24/12/2025
TONA-KOLO O RAPALATSA TEMA EO 'MUSO O E KHATHILENG SELEMONG SENA, LE HO LAKALETSA BASOTHO MAHLOHONOLO A KERESEMESE LE SELEMO SE SECHA
"Ke thabo le tlotla ho ’na ho bua le lona kajeno, ho arolelana le lona likatleho le liphephetso tseo re kopaneng le tsona boleleleng ba selemo sena, ho kenyeletsa le merero e meholo eo re ikemiselitseng ho e phethahatsa selemong seo re yang ho sona.
Selemong sena, re bone linaha tseo re nang le setsoalle le tsona li fokotsa lithuso. Re bone linaha tse neng li shebana ka litaba ’moho li itšekela thajana, lefatše le arohana, e mong le e mong a batla ho khantša matla a hae (unipolar vs multipolar). Re hlokometse h**e lefatše le haelloa ke khotso le botsitso, ka lebaka la lintoa tse hanang ho fela (geopolitical wars), ’me lintoa tsena li amme mekhoa ea khoebo le khoebisano lipakeng tsa linaha (trade wars). Leha ho le joalo, ’Muso o ile oa itlhotlhora lerole, oa phahama, oa lokisa maano le tsela eo o shebang le ho tšoara litaba ka eona.
Selemong sena, re atlehile ho fetisa Sehlomathiso sa Leshome sa Molao oa Motheo (10th Amendment to the Constitution). Sehlomathiso sena se butse mamati a ho kenya tšebetsong melao le maano a mangata a reretsoeng ho fetola naha ea rona ho ea ho “Lesotho leo re le labalabelang bohle.”
Re ile ra thaba le ho ba motlotlo ha ’Moka oa SADC o thoholetsa Lesotho ka khatelo-pele litabeng tsa tlhopho-bocha, tšireletso le tšireletseho. Sena se thusitse h**e Lesotho le tlohe melomong ea SADC ka litaba tse bosula.
Sechaba sa heso, re matlafalitse likamano le maqhama le linaha tse nang le setsoalle le Lesotho. Baemeli ba linaha tseo ba ile ba etela naha ea rona ka bongata ho nchafatsa setsoalle le tšebelisano ’moho. Re boetse ra theha setsoalle se secha le linaha tsa Bhutan, Armenia le tse ling.
Re ile ra tšoara ’Moka tlasa Selekane sa Bi-National Commission (BNC) le Afrika Boroa, moo re ileng ra tekenela litumellano tse tšeletseng (6) tsa tšebetso le tšebelisano ’moho. Re boetse ra phethela boithuto ba moralo oa ho nolofatsa motsamao lipakeng tsa Lesotho le Afrika Boroa (Pan-African Migration Model), oo ts’ebetso ea ona e tla qala ha mebuso e se e lumellane. Re ile ra amohela Mopresidente oa Botswana, moo re ileng ra boela ra tekenela Selekane sa BNC se amanang le phepelo ea metsi ho Botswana.
Sechaba sa heso, phephetso e kholo e ntseng e re tobetse ke tlhokohalo ea mesebetsi, haholo-holo ho bacha. Ka lebaka leo, ’Muso o phatlalalitse boemo ba tlokotsi mabapi le tlhokohalo ea mesebetsi ho bacha. Ke ile ka tšoara ’Moka oa National Youth Dialogue ka Phuptjane, ’me ka ts’episa ho matlafatsa mananeo a latelang: Sebabatso, National Volunteer Corps, le Youth Apprenticeship Programme (YAP).
Mananeo ana a ntse a tsoelapele ho hlahisetsa bacha mesebetsi le koetliso makaleng a ’Muso le litsing tse ikemetseng, hammoho le ho holisa likhoebo tlasa morero oa Competitiveness and Financial Inclusion (CAFI) ka BEDCO. ’Muso o ile oa boela oa abeloa ke Paramente chelete e ka bang M400 million, e reretsoeng ho holisa moruo ka ho theha le ho matlafatsa likhoebo, haholo-holo tsa bacha le basali. Chelete ena e fumaneha Post Bank le FNB, ha libanka tse ling le tsona li ntse li tsoela pele ho thusa Basotho.
