Thahameso news and media

Thahameso news and media This page is about transparency nothing more, we are behind you on every step you take.

08/10/2025

Menyenyetsi e supa h**e bakuli ha ba thusoe Mabote Filter Clinic hobane metsi a felile ebile baoki ha ba tsebe a tlo khutla neng.

Ekare le li toilet bakuli haba kene hobane a felile.

Lebaka le etsang ebe plastic ese patalloa ha motho a qeta ho reka grocery ke le fe?Haeba ho thoe ho lekoa ho boloka tiko...
19/09/2025

Lebaka le etsang ebe plastic ese patalloa ha motho a qeta ho reka grocery ke le fe?

Haeba ho thoe ho lekoa ho boloka tikoloho, elore ha e patalletsoe etla bolokeha ebe haesa patalloa ea sulafala🤣🤣🤣🤣🤣.

Thepa boholo ba eona e phutheloa ka plastic and hake utloisisi hobaneng etlameha hoba boikarabello ba moreki ho bona h**e plastic ha e sulafatse tikoloho.

05/09/2025

Ebile u timme mollo, leha kele hole tjena ke sena bo nnete ha h**e litima mollo li fihlile.

05/09/2025

Holima thaba tlasa paramenteng ea Lesotho hona mollo u ntseng u tuka.

TSEBISOS E POTLAKILENG Ofisi e sebetsanang le Bosholu ba Boqhekanyetsi le Bomenemene, Ntlo-Kholo ea Sepolesa Maseru, e k...
14/08/2025

TSEBISOS E POTLAKILENG

Ofisi e sebetsanang le Bosholu ba Boqhekanyetsi le Bomenemene, Ntlo-Kholo ea Sepolesa Maseru, e kopa thuso ho lona sechaba sa morena Moshoeshoe ho fana ka leseli le ka lebisang h**e monna enoa a tšoaroe; a tsebe ho tla thusa sepolesa ka lipatlisiso.

O belaelloa a qhekanyelitse motho chelete e hakanyetsoang ho M280, 000.00, lipakeng tsa Mphalane 2024 le Tlhakubele 2025, a ikhakantse ka h**e ke mohoebi.

O boetse a baleha litlamong tsa sepolesa ka la Pele Phato Monongoana. Mang kapa mang ea ka mo bonang, a tlalehele sepolesa se haufinyane kapa ho letsetsa linomong tse fanoeng.

Re tla leboha thuso ea lona sechaba.

Bokang inehele sepoleseng se haufinyane, o tsebe ho tla thusa sepolesa sa heno ka lipatlisiso; litaba li fete.

Haeba pampiri ena ke eona ea lekala la transport, litaba tsa lona ke tsena batho ba neng ba entse kopo ea li d permit Ja...
11/08/2025

Haeba pampiri ena ke eona ea lekala la transport, litaba tsa lona ke tsena batho ba neng ba entse kopo ea li d permit January koana.

Sports news
10/08/2025

Sports news

The U.S. Embassy in Maseru is seeking qualified vendors to supply low-voltage diesel standby generators. Interested supp...
08/08/2025

The U.S. Embassy in Maseru is seeking qualified vendors to supply low-voltage diesel standby generators. Interested suppliers are invited to a pre-quotation conference at the Embassy on Tuesday, August 19, 2025, at 9:00 AM. To attend, RSVP by August 15 via [email protected]. All proposals must be submitted in English by 11:59 PM on August 30, 2025, late or incomplete submissions will not be considered.

07/08/2025
Position: EC DriverCompany: TJ GroupJob Details:- Delivering goods to various locations- Ensuring timely and safe delive...
07/08/2025

Position: EC Driver
Company: TJ Group

Job Details:
- Delivering goods to various locations
- Ensuring timely and safe delivery of products
- Maintaining the cleanliness and organization of the delivery vehicle
- Following all traffic laws and safety regulations

Job Requirements:
- Valid EC driver's license
- Clean driving record
- Good knowledge of local roads and routes
- Ability to lift and carry heavy items
- Excellent communication and customer service skills

To apply or inquire about the position, send your resume to [email protected]

Deadline is today 5pm

07/08/2025

Hahona motho eatlo u batlela mosebetsi hobane haba batle ho bona katleho ea hau, wena tsoha u iketsetse.

Setsoalle sa nnete se felile hobane kaofela re batla hoba barui empa resa thusane, batsoalle ba hau ba bona competition ho wena that's why basa u thuseng.

Khotso ha e ate!MID-DAY WEATHER UPDATE (06-08-2025)Tlhokomeliso : Ho na le monyetla oa ho khetheha hoa lehloa ho tloha k...
06/08/2025

Khotso ha e ate!
MID-DAY WEATHER UPDATE (06-08-2025)

Tlhokomeliso : Ho na le monyetla oa ho khetheha hoa lehloa ho tloha kajeno, Laboraro la la 06 Phato 2025 ho isa hoseng hoa hosane, Labone la la 07 Phato, 2025 libakeng tse phahameng.

TLHALOSO EA MAEMO A LEHOLIMO
Kajeno (06/08/2025): Le koahetse boholo ba libaka, ho pholile ho isa ho bata, empa ho bata haholo libakeng tse ling ka maloting ka moea o fokang o le bobebe ho isa o eba mahareng ho hlaha leboea-bophirima ‘me o ka foka ka matla ka linako tse ling. Ho na le monyetla (40%) oa p**a e itjalileng le monyetla oa ho khetheha hoa lehloa libakeng tse phahameng. Ho ka lebelloa h**e le koahele ka ho khetha libaka ho isa le sibathela bosiu, ‘me ho bate ho isa ho bata haholo, ka moea o fokang o le bobebe ho isa o eba mahareng ho hlaha boroa-bophirima.

Hosane (07/08/2025): Ho ka lebelloa h**e le koahele ka ho khetha libaka, ho phole ho isa ho bata, empa ho bate haholo libakeng tse ling ka maloting. Moea o ka lebelloa ho foka o le bobebe le mahareng ho hlaha boroa-bochabela. Ho na le monyetla (20%) oa mafafatsane mona le mane le khonahalo e fokolang ea ho khetheha hoa lehloa haholo-holo hoseng.

Ha re itlhokomeleng Basotho Ba Heso!
LIKHOMO!!!

Address

Khubetswana
Sea Point

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Thahameso news and media posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Contact The Business

Send a message to Thahameso news and media:

Share