22/05/2026
LETSATSI LA BOBELI๐๐
Ntate Josefa Gerard ea Lehlohonolo Morati oa Basotho... U re rapelle
Novena ea Ntate Joseph Gerard ea Lehlohonolo
Letsatsi la Bobeli:
Ntate Gerata Morati oa Maria
Mangolo a Ntate Gerata le libuka tsa hae li tletse lebitso la Maria Movirigo. Ha lerato la 'nete la Molimo le le teng ka pelong ea motho, le lona lerato la Maria ea senang sekoli le tlameha ho ba teng. Lerato la Ntate Gerata ho Maria ke peo e ntle e neng e jaloe ka pelong ea hae ka likhothaletso le mehlala ea batsoali ba hae. Lerato lena ke lona le neng le mo ise kopanong ea Ma-Oblata a Maria ea senang sekoli. Bopaki bo boholo ba lerato la Ntate Gerata ho Maria ke h**e limishone tsa pele tseo a ileng a li hloma Natala le Lesotho o ile a li reha lebitso la 'Marona oa Leholimo.
Thapelo:
Oho Jesu, Morati e moholo oa batho u ile ua kenya lerato le leholo la 'Mao ea ratehang pelong ea Mohlanka oa hao Josefa Gerata, ak'u etse, rea u kopa, h**e le rona, re be le lerato le leholo ho 'Mao ea u pepileng ka lerato le lekaalo, hape a k'u re fumanele ligrasia tseo re ikopelang tsona ka lithapelo tsa hae, h**e khalalelo ea hae e bonoe ke batho bohle 'me lebitso la hae le ngoloe ke kereke lenaneng la Bahalaleli. Re kopa joalo ka Morena oa rona Jesu Kriste. Amen.
Ntata ronaโฆ(hang)
Ahe Maria...(ha leshome)
Letlotlo... (hang)