’Muso o boetse o tekenne tumellano le Post Bank ea M200 million ho tšehetsa lihoai ka mechini ea temo e kang literekere, mehoma le liplantere. Re atameleng libanka, Basotho ba heso, re sebelise litšebeletso tsena ho ntlafatsa bophelo ba rona le ho phahamisa moruo oa naha. Bekeng e fetileng, re ile ra amohela mechini e meholo ea temo e tsoang China, e tla thusa ho bokella le ho lokisa chai ka mokhoa o bolokehileng bakeng sa limmaraka tsa lehae le tsa kantle ho naha.
Basotho ba heso, ’Muso o phatlalalitse kaho ea meaho ea thuto likolong tsa mathomo tse 52 naha ka bophara. Letlole la Lihlapiso (NMDS) le ntse le matlafatsa pokello ea lichelete le ho tšehetsa lithuto tse hlahisang mesebetsi. Selemong sena, baithuti ba 20,500 ba abetsoe lihlapiso, ’me M28 million ea mekoloto e bokelletsoe ho ba seng ba phethetse lithuto. Re amohetse lihlapiso tse 109 ho tsoa linaheng le mekhatlong ea machaba e nang le setsoalle le Lesotho.
Bo Ntate le Bo ’Mè, ’Muso o thehile Emergency Medical Services, Lesotho Medicines Authority le Cannabis Regulatory Board. Re se re qalile kaho ea sepetlele sa kalafo ea mofetše (Cancer Radiotherapy Hospital). Re boetse re fihletse katleho e kholo ka ho theola sekhahla sa mafu a amanang le HIV le AIDS.
’Muso o entse nalane ka ho atametsa litšebeletso tsa molao ka ofisi ea Legal Aid literekeng tsa Qacha’s Nek, Thaba-Tseka, Mokhotlong le Leribe. Basotho ba heso, sebelisang litšebeletso tsena kaha li etselitsoe lona.
Sepheo sa ’Muso ke h**e ka selemo sa 2030, Mosotho e mong le e mong a hokeloe motlakase. Selemong sena feela, malapa a 4,208 a se a hoketsoe motlakase. Re ntse re lokisa boemafofane ba naha, re kenya mabone litseleng, re haha litsela le marokho, le ho ntlafatsa boemelo ba makoloi a baeti literekeng tse fapaneng.
Re atlehile ho atolosa marang-rang Quthing le Mafeteng, le ho eketsa 96 km ea fiber cable Thaba-Tseka. Bacha ba bangata ba se ba fumane mesebetsi tlasa Community Digital Inclusion Model, moo ba rutang sechaba tšebeliso ea mehala le likhomphutha.
Sechaba sa heso, leha liphephetso li ntse li le teng, ’Muso o ikemiselitse ho loantša bobolu, ho tšehetsa bo-rakhoebo, ho fenya tlala le bofuma, le ho fumana mebaraka e mecha ea lihlahisoa tsa Lesotho. Re tla tsoela pele ka merero ea Millennium Challenge Corporation (MCC) ho matlafatsa temo, khoebo, thuto, tlhokomelo ea ba nang le bokoa le tšireletso ea sechaba.
Basotho ba heso, ke le hopotsa ho ipaballa mebileng, ho qoba tai, lintoa, litlolo tsa molao le lipolaeano. Ke le lakaletsa khotso, bophelo bo botle, thabo le monyaka ha re keteka tsoalo ea Morena oa rona Jesu Kreste.
A re khutleng ka matla a macha selemong se tlang, re ikemiselitse ho kenya letsoho ho ntlafatsa naha ea rona ea Lesotho.
"Ke ea leboha sechaba sa heso."
KHOTSO! P**A! NALA!
Photo by Les Gov