04/03/2025
BOROKHO LE MOTLAKASE THABA PHATS'OA
04/03/25
Maobane mokhethoa oa lebatooa Thabo Maretlane oile a epela sechaba sa Ha Ramapepe le metse e mabapi pitso ka borokhong ba Fenyane beo esale bo hoholoa ke noka 2021.
Borokho bona bo jarile metse e 15 ka kakaretso
Pitsong ena ke moo mohlomphehi Maretlane aneng a aperoe ke moifo oa linkhekhe tsa Roads Directorate, Principal Secretary ea ministry of Transport le letona la litsela Matjato Moteane ka sebele.
Moifo ona o ne o tlilo fana ka tiisetso ho sechaba h**e selemong Sena sa lichelete borokho bo tlilo lokisoa kaha borokho Bose bo rekiloe ho hlaha ha leseisane mme hoea khoeling ea 'Mesa/Mot'seanong ke moo ts'ebetso e lebelletsoeng ho thakhoha.
Tsela ea Lipetu le eona etla lokisoa le metse e mabapi
Hona ketelong ena ke moo Mongoli e moholo ea lekala la matla mohlomphehi Phapano aileng a fapohela le bahlomphehi mme oile a bont'sa ha a fetela motseng oa Thaba Phats'oa moo teng Alo khakola khokelo ea motlakase ho tloha moo hoea fihla Lipetu
Oile a boela a re o utloile h**e hona le selatsa se saletseng haho hokeloa mmane koano ha Ramapepe mme hang haba phethetse khokelo ea motlakase ho tloha Thaba-phat'soa hoea Lipetu batla menahana le mehlala hotla menyeletsa Maritsa New Stance.
Mokhethoa oa lebatooa Thabo Maretlane hlathe ene lelekisa tsebe kaha taba ea borokho le tsela ea Lipetu ene ese ele tlhoba borokho ho eena mme otla khaleha joaloka lekhabunyane ha joale.
Ka bomalimabe moqolotsi oa Rona ha atleha ho nka lit'soant'so tsa ketsahalo mme rese re itela ho ea ka bang le tsona h**e romella.
Keo taba.