔 𝗠𝗢𝗟𝗘𝗠𝗢 𝗙𝗠

08/05/2023

LEQHEKOANA LE RUA SETHUNYA MATELILE

Morena oa sebaka oa Matelile, morena Makoanyane, o re o putlame moea joalo ka Mopostola a jele nama ea kolobe ke ketsahalo e hlahileng tlas'a puso ea hae bekenge fetileng

Makoanyane o buile sena kamor'a h**e ho fumanoe sethunya ho e mong oa marena a tlas'a hae, eo e bileng e le motsofe o lilemo li ka holimo ho 80.

Motsofe o bontšitse ha sethunya e le sa makhomosha, seo a se sebelisang ha a le hae mona ho hlaha sekhoeng.

Re tla hopola h**e sesole se ile sa phetla Matelile kamor'a ho thunngoa ho bileng teng bekeng e fetileng tikolohong ena

06/05/2023

MAQHEKU LE MAQHEKOANA HA A TL'O KHOLA LITSIANE TSA BONA KHOELING ENA, BA TLA E KHOLA KHOELING EA PHUPTJANE E LE EA KHOELI TSE PELI❗❗❗

06/05/2023

BANNA BA IKISA SEPOLESENG MATELILE

Sesole sa Lesotho se ile sa tlola matjato a masesane shoalaneng ea Laboraro ho leba 'Maliepetsane le Ha-Koepe moo ho bileng le ho thunngoa le ho bolaoa hoa mosali, ha lehlatsipa le leng le tsoile likotsi.

Ho ea ka letona ofising ea tona-kholo, monghali Limpho Tau, kamor'a h**e ho phuthoe setopo Matelile Ha-Koepe, se ile sa fumana tlaleho ea h**e ho boetse ho thuntsoe batho 'Maliepetsane, moo motho a le mong a ileng a timela, ha e mong a tsoile likotsi.

Mong Tau a re liketsahalo tsena li ile tsa susumetsa h**e ho romeloe lebotho le potlakelang likotsi la sesole, lebotho le felletseng le seroalankhoana hoea etsa liphuputso leho tsomana le babelaelloa.

Ke moo hoseng hoa maobane babelaelloa ba ileng ba inehela sepoleseng le ho nehelana ka lithunya tse peli le mahlaahlela a tsona.

Ha liphuputso li se li ntse li etsoa malapeng a fapaneng 'Maliepetsane ketsahalong ea bobeli ea polao, sesole se ile sa fumana sethunya lelapeng le leng, moo se neng se patuoe lehlabatheng.

06/05/2023

BATHO BA BABELI BA THUNTSOE BA LE TEBELONG EA MOAMANI LE BONA BOSIUNG BA LA 05/05/2023, MOO TENG HO NENG HO LEBETSOE MOFU EA BILENG TENG KA HO THUNNGOA MAKENENG LIKHOELE.

BAKENG SENA, KE MOO MOTHO A NENG A THUNNGOE A TSOA MOSEBETSING AFRIKA BOROA, 'MÉ O N'A BOLOKOA BEKENG ENA

05/05/2023

MONNA O TŠOARELOA BOSHOLU MAFETENG

Thabana Motsoafi, 29, oa Ha-Tobi Thabana-morena, o fumanoe a le molato oa ho utsoa le ho hlaba nku ea moohisane oa hae.

Sepolesa se supa ha moqosuoa a ile a hlaha ka pel'a lekhotla la maseterata Mafeteng, moo a ileng a fua monyetla oa ho itefella M4000, kapa ho hohla lemo tse peli chankaneng.

O ile a hloleha ho lefa, 'me o qalelletse ho hoehla sekoebo sa hae

Address

Makhakhe
Matelile

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Muckracker posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share