23/06/2022
KATSE HA EEO TALI E EA NYANYAKA!
Letsatsi feela, tonakholo Majoro a sihile motlatsi oa hae: mohlomphehi Mokhothu ele tonakholo ea botsoareli, o fetotse sefofane sa sesole kerebae ea malaeneng oea holimo letlase ka sona ho phetha mabaka a hae.
Leha hole joalo, seroalankhoana sena,sene se lokela ho isetsa maqheku le maqhekoana chelete seterekeng sa Qacha moo metsofe e ileng ea khutla e phuthile matsoho basa khola ka lebaka la h**e motlatsi oa tonakholi one a nkile sefonane sa sesole seo se neng se lokela ho isa chelete ea metsofe. Thlaloso hotsoa setsing.
Joalo kaha eka ha hoa lekana, motlatsi oa tonakholo o bohanala a fetotse likoloi ea tsa muso likoloi tsa nkukele boliseng ba hae ele tonakholo e tsoereng mokobobo.
Sheba koloi e berellisitsoeng lilamuni setsoantsong.
Mohlomphehi, o boetse o sebelisa likoloi tsa sechaba ho kakasa leho kanyapa mapotoana hoea libokeng le likipa tsa lekhotla la bona. Sheba lintsoatso tsa balateli moo ba thamotseng leho ikotlolla holima likoloi tsa sechaba ba bile ba ntsitse linomoro polata.
Mmali ose atla iketsetsa qeto ka puso eka etelloang pele ke mohlomphehi naa ebe e tlaba puso e joang likhafeng tsa sechaba